Pesaleme
Puso e Lokileng e Bolela’ng ho Uena?
PUSO e neng e ka khetholloa ka kameho e mafolo-folo bakeng sa bafo bohle ba eona e ka ba e lakatsehang hakaakang! Haeba bofuma, khatello le ho hloka toka li ka tlosoa, hona ruri ho ne ho tla bolela topollo e khathollang bakeng sa baahi ba lefatše.
Pesalemeng ea 72, eo ka ho totobetseng e ngotsoeng ke Davida (temana 20), re fumana ho hlalosoa puso e tla finyella sena. Ke ’muso oa Molimo ka Jesu Kreste. Khanya e tlang pele ea puso ena e ile ea lokisetsoa ke puso ea khotso le nala ea Morena Salomone nakong ea ha a sa lutse e le mohlanka ea tšepahalang oa Jehova Molimo. Se supela pele phethahatsong ea pele, sehlooho sa Pesalame ea 72 se re, “Pesaleme ea Salomone.”
Temana ea pele e senola hore puso e lokileng e ke ke ea e-ba teng ntle ho metheo ea ka ho sa feleng ea toka ea bomolimo. Rea bala: “Oho, Molimo, u nee morena likahlolo tsa hao, ho loka ha hao ho fuoe mor’a morena.” (Pes. 72:1) Mantsoe ana a thea boipiletso bo rapelang hore morena, ha a etsa liqeto, a bontše likahlolelo tsa Jehova. Ho feta moo, ho loka ho khethollang Molimo oa ’nete ho lokela hore hape e be tlotla ho mor’a morena.
Mantsoe “mor’a morena” a nyalana le Salomone le Jesu Kreste. Salomone e ne e le mora oa Morena Davida, ha Jesu e le Mora oa Morena e moholo Jehova Molimo. (Esa. 33:22) Ka Salomone, bafo ba hae ba ile ba hlokomela “hobane kelello ea Molimo e ho eena, hore a tsebe ho ahlola.” (1 Mar. 3:28) ’Me Jesu Kreste o itse: “Ke sitoa ho etsa letho ke ’notši; ke ahlola kamoo ke utloang kateng, ’me kahlolo ea ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratoang ke ’na, ke mpa ke batla ho ratoang ke Ntate ea nthomileng.”—Joh. 5:30.
Koana, hore ho loka ho anele, batho bohle ba lokela ho fumana liphello tsa toka e sa eeng ka tšobotsi. Pesaleme e tsoela pele: “O tla ahlola sechaba sa hao [Molimo] ka ho loka, le mafutsana a hao ka bokhabane. Lithaba li tla tlisetsa sechaba khotso, le ’ona maralla ka baka la ho loka ha hae. O tla ahlolela ba malimabe ba sechaba, a thuse [ho lopolla khatellong] bana ba ea lesitsi, ’me a hatakele batubi.” (Pes. 72:2-4) Ha bohle ba etsoa ka toka ho se khethollo, ho akarelletsa ba malimabe le bafumanehi le bana ba bona, phello ke khotso le tšireletseho. Joale ha ho ea tla phela a tšohile ho tlatlapuoa kapa ho amohuoa litokelo tsa hae. Ka lithaba le maralla tse tletseng lefatšeng ‘ho tlisetsa batho khotso’ ho tla bolela hore khotso e joalo e tla tlala naha kaofela. Ho joalokaha linōkana le linōka tse nang le mehloli maralleng le lithabeng li isa metsi a fanang ka bophelo lithoteng le likhohlong. Ba atisang ho hlokofatsoa ke puso e silafetseng ba tla thabela, tšireletseho, kaha batho bohle ba hatellang le ba tubang ba tla ‘hatakeloa,’ ba otloe kapa ba etsoe ka toka.
Puso e joalo ea ho loka e tla tlisetsa Jehova Molimo hlompho e khōlō. Joaloka mopesaleme a re: “U tla tšajoa, letsatsi le khoeli ha li sa khanya, melokong le melokong.” (Pes. 72:5) kaha morena o bontša likahlolelo tsa Jehova, bafo ba tla ba le tšabo e molemo bakeng sa Ea Holimo-limo. Tšabo ena e tla lula e le teng ha letsatsi le khoeli li sa le teng, melokong le melokong. Ha, ka mohlala, Salomone a ne a ahlola nyeoe ea liotsoa tse peli, batho, ha ba bona bopaki ba bohlale ba bomolimo bo sebetsa, ba ile ‘ba tšaba.’ (1 Mar. 3:28) Hape ho ke ho hlokomeloe hore mehlolo e ileng ea etsoa ke Jesu Kreste ha a le lefatšeng e ile ea tlatsa batho ba bangata tšabo e molemo ’me ea ba susumelletsa ho roka Jehova Molimo.—Matt. 9:8; Luka 7:16.
Phello e khathollang ea puso e lokileng e hlalosoa ka mokhoa o latelang: “O tla theoha, a be joale ka pula holim’a makhulo, joale ka melupe e kolobisang mobu. Mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng. O tla busa ho nka leoatleng le leng ho isa leoatleng le leng, le ho nka nōkeng ho isa lipheletsong tsa lefatše.” (Pes. 72:6-8) Puso e lokileng ea morena e tla ba e khathollang joaloka pula e ngata e hlokahalang hore joang bo mele. Ka baka la khotso le tšireletseho tse teng, batho ba lokileng ba ka “atleha,” ke hore, ba e-ba naleng kapa ba ata. Kapele khoeli e ka feta ho e-na le hore khotso e fele tlas’a puso ena e lokileng.—Bapisa Mattheu 5:18.
Ke ho hlokomelahang hore puso ea Salomone e ne e e-na le khotso e fetisisang. Bibele e-ea tlaleha: “E ne e le khotso ka nqa tsohle. Ba-Juda le ba-Iseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba lutse ba iketlile, e mong le e mong tlas’a morara oa hae le tlas’a feiga ea hae, ka matsatsi ’ohle a Salomone.” (1 Mar. 4:24, 25) Tlas’a puso ea Jesu Kreste, “Morena oa khotso,” re ka ba ra lebella phethahatso e kholoanyane ea mantsoe a mopesaleme.—Esa. 9:6.
’Muso oa Salomone o ne o tloha Leoatleng le Lefubelu ho ea Leoatleng la Mediterranean, le ho tloha Nokeng ea Eufrate ho isa naheng e ka boroa le ka bophirimela. (Bapisa Exoda 23:31.) Empa Jesu Kreste o tla busa holim’a lefatše lohle.—Zak. 9:9, 10; bapisa Daniele 2:34, 35, 44, 45; Mattheu 21:4-9; Johanne 12:12-16.
Ka batho ba tla tla tlas’a borena ba morena, Pesaleme ea 72 e re: “Baahi ba lefeella ba tla khumama pel’a hae, bao e leng lira ho eena ba nyeke lerōle; marena a Tarshishe le a lihleke-hleke a tla ntša lineo, marena a Seba le a Saba a tlise linyehelo, marena kaofela a tla khumama pel’a hae, lichaba tsohle li mo sebeletse.” (Litem. 9-11) Mantsoe aa a supa eng? Baahi ba litente ba lefeella ba ahileng ka bochabela ho naha ea Iseraele ba ne ba tla ikokobeletsa morena enoa. Lira tsa hae ka boikokobetso li mo khumamele, ka lifahleho tsa bona li ama mobu. Lekhetho le ne le tla mo tlela le e-tsoa hole le ka bophara. U ka ’na ua bala ho Marena a Pele 10:22-25 hore na pesaleme e ile ea phethahatsoa ho fella kae mehleng ea puso ea Salomone.
Leha ho le joalo, ha ho bapisoa le puso ea Jesu Kreste, ’muso le khanya tsa Salomone e ke ke ea e-ba letho. Ha se feela hore Mora oa Molimo o fumana puso holim’a lefatše kaofela, empa le oona mangeloi a leholimo a mo nka e le morena oa oona.—Ba-Fil. 2:9, 10; Ba-Heb. 1:3-9; 2:5-9.
Boholo ba ’muso oa morena ha bo bolele hore a ke ke a ba le sebaka sa ho hlokomela se hlokoang ke bafo ba hae ka bomong. Bohle ba ne ba lokela ho iphihlisa ho eena le ho ameha ka ho teba ka bona. Litemana 12 ho ea ho 14 tsa Pesaleme ea 72 lia re bolella: “Hobane o tla boloka ea lesitsi ha a hoa, le ea malimabe ea hlokang mothusi; o tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi; o tla ba loela bohorohosong le botubong, mali a bona e be ntho e hlokoang mahlong a hae.”
E, le eena mofo ea tlase-tlase a ka buisana le morena enoa, ’me o tla phallela bohle ba hlokang ho thusoa. O tla hauhela bafumanehi le ba hlokang, a ba lopolla phosong eo ba e etsetsoang. Ho eena, mali, a emelang bophelo ba motho, e tla ba a bohlokoa haholo, ha se ntho e ka tšolloang feela ntle ho lebaka la ’nete. Pusong ea Salomone, bafo ba ne ba e-na le hona ho atamela teroneng bakeng sa kahlolo. Hona ho hlakisoa ke hore liotsoa tse peli li tsebile ho tla ka pel’a hae ka nyeoe ea tsona, ’me tsa utloa ha ho lihuoa kahlolo e lokileng hona tsatsing leo. (1 Mar. 3:16-27) O ne a fapane hakaakang le marena a Persia a moraonyana! Le eena mofumahali o ne a ke ke a tla a sa mengoa ho monna oa hae ntle ho ho bea bophelo ba hae kotsing. (Esthere 4:11) Lefatšeng, ea moholo ho Salomone, Jesu Kreste, nako le nako o ne a bontša kameho ea hae e sebetsang bakeng sa batho. Ha a bona bongata, a bo “utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe, joale ka linku tse se nang molisa.” (Matt. 9:36) E, o bile a tella batho bophelo ba hae.—Matt. 20:28.
Ka morena ea joalo joaloka ea hlalositsoeng ke mopesaleme, ke ho loketseng ho hoa: ‘Ha ho phele morena!’ O tšoanela ho fumana lekhetho ’me, lebitsong la morena ea joalo, ho lokela hore ho neeloe lithapelo. O tla be a lokeloa ke tlhohonolofatso e seng thohako. Mehopolo ena e hatisoa temaneng ea 15 ea Pesaleme ea 72: “Ba tla ’ne ba phele, ba mo nee ligauda tsa Seba, ba mo rapelle ka linako tsohle, ba ’ne ba ’moke ka mehla.”
Re ka sebetsa joang tumellanong le moea oa Pesaleme ea 72:15 ho Jesu Kreste? Hona ho etsoa ka ho ikokobeletsa eena ka botšepehi, ‘re bolela pontšeng hore ke Morena tlotlisong ea Molimo Ntate.’ (Ba-Fil. 2:11) Hlokomela kamoo boikutlo ba Pesaleme ea 72:15 bo lumellanang le mantsoe a latelang a Tšenolo 5:13, 14: “’Me ka utloa libopuoa tsohle tse leholimong, le tse lefatšeng, le tse ka tlase ho lefatše [bafu ba tla tsosoa], le tse leoatleng, le tse ho tsona kaofela, li re: Ho [Jehova Molimo] ea lutseng teroneng le ho Konyana [Jesu Kreste], e be teboho, le hlompho, le khanya, le matla, mehleng le mehla! ’Me libopuoa tse phelang tse ’ne [likerubime] tsa re: ‘Amen! ’Me baholo ba oa ka lifahleho tsa bona, ba rapela.”
E hlalosa nala e tla tsamaea le puso e lokileng, Pesaleme ea 72 e tsoela pele: “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase joale ka merokoli e lumang Lebanone; batho ba tla atleha metseng joale ka limela tsa naha.”—Tem. 16.
Ba lokolohile tlatlapong ea ntoa le ho se sireletsehe ho tlisoang ke khatello le ho hloka toka, bafo ba ka phehella temo ka khotso. Ka tlhohonolofatso ea Molimo, naha e tla bea haholo. Ho tla ba joalokaha eka lijothollo li mela mesikong ea lithaba, ho nyolosa ho ea fihla litlhorong. Kaha litlhoro tsa lithaba hangata hase libaka bakeng sa hore lijo-thollo li mele ka bongata, mantsoe “holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase” a fana ka setšoantšo se setle sa kamoo nala e tlang ho ba khōlō kateng. Chai e tla atleha joaloka Lebanone, e, joaloka likedare tse khōlō tsa Lebanone tse enneng khōlōng ea tsona. Hona ho ka ’na ha supa hore mahlaka a tšoereng lijo a ka ’na a e-ba malelele a e-ba matenya, a tseba ho tšoara lihlooho tse khōlō tsa mabele. Le bona baahi ba motse ba tla atleha, ba e-ba bangata joaloka limela. Hona ho ile ha ipaka e le ’nete pusong ea Salomone, hobane rea bala: “Ba-Juda le ba-Iseraele ba ne ba le bangata, joale ka lehlabathe le lebopong la leoatle, ba e-ja, ba e-noa, ba nyakalla.” (1 Mar. 4:20) Maemo a bileng a leng molemo haholoanyane a tla ba teng ‘lefatšeng le lecha’ tlas’a puso ea Jesu Kreste.
Kannete, puso e lokileng le mahlohonolo a tlang ho tsamaea le eona a lokela ho tsosa teboho e khōlō, kananelo e kang e hlalosoang ho Pesaleme ea 72:17: “Lebitso la hae le ke le la fela, letsatsi ha le sa ntse le khanya, lebitso la hae le tla hloleha, batho ba hlohonolofatsane ka lona; lichaba tsohle li tla le holisa.” Lebitso la morena ea busang ka ho loka le lokeloa ke ho tsoela pele ka mehla le mehla. Tabeng ea Salomone, mantsoe a mopesaleme a bolela takatso ea hore lesika la hae la borena le ka tsoela pele le ho atleha. Hore lebitso ‘le hlolehe’ ho ne ho tla supa hore bana ba morena ba ntšetse lesika la borena pele. ’Me hore batho ba hlohonolofatsane ka lona lebitso la morena ho ne ho tla bolela ho mo bolela ha ba lakaletsana mahlohonolo. Hore lichaba tse ling batho ba tsona ba ile ba bolela Salomone e le ea lehlohonolo ho totobala ka lipolelo tse ileng tsa etsoa ke mofumahali oa Sheba: “Ba lehlohonolo, batho ba hao, ba lehlohonolo, bahlanka ba hao, ba hlolang ba eme pel’a hao, ba utloang bohlale ba hao!”—1 Mar. 10:8.
Mantsoe a mopesaleme a phethahatsoa haholo ho Jesu Kreste eo Jehova Molimo a mo neang “lebitso le holim’a mabitso ’ohle.” (Ba-Fil. 2:9) E le Mora ea sa boleng oa Molimo, ha a hloke bahlahlami. Kaha o na le matla a neang bophelo, a ka khutlisetsa bafu bophelong ’me kahoo ea e-ba ntate oa limillione tse ngata. (Esa. 9:6, 7; Joh. 5:26, 28; 1 Tim. 6:15, 16) Hoo ho tla bolela keketso e kaakang bakeng sa lebitso la hae! E le ‘peo ea Abrahama’ e ka sehloohong, ke eo ka eena ‘lichaba tsohle tsa lefatše li tlang ho itlhohonolofatsa.’—Gen. 22:18.
Puso e lokileng ea Mora oa Molimo e tla ba e lakatsehang hakaakang! Mofumahali oa Sheba o itse ho Salomone: “Ha ho bokoe Jehova, Molimo oa hao, ea khahliloeng ke uena hore a u bee teroneng ea Iseraele! Ereka ha Jehova a rata Iseraele ka mehla.” (1 Mar. 10:9) E se eka le rōna ka mokhoa o tšoanang re ka roka Jehova ka ho khetha Mora oa hae hore e be eena morena, re nka mantsoe a mopesaleme: “Ho rorisoe Jehova Molimo, Molimo oa Iseraele, ea etsang lintho tse makatsang a inotši! Ho bokoe lebitso la hae le khanyang ka ho sa feleng; lefatše lohle le ke le tlale khanya ea hae! Amen! e, Amen!”—Pes. 72:18, 19.