Na u sa Hopola?
Na u balile lihlooho tsa Molula-Qhooa tsa selemong see ka hloko? Haeba ho joalo, leka ho araba lipotso tsena:
Ke eng e re susumelletsang ho rorisa Jehova?
Re rorisa Jehova hobane re mo hlompha haholo ebile re mo rata haholo. Re boetse re mo rorisa hobane re batla hore ba bang ba mo tsebe.—w25.01, leq. 3.
Haeba motho e mong a re utloisitse bohloko, re ka etsa’ng e le hore re mo tšoarele?
Re lokela ho amohela hore re utloile bohloko. Leha ho le joalo, ha re khaotsa ho koata le ho tšoara ba bang ka pelo, re tla khona ho tsoela pele ka bophelo ’me re boele re thabe.—w25.02, maq. 15-16.
Ke hobane’ng ha morutuoa Mareka e le mohlala o motle ho bara ba bo rona ba bacha?
Ka ho rata, Mareka o ile a amohela kabelo ea ho sebeletsa. Le hoja Mareka a ne a utloile bohloko a bile a soetsehile ha Pauluse a ne a sa batle ho tsamaea le eena, ha aa ka a nyahama. O ile a sebetsa ka thata e le hore a be le kamano e ntle le Pauluse le banna ba bang ba holileng.—w25.04, leq. 27.
Jesu o ne a bolela’ng ha a rapela a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao”? (Joh. 17:26)
Barutuoa ba hae ba ne ba se ba ntse ba tseba lebitso la Molimo. Empa Jesu o ne a ba tsebisitse makhabane a Mong’a lebitso leo, merero ea hae le mesebetsi ea hae.—w25.05, maq. 20-21.
Haeba re ikokobelitse, re tla elelloa eng?
Re tla elelloa hore ho na le lintho tseo re sa li tsebeng. Ka mohlala, ha re tsebe hore na bofelo bo tla neng kapa hore na Jehova o tla etsa’ng ka nako eo. Hape ha re tsebe hore na ho tla etsahala’ng ka moso kapa hore na Jehova o re tseba hakae.—w25.06, maq. 15-18.
Re ka rua molemo joang ha re bala sehlooho se itseng kapa ha re mametse puo ea phatlalatsa?
U ka ’na oa ipotsa: ‘Ke bopaki bofe bo sebelisitsoeng ho kholisa batho baa? Na ho na le mohlala o sebetsang oo nka o sebelisang ha ke ruta? Ke mang ea ka ’nang a thahasella ’nete e sehloohong see?’—w25.07, leq. 19.
Re ka ithuta’ng tseleng eo Jehova a tšoaretseng Davida ka eona?
Le hoja Davida a ile a etsa libe tse tebileng, o ile a baka ’me Jehova a mo tšoarela. (1 Mar. 9:4, 5) Ha Jehova a re tšoarela, o lebala liphoso tsa rona ebile a ke ke a re ahlolela tsona hape.—w25.08, leq. 17.
U ka etsa’ng haeba motho eo u ithutang Bibele le eena a thatafalloa ke ho utloisisa ntlha e itseng?
Haeba ho e-na le ntho eo ho leng thata hore a e utloisise le ka mor’a hore u leke ho mo ruta eona hantle, ha ho hlokahale hore u lule ho eona. Le ka tsoela pele ka thuto ’me la khutlela ntlheng eo hamorao.—w25.09, leq. 24.
Bibele e bua ka “ho thetsoa ke sebe.” (Baheb. 3:13) Se ka re thetsa joang?
Sebe se ka re hohela hore re etse lintho tse fosahetseng. Se ka boela sa etsa hore re lule re belaela hore Jehova oa re rata.—w25.10, leq. 16.
Re ka etsa lintho life tse tharo e le hore lithapelo tsa rona li be matla?
(1) Re ka nahanisisa ka makhabane a Jehova. (2) Re ka nahana ka mathata ao re tobaneng le ’ona hona joale, a kang ho tšoarela motho e mong, ebe re a kenyelletsa thapelong. (3) Re se ke ra rapela re tatile. Ha re etsa joalo, re tla khona ho hlalosa tsela eo re ikutloang ka eona hantle.—w25.10, maq. 19-20.
Re ka thusa batho ba holileng joang?
Re ka ba etela le ho ba founela. Re ka boela ra ba felehetsa ha ba ea ngakeng. Re ka sebetsa le bona mefuteng e fapaneng ea tšebeletso.—w25.11, maq. 6-7.
Ke lintho life tse ka sehloohong tse etsang hore lechato la Mokreste e be le hlomphehileng?
Le lokela ho tsamaisana le litaba tsa molao tse mabapi le lenyalo. Loanelang hore lechato la lona le bontše litholoana tsa moea oa Molimo. Etsang hore liaparo tsa lona li bontše hore le batho ba inyenyefalitseng, hape le qobe litloaelo tse sa lumellaneng le Bibele. Buisanang hantle le ka mosa ha le ntse le hlophisa lechato.—w25.12, maq. 21-24.