Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 27 April
BEKE E QALANG KA LA 27 APRIL
Pina ea 1 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 23 ¶19-23, lebokose le ho leq. 239 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 1 Samuele 26-31 (8 mets.)
Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo (20 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
Sehlooho sa Khoeli: Tsamaeang joaloka batho ba bohlale ka hore le “ithekele nako e loketseng.”—Baef. 5:15, 16.
7 mets: “Memo e Tobileng.” Lipotso le likarabo. Ha u tšohla serapa sa 3, suthela pontšo e khutšoanyane e bontšang kamoo ho ka tsamaisoang memo kateng.
10 mets: “Likhopotso Tsa Kopano.” Puo ka mongoli. Hlokomelisa bamameli ka melao-motheo ea Bibele e boletsoeng ka ho hlaka le hore na re ka e sebelisa joang kopanong ea lebatooa ea 2015. Ho ekelletsa moo, bua ka lintlha tse loketseng tse lengolong la la 3 August, 2013, le neng le e-ea ho liphutheho tsohle ho li hlokomelisa ka tšireletseho ha re le likopanong.
13 mets: “Lumella Matla a Lentsoe la Molimo Hore a Susumetse Batho Tšimong.” Puisano. Ka mor’a puisano suthela lipontšo tse peli tse khutšoanyane. Ea pele, mohoeletsi o bontša mong’a ntlo bukana ea Litaba Tse Molemo ka ho mo phetela likarolo tse itseng tsa 2 Timothea 3:16, 17, a sa bale Bibele. Ea bobeli, mohoeletsi eena eo, o pheta pontšo eo empa lekhetlong lena o bala lengolo ka ho toba Bibeleng. Kōpa bamameli hore ba hlalose hore na ke hobane’ng ha pontšo ea bobeli e le molemo ho feta ea pele.
Pina ea 124 le Thapelo