Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 27 April, 2015. Ho kenyelelitsoe letsatsi leo ntlha ka ’ngoe e tla tšohloa ka lona e le hore re ka etsa lipatlisiso ha re ntse re lokisetsa sekolo beke ka ’ngoe.
Lerato le tšepahalang ke lerato la mofuta ofe, hona re lokela ho le bontša maemong afe? (Ruthe 1:16, 17) [La 2 Mar., w12 7/1 leq. 26 ser. 6]
Ke hobane’ng ha Ruthe a ne a tsebahala e le “mosali ea khabane”? (Ruthe 3:11) [La 2 Mar., w12 10/1 leq. 23 ser. 1]
Ha re e-na le mathata, ke sefe seo re ka ithutang sona mohlaleng oa Anna? (1 Sam. 1:16-18) [La 9 Mar., w07 3/15 leq. 16 lir. 4-5]
Ha Samuele e sa le moshanyana ’me a “hōlela ho Jehova,” o ile a sireletsoa ke eng hore a se ke a susumetsoa ke mohlala o mobe oa bara ba Eli? (1 Sam. 2:21) [La 9 Mar., w10 10/1 leq. 16 lir. 3-4]
Taba ea hore ebe Saule ha aa ka a etsa lintho ka lepotlapotla ha “banna ba se nang molemo” ba ne ba sa amohele borena ba hae, e re ruta’ng? (1 Sam. 10:22, 27) [La 23 Mar., w05 3/15 leq. 23 ser. 1]
Mohlala o mobe oa Saule oa ho nahana hore sehlabelo ke sa bohlokoa ho feta ho mamela Jehova o re ruta’ng? (1 Sam. 15:22, 23) [La 30 Mar., w07 6/15 leq. 26 lir. 3-4]
Ke hobane’ng ha e le ho khothatsang ho tseba hore Jehova o “bona seo pelo [ea motho] e leng sona”? (1 Sam. 16:7) [La 6 Apr., w10 3/1 leq. 23 ser. 7]
Ho ea ka Liproverbia 1:4, Jehova o lebeletse hore re etse’ng ha re tobana le maemo a boima? (1 Sam. 21:12, 13) [La 13 Apr., w05 3/15 leq. 24 ser. 4]
Ke hobane’ng ha ho ka thoe Abigaile o ne a sa tsoe bohlooho ba monna oa hae tlaase ha a ne a fa Davida le banna ba hae lijo? (1 Sam. 25:10, 11, 18, 19) [La 20 Apr., w09 7/1 leq. 20 ser. 3]
Abigaile o ile a kōpa tšoarelo ka ntho eo a neng a sa e etsa. Re ithuta’ng mohlaleng oa hae? (1 Sam. 25:24) [La 20 Apr., w02 11/1 leq. 5 lir. 1, 4]