Lefu
Tlhaloso: Ho khaotsa hoa tšebetso eohle ea bophelo. Hoba ho phefumoloha, ho otla hoa pelo le tšebetso ea boko li emise, butle-butle matla a bophelo a tlohela ho sebetsa liseleng tsa ’mele. Lefu ke ho se phele.
Na Molimo o bōpetse motho hore a shoe?
Ho fapana le moo, Jehova a lemosa Adama ka ho se utloe, ho neng ho tla isa lefung. (Gen. 2:17) Hamorao, Molimo oa lemosa Iseraele ka boitšoaro bo neng bo tla ba bolaea le pele ho nako. (Ezek. 18:31) Kamor’a nako a romela Mora oa hae ho shoa molemong oa batho e le hore ba neng ba tla lumela tokisetsong ena ba ka thabela bophelo bo sa feleng.—Joh. 3:16, 36.
Pesaleme ea 90:10 e re nako e tloaelehileng eo motho a e phelang ke lilemo tse 70 kapa 80. E ne e le ’nete ha Moshe a e ngola, empa ho ne ho se joalo tšimolohong. (Bapisa Genese 5:3-32.) Ba-Heberu 9:27 e re, “Ho laetsoe hoba batho bohle ba shoe hang.” Hona le hona, e ne e le ’nete ha ho ngoloa. Empa ho ne ho se joalo pele Molimo o ahlola Adama oa moetsalibe.
Ke hobane’ng ha re tsofala ’me re e-shoa?
Jehova o bōpile batho ba babeli ba pele ba phethahetse, ba lebelletse ho phela ka ho sa feleng. Ba ne ba neiloe ho ikhethela ka bolokolohi. Na ba ne ba tla utloa ’Mōpi oa bona ka ho mo rata le ho ananela sohle seo a ba etselitseng sona? Ho ne ho le matleng a bona ka ho feletseng ho etsa joalo. Molimo oa re ho Adama: “Ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” Satane, a bua ka noha ho eka Eva hore a tlōle taelo ea Jehova. Adama ha a ka a nyatsa mosali oa hae empa a ikopanya le eena ho ja tholoana eo e hanetsoeng. Jehova, ha a netefatsa mantsoe a hae, a ahlolela Adama lefu, empa pele a phethahatsa kahlolo ho bana ba babeli ba sitiloeng, ka mohau Jehova a ba lumella hore ba be le bana.—Gen. 2:17; 3:1-19; 5:3-5; bapisa Deuteronoma 32:4 le Tšenolo 12:9.
Ba-Roma 5:12, 17, 19: ‘Sebe se kene lefatšeng ka motho [Adama] a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle. ’Me ka baka la ho tlōla ha motho a le mong lefu le busitse, ba bangata ba beiloe baetsalibe ka ho se utloe ha motho a le mong.’
1 Ba-Kor. 15:22: ‘Bohle ba shoa ka Adama.’
Bona le sehlooho se seholo “Phello e sa Qojoeng.”
Ke hobane’ng ha masea a e-shoa?
Pes. 51:5, JB: “U-ua tseba ke tsoetsoe ke le molato, moetsalibe ho tloha motsotsong oa kemolo.” (Bona le Jobo 14:4; Genese 8:21.)
Ba-Roma 3:23; 6:23: “Bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo. . . . moputso oa sebe ke lefu.”
Molimo ha o “nke” bana ho batsoali ba bona, joalokaha ba bang ba ’nile ba bolelloa. Le hoja lefatše le bea lijo tse ngata, likarolo tsa boithati tsa lipolotiki le tsa khoebo li atisa ho sitisa kabo ea tsona hore li fihle ho ba hlokang haholo, ho fellang ka lefu le tsoaloang ke phepo e mpe. Bana ba bang ba shoa likotsing, joaloka batho ba baholo. Empa bohle re futsitse sebe; bohle ha rea phethahala. Re tsoaletsoe tsamaisong eo ho eona e mong le e mong, e motle le e mobe, ba qetellang ba shoele. (Moek. 9:5) Empa Jehova o ‘hlolohetsoe’ ho kopanya bana le batsoali ba bona hape ka tsoho, ’me ka lerato o lokiselitse ho etsa joalo.—Joh. 5:28, 29; Jobo 14:14, 15; bapisa Jeremia 31:15, 16; Mareka 5:40-42.
Bafu ba kae?
Gen. 3:19: “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao, u be u khutlele mobung oo u ntšitsoeng ho oona; hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.”
Moek. 9:10: “Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nģalong ea bafu [“Sheol,” NW; “lebitleng,” KJ, Kx; “lefatšeng la bafu,” TEV] moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.”
Bafu ba boemong bofe?
Moek. 9:5: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.”
Pes. 146:4: “Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona, ka tsatsi lona leo, merero [“merero,” RS, NAB; “mehopolo,” KJ, 145:4 ho Dy; “menahano eohle ea hae,” NE] ea bona e felile.”
Joh. 11:11-14: “Lazaro, motsoalle oa rōna, o robetse; empa ke ea mo tsosa borokong. . . . Jesu a ba bolella phatlalatsa, a re: Lazaro o shoele.” (Le Pesaleme ea 13:3)
Na ho na le karolo ea motho e tsoelang pele ho phela ha ’mele o e-shoa?
Ezek. 18:4: “Moea [“moea,” NW, RS, NE, KJ, Dy, Kx; “motho,” JB, TEV] o etsang sebe ke oona o tla shoa.”
Esa. 53:12: “O neetse moea [“moea,” NW, RS, KJ, Dy; “bophelo,” TEV; “boeena,” JB, Kx, NAB] oa hae lefu.” (Bapisa Mattheu 26:38.)
Bona le lihlooho tse khōlō “Moea [Soul]” le “Moea [Spirit].”
Na bafu ba ka thusa ba phelang kapa ba ba ntša kotsi ka tsela leha e le efe?
Moek. 9:6: “Lerato la bona, le hloeo ea bona, le mohono oa bona, li se li timetse; ba ke ke ba hlola ba e-ba le kabelo ho tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi le ka mohla o le mong.”
Esa. 26:14: “Ba shoele, ba ke ke ba hlola ba phela; ke liriti, ba ke ke ba boela ba utloa.”
Ho thoe’ng ka litlaleho tsa bophelo bo bong tse fanoang ke batho ba ileng ba tsosoa kamor’a hore ho thoe ba shoele?
Hangata, hoba motho a khaotse ho phefumoloha le pelo e khaotse ho otla, ho nka metsotso e mengata pele matla a bophelo a liseleng tsa ’mele a qala ho emisa butle-butle. Haeba setopo se le serameng se sengata, matla a bophelo a ka nka lihora ho tsoa ’meleng. Ka baka lena, ka linako tse ling ho ee ho be bonolo ho tsosolosa batho ka ho tsosolosa tšebetso ea pelo le matšoafo. Ho ne ho sa emisitse pelo le matšoafo feela, empa lisele tsa ’mele ea bona li ne li sa ntsane li phela.
Batho ba bangata ba phelisitsoeng hoba ho emise pelo le matšoafo feela ha ba hopole letho. Ba bang ba tlaleha hore ba ile ba ikutloa ba leketla sebakeng feela. Ba bang ba re ba bone lintho tse ntle; ba bang ba ile ba tšosoa ke phihlelo ea bona.
Na ho na le tlhaloso ea bongaka ea liphihlelo tsee?
Mohlophisi oa tsa bongaka oa The Arizona Republic, o ngotse: “Ha matla a sebetsang a ’mele a theohetse tlaase-tlaase, joalokaha motho a tsubisitsoe ho bolaea bohloko, kapa ka baka la ho kula kapa kotsi, taolo e itšebetsang ea ’mele e emisa joalo le eona. Ka hona, maro a sebetsang methapong a lokolloa le ho tsoa ka bongata bo se nang taolo. Phello, har’a lintho tse ling tse eeng li bonoe, ke lipono tsa bohata, tseo kamor’a hore motho a hlaphoheloe li beheloang lebaka la hore motho o ne a shoele ’me a khutlela bophelong.”—May 28, 1977, leq. C-1; le koranta ea bongaka ea Jeremane Fortschritte der Medizin, No. 41, 1979; Psychology Today, January 1981.
Empa na bopaki ba ba ileng ba phelisoa hape ha bo tiisoe ke batho bao baratuoa ba bona ba shoeleng ba itlhahisitseng ho bona kapa ba buileng le bona?
Ak’u bale hape mangolo a qotsitsoeng pejana mabapi le boemo ba bafu. Lentsoe la Molimo la ’nete le re bolella eng ka boemo ba bafu?
Ke mang ea batlang ha batho ba lumela kahosele? Hoba Jehova a lemose batsoali ba rōna ba pele hore ho se utloe ho ne ho tla tlisa lefu, ke mang ea ileng a hanyetsa hoo? “Noha [e neng e sebelisoa ke Satane; bona Tšenolo 12:9] ea fetola mosali, ea re: Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa.” (Gen. 3:4) Haele hantle, hamorao Adama le Eva ba ile ba e-shoa. Ebe joale ke mang eo ka ho utloahalang a ileng a qapa khopolo ea hore karolo ea moea ea ’mele oa motho e phonyoha lefu la ’mele? Joalokaha re se re bone, sena hase boleloe ke Lentsoe la Molimo. Molao oa Molimo ho Iseraele ea boholo-holo o ne o nyatsa mokhoa oa ho buisana le bafu ka hore ke “litšila” hape ke “manyala.” (Lev. 19:31; Deut. 18:10-12; Esa. 8:19) Na Molimo oa lerato o ne o ka nyatsa mokhoa ona haeba ba phelang ba ne ba mpa ba bua le baratuoa ba bona ba ileng feela? Ka lehlakoreng le leng, haeba meea ea bademona e ne e ikhakanya ka sebopeho sa bafu ’me e khelosa batho ka ho fetisetsa mehopolong ea bona maikutlo a ntšetsang pele leshano, na e ne e ke ke eaba Molimo o lerato ha o sireletsa bahlanka ba oona thetsong e joalo?—Ba-Ef. 6:11, 12.
Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sa kopanele mekhoeng ea neano ea ho llela bafu?
Ke tlhaho ho hlomoha ka baka la ho shoa hoa moratuoa ’me ho ka bontšoa ka tšoanelo
Kamor’a lefu la motsoalle oa hae ea haufi Lazaro, ‘Jesu a lla.’ (Joh. 11:35) Ka linako tse ling mahlomola a utluoang ke bahlanka ba Molimo ka baka la lefu a ’nile a e-ba maholo haholo.—2 Sam. 1:11, 12.
Empa ka baka la tšepo ea tsoho, Bakreste baa bolelloa: “Ha ke rate hore le ka hloka tsebo tabeng ea ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha joale ka ba bang ba se nang tšepo.”—1 Ba-Thess. 4:13.
Bahlanka ba Jehova ha ba hane mekhoa eohle e amanang le lefu
Gen. 50:2, 3: “Josefa a laela lingaka tse mo sebeletsang hore li noke ntat’ae; . . . Ha feta litšiu tse mashome a mane, hobane litšiu tsa ba nokoang li ba kalo.”
Joh. 19:40: “Ba nka setopo sa Jesu, ba se phuthela ka masela hammoho le linoko, ka mokhoa oo ba-Jode ba epelang ka oona.”
Mekhoa e hananang le Lentsoe la Molimo e qojoa ke ba batlang ho o khahlisa
Mekhoa e meng e pepesa ho hlomoha hoa motho. Empa Jesu o itse: “Ha le itima lijo [ka baka la masoabi], le se ke la sosobanya lifahleho tsa lōna, joale ka baikaketsi; ba itšenya tšobotsi, ba tle ba bonahale ho batho hobane ba itima lijo. Ka ’nete kea le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso oa bona. Ha e le uena, enore ha u itima lijo, u itlotse hloho, u iphotle sefahleho, u tle u se ke ua bonahala ho batho hobane u itima lijo, ho mpe ho tsejoe ke Ntat’ao ea sephiring; ’me Ntat’ao ea bonang sephiring, o tla u putsa.”—Matt. 6:16-18.
Mekhoa e meng e bontša tumelo ea hore motho o na le moea o sa shoeng o pholohang lefu la ’mele ’me kahoo o bona se etsoang ke ba phelang. Empa Bibele e re: “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moek. 9:5) Hape, “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.”—Ezek. 18:4.
Mekhoa e mengata e tsoaloa ke tumelo ea hore bafu ba hloka thuso ea ba phelang kapa tšabo ea hore ba ka ntša ba phelang kotsi haeba ba sa khotsofatsoe. Empa Lentsoe la Molimo le bontša hore bafu ha ba utloe bohloko kapa eona thabo. “Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.” (Pes. 146:4; bona le 2 Samuele 12:22, 23.) “Lerato la bona, le hloeo ea bona, le mohono oa bona, li se li timetse; ba ke ke ba hlola ba e-ba le kabelo ho tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi le ka mohla o le mong.”—Moek. 9:6.
Haeba e Mong a Re—
‘Ke thato ea Molimo’
U ka ’na ua arabela: ‘Eo ke tumelo e tloaelehileng haholo. Empa ke fumane e le thuso ho batlisisa hore na Molimo oona o re’ng ka sena.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘(Bala Genese 2:17.) Haeba ntate a lemosa mora oa hae hore o tla shoa ha a ka etsa ntho eitseng, na u ka re ntate o batla ha mora a e etsa?’ (2) ‘Joale, hantle-ntle thato ea Molimo ka motho ke efe? Jesu o itse: “Ho ratoang ke ea nthomileng ke hore, e mong le e mong ea talimang Mora [ke hore, a lemoha a bile a lumela hore ruri Jesu ke Mora oa Molimo], ’me a lumela ho eena, a be le bophelo bo sa feleng; ’me ’na, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.” (Joh. 6:40)’
‘Batho ba tla ’ne ba shoe’
U ka ’na ua arabela: ‘Ke hona ho etsahalletseng batho ho tla fihlela mehleng ea rōna, na ha ho joalo?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Empa hlokomela tšepiso ena e babatsehang e entsoeng ke Molimo ho Tšenolo 21:3, 4 (kapa Esaia 25:8).’
‘Le tla ha nako ea hao e fihlile’
U ka ’na ua arabela: ‘Batho ba bangata ba ikutloa joaloka uena. Na u ne u tseba hore Bagerike ba bangata ba boholo-holo ba ne ba e-na le pono eona eo? Ba ne ba kholoa hore ho na le melimo e meraro ea basali e rerang hore na motho ka mong o tla phela halelele hakae. Empa Bibele e fana ka pono e fapaneng haholo ea bophelo.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘(Bala Moeklesia 9:11.) Mohlala: Phatsa ea konkreiti e ka ’na ea khephoha mohahong ’me ea bata motho ea tsamaeang ka maoto. Na ho bakiloe ke Molimo? Haeba ho joalo, na hoa utloahala ho nģosa mong a mohaho ka bohlasoa? . . . Joalokaha Bibele e bolela, ebile ketsahalo e sa reroang le e sa kang ea hlokomeleha e sa le pele hore ebe motho eo o ne a le moo ha konkreiti e khephoha.’ (2) ‘Bibele e re bolella hore haeba re qoba boitšoaro bo bobe re sireletsa bophelo ba rōna. (Liprov. 16:17) Haeba u motsoali, ke lumela hore u sebelisa motheo oo baneng ba hao. U ba hlokomelisa ka lintho tse ka ’nang tsa fella ka lefu. Jehova o etsetsa batho bohle ntho e tšoanang kajeno.’ (3) ‘Jehova o-oa tseba hore na bokamoso bo tšoere eng. Ka Bibele o re tsebisa hore na re ka thabela joang bophelo bo bolelele haholo ho feta ba batho ba hlokomolohang seo a se bolelang. (Joh. 17:3; Liprov. 12:28)’ (Bona le sehlooho se seholo “Phello e sa Qojoeng.”)