LA 4-10 MAY 2026
PINA EA 53 Re Itokisetse ho Ruta
Ntlafatsa ‘Tsebo ea Hao ea ho Ruta Hantle’ Mosebetsing oa Boboleli
“Ke u laela hore u bolele lentsoe . . . ka mamello eohle le joaloka motho ea tsebang ho ruta hantle.”—2 TIM. 4:2.
NTLHA-KHOLO
Litsela tse tharo tseo ka tsona re ka ntlafatsang bokhoni ba rona ba ho ruta ha re le mosebetsing oa boboleli.
1. Ke tsebo efe eo re lokelang ho ba le eona, hona hobane’ng? (2 Timothea 4:2) (Sheba setšoantšo.)
JESU o ile a re ho balateli ba hae: “Le etse . . . barutuoa, . . . le ba rute ho mamela lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mat. 28:19, 20) Taelo ena e bontša hore Bakreste bohle e lokela ho ba matichere. Ke ’nete hore Jehova o hulela batho ‘bao lipelo tsa bona li ba susumetsang hore ba amohele lentsoe’ ho eena. Mangeloi le ’ona a kenya letsoho ho re tataisetsa ho batho bao. (Lik. 13:48; Joh. 6:44; Tšen. 14:6) Leha ho le joalo, re lokela ho phetha karolo ea rona. Nahana ka mohlala oo moapostola Pauluse le moapostola Barnabase ba re behetseng oona. Bibele e re ha ba ne ba bolela ka matlong a thapelo Ikoniamo, ba ne “ba ruta hantle hoo batho ba bangata ba Bajuda le Bagerike e ileng ea e-ba barutuoa.” (Lik. 14:1) Ha ho pelaelo hore Pauluse le Barnabase ba ne ba tseba ho “ruta hantle.” (Bala 2 Timothea 4:2.) Bakreste bohle ba etsa hantle ha ba loanela ho ba le tsebo eo.
Re ka ithuta ho hongata ka ‘tsebo ea ho ruta hantle’ mohlaleng oo Jesu le barutuoa ba hae ba re behetseng oona, ba kang moapostola Pauluse le moapostola Barnabase (Sheba serapa sa 1)
2. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba ka ’na ba utloa eka ba ke ke ba khona ho ntlafatsa bokhoni ba bona ba ho ruta?
2 Batho ba bang ba ka ’na ba utloa eka ba ke ke ba khona ho ntlafatsa bokhoni ba bona ba ho ruta hobane ba sa ruteha kapa ba se na bokhoni ba tlhaho ba ho ruta. Banna ba bang bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ba ne ba ikutloa ka tsela e tšoanang. (Ex. 4:10; Jer. 1:6) Ba bang ba ka ’na ba utloa eka ha ba tsebe ho ruta hobane ba se na lithuto tsa Bibele kapa liphihlelo tse ngata tse monate joaloka bahoeletsi ba bang. Ke ’nete hore ha se batho bohle bao re buang le bona kapa bao re kopanang le bona ba tla amohela litaba tse monate. Hape, hore na batho baa re mamela kapa che, ha hoa itšetleha ka ho felletseng ka bokhoni ba rona ba ho ruta. Joalokaha ho boletsoe, Jehova le mangeloi ba etsa bonnete ba hore re fumana batho ba lipelo li ntle. Ho ntse ho le joalo, re batla ho etsa sohle seo re ka se khonang ho bolela molaetsa ka tsela e tla khahla batho. Sehloohong sena re tl’o bua ka litsela tse tharo tse tla re thusa ho ntlafatsa tsebo ea rona ea ho ruta.
TSOTELLA BAMAMELI BA HAO
3. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a khona ho ama lipelo tsa bamameli ba hae?
3 Bibele e re Jesu “o ne a tseba menahano ea batho.” (Joh. 2:25) Polelo ena e bolela hore Jesu o ne a tseba kamoo batho ba nahanang kateng le hore na ke hobane’ng ha ba ikutloa ka tsela e itseng. Jesu o ne a khona ho ama lipelo tsa bamameli ba hae hobane o ne a utloisisa litlhoko tsa bona. O ne a bona hore batho ba ne ba lapile moeeng ebile ba hatelletsoe ke melao e mengata ea batho le meetlo. (Mat. 9:36; 23:4) Jesu o ile a bua ka mathata ao Thutong ea hae ea Thabeng. Batho ba bangata ba ile ba mamela Jesu hobane o ne a bua ka litaba tse ba amang ka ho toba.
4. Re ka bontša joang hore re tsotella batho? (Sheba litšoantšo.)
4 Re ka bontša hore re tsotella batho bao re kopanang le bona ka ho leka ho utloisisa hore na ba amehile ka’ng. Motho e mong le e mong eo re mo bolellang litaba tse monate o anngoe ke lefatše lena le khopo la Satane ka tsela e itseng. Ho lula re hopola seo, ho ka re thusa hore re utloele batho ba tšimong ea rona bohloko. Ka mohlala, na ho na le litlaleho tsa litaba tsa morao-rao tseo batho ba tšimong ea heno ba amehileng ka tsona? Na batsoali ba amehile ka tšireletseho ea bana ba bona ha ba le sekolong? Na ho hloka mosebetsi ho atile moo u lulang teng? Leka ho nahana hore na bophelo ba batho bao bo joang ha ba ntse ba tobana le maemo ana ‘a thata,’ ba se na tšepo eo Bibele e fanang ka eona.—2 Tim. 3:1; Esa. 65:13, 14.
Leka ho utloisisa maemo a batho bao u ba rutang ’me u ithute ho ba tsotella (Sheba serapa sa 4)
5. Joaloka mosuoe, Jesu o ne a fapane joang le Bafarisi? (Matheu 11:28-30)
5 Jesu o ne a tsotella bamameli ba hae ’me ba ne ba bona seo ho latela tsela eo a ba tšoarang ka eona. O ne a sa tšoane le Bafarisi ho hang, ba neng ba shebela batho ba sa hlahellang tlase ba bile ba ba tšoara hampe. (Mat. 23:13; Joh. 7:49) Empa Jesu o ile a tšoara batho ka mosa le ka tlhompho. O ne a le “bonolo ebile [a] ikokobelitse” ’me seo se ile sa tlatsetsa hore e be mosuoe ea atlehang. (Bala Matheu 11:28-30.) Le rona re lokela ho tšoara bamameli ba rona ka mosa le ka tlhompho.
6. Re ka bontša mosa le tlhompho joang ho batho ba hanyetsang molaetsa oa rona?
6 Batho ba bang ha ba mamele molaetsa oa rona ebile ba bang baa o hanyetsa. Re lokela ho ikutloa joang? Jesu o ile a re ruta hore re etse ho fetang feela ho mamella ho hanyetsoa. O ile a re ‘ba re hloileng re ba etse hantle,’ ‘re hlohonolofatse ba re lakaletsang bomalimabe’ le ho ‘rapella ba re rohakang.’ (Luka 6:27, 28) Haeba re hopola hore e ka ’na eaba ho na le lebaka le etsang hore ba se ke ba re mamela, ho tla ba bonolo hore re ba etse seo Jesu a itseng re ba etse sona. Ke ’nete hore ba bang ba batla ho thibela mosebetsi oa rona. Leha ho le joalo, ba bang e ka ’na eaba ba na le mathata a lelapa kapa ba tšoenyehile ka boemo bo bong bo itseng bo sa amaneng le rona. Mohlomong e mpa e le hore re ile ra bua le bona ka nako e fosahetseng. Maemong ’ohle re lokela ho lula re mamela taelo ea hore “mantsoe ao [re] a buang e ke e be a mosa kamehla, a nokiloeng ka letsoai e le hore [re] tsebe kamoo [re] lokelang ho araba motho e mong le e mong kateng.” (Bakol. 4:6) Haeba re utloela batho bao re buang le bona bohloko le ho leka ho utloisisa litlhoko tsa bona, re ke ke ra halefa habonolo ebile re tla ba matichere a atlehang.
ITŠETLEHE KA LENTSOE LA MOLIMO
7. Jesu o ile a bontša joang hore o itšetlehile ka Lentsoe la Molimo ha a ne a ruta? (Johanne 7:14-16)
7 Jesu ha aa ka a itšetleha ka tsebo ea hae. Lintho tseo a neng a li ruta li ne li thehiloe Lentsoeng la Molimo, ’me o ne a li ruta ka tsela eo bamameli ba hae ba neng ba ka li utloisisa habonolo le ho li hopola. Bibele e re bolella hore Jesu o ne a ruta ka tsela eo ‘ho neng ho utloahala hore o fuoe matla ke Molimo. O ne a sa ba rute joaloka bangoli ba bona.’ Batho “ba ne ba tsota” tsela eo a rutang ka eona. (Mar. 1:22) Bangoli ba mehleng ea Jesu ba ne ba qotsa mantsoe a bo-rabi ba neng ba hlomphuoa haholo e le ho tšehetsa lintho tseo ba li rutang. Ho e-na le hoo, Jesu o ne a ruta a qotsa Mangolong a halalelang. Joaloka Mora oa Molimo ea neng a phela leholimong, a ka be a ile a sebelisa tsebo ea hae e ngata ho khahlisa bamameli ba hae, mohlomong le ho ba imetsa ka lintho tseo a neng a ba ruta tsona. Empa ha aa ka a etsa joalo. Ho e-na le hoo, o ile a sebelisa Lentsoe la Molimo ho ba ruta thato ea Molimo. (Bala Johanne 7:14-16.) Jesu o behetse balateli ba hae mohlala o babatsehang.
8. Moapostola Petrose o ile a latela mohlala oa Jesu joang?
8 Barutuoa ba Jesu le bona ba ne ba itšetleha ka Lentsoe la Molimo ha ba ne ba ruta. Ka mohlala, nahana ka puo eo moapostola Petrose a ileng a fana ka eona ka Pentekonta ea selemo sa 33. Petrose e ne e le motho ea sa rutehang. Leha ho le joalo, o ile a ama lipelo tsa bamameli ba hae ha a ne a hlalosa Mangolo a bontšang boprofeta boo Jesu a ileng a bo phethahatsa. (Lik. 2:14-37) Liphello e bile life? Batho “ba ileng ba thabela litaba tsa hae ba kolobetsoa ’me batho ba ka bang 3 000 ea e-ba barutuoa letsatsing leo.”—Lik. 2:41.
9. Ha re ruta, ke hobane’ng ha re lokela ho itšetleha ka Lentsoe la Molimo?
9 Ha ho na thulusi e molemo eo re ka e sebelisang ho ama lipelo tsa bamameli ba rona ho feta Lentsoe la Molimo. (Baheb. 4:12) Kahoo, re lokela ho sebelisa Bibele ha re ruta. Re batla ho ‘bolela lentsoe,’ eseng maikutlo a rona. (2 Tim. 4:2) Liproverbia 2:6 e re: “Jehova o fana ka bohlale, molomong oa hae ho tsoa tsebo le temoho.” Kahoo, ha re ruta ho tsoa Mangolong, ka tsela e itseng re fa Jehova monyetla oa hore e be eena ea buang. (Mal. 2:7) Re batla hore batho ba tsebe hore Bibele e na le bohlale bo fetang ba batho hole. E tsoa ho Molimo ’me e fana ka tsebo eo re e hlokang e le hore re khahlise ’Mopi oa rona le ho phela bophelo bo khotsofatsang le bo thabisang.—2 Tim. 3:16, 17.
10. Re ka etsa eng ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba utloisise hore seo ba ithutang sona se tsoa ka Bibeleng?
10 Ha u ntse u lokisetsa ho khanna thuto ea Bibele, batla litsela tseo u ka thusang motho eo u ithutang le eena hore a hlokomele hore seo a ithutang sona se hlaha ka Bibeleng. U lokela ho utloisisa hore le hoja litšoantšo le livideo li ka mo thusa ho utloisisa seo a ithutang sona, Bibele ke eona ea bohlokoa. Kahoo, bala litemana tse ka mo thusang hore a utloisise ntlha ea sehlooho hamolemo. Ka mor’a moo, mo thuse hore a utloisise seo a ithutang sona ho tsoa litemaneng tseo. Ha le buisana ka litšoantšo le livideo, etsa bonnete ba hore o utloisisa melao-motheo ea Bibele e rutoang likarolong tseo. Ha ho hlokahale hore u bue haholo kapa u bale mangolo a mangata e le hore u finyelle seo. Ho e-na le hoo, mo fe nako ea ho nahanisisa ka hore na temana e ’ngoe le e ’ngoe eo le sa tsoa e bala e bolela’ng le hore le e bale hape haeba ho hlokahala. Ka tsela eo, re tla be re sa khanne thuto ea buka, thuto e tsoang litšoantšong kapa livideong, empa re tla be re khanna thuto ea Bibele.—1 Bakor. 2:13.
11, 12. (a) Re ka mamella batho bao re ithutang Bibele le bona joang? (Liketso 17:1-4) (Sheba setšoantšo.) (b) E ka ’na eaba batho ba bang ha ba tsebe eng ka Bibele, hona re ka ba thusa joang?
11 Haeba motho eo u ithutang Bibele le eena a sa utloisise ntlha e itseng, hopola ho ‘bolela lentsoe ka mamello eohle.’ (2 Tim. 4:2) Batho ha ba hatele pele ka tsela e tšoanang. Batho ba bang bao re ithutang Bibele le bona ba ka hloka nako e eketsehileng hore ba utloisise linnete tseo rona re li utloisisang habonolo. Pauluse o ile a lokela ho pakela Bajuda ba Thesalonika ka makhetlo a ’maloa, a behelana mabaka le bona ho tsoa ka Mangolong pele ba ka utloisisa ntlha ea bohlokoa.—Bala Liketso 17:1-4.
12 Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang mamello ka eona ke ka ho botsa motho eo re ithutang le eena lipotso e le hore re tsebe maikutlo a hae, le ho qoba ho bua haholo. Leka ho mo mamela ka hloko le ho utloisisa tsela eo a nahanang ka eona. Ka mor’a moo, balang le ho buisana ka mangolo a itseng, e le ho mo thusa hore a utloisise monahano oa Molimo ka seo le buang ka sona. Hape, nahana ka sena: Batho ba bang ha ba tsebe hore Bibele e na le litaba tse ka ba tsoelang molemo hobane ha ba e-s’o iphe nako ea ho e bala. U ka bua ka lintlha tse hlahang karolong ea “Selelekela sa Lentsoe la Molimo,” e karolong e ka pele ea Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha, e le ho bontša kamoo Bibele e nang le boitsebiso ba bohlokoa kateng. Ka mor’a moo, u ka ba oa etsa mohlala u sebelisa temana kapa tse peli tse hlahang potsong ea 15, ho mo hlalosetsa kamoo Bibele e ka mo thusang kateng hore a thabe. Ka bokhutšoanyane, haeba u bontša motho eo u ithutang Bibele le eena matla ao Lentsoe la Molimo le nang le ’ona, u tla ruta ka tsela e atlehang.
Tichere e nang le tsebo ke e mamelang, eseng e buang haholo (Sheba serapa sa 11 le 12)
BUA KA JEHOVA
13. Re lokela ho lebisa tlhokomelo ho mang ha re ruta? Fana ka mohlala.
13 Pakane ea rona ke ho thusa bamameli ba rona hore ba tsebe Jehova le ho atamela haufi le eena. (Jak. 4:8) Kahoo, re ka bapisa mosebetsi oa rona le oa motho ea laolang khanya lipapaling tsa kalaneng. Nakong ea papali, ha a shebise khanya ho eena. Ho e-na le hoo, o e shebisa ho libapali ho etsa bonnete ba hore bashebelli baa li bona. Re lokela ho etsa se tšoanang ha re ruta, e leng ho lebisa tlhokomelo ho Jehova eseng ho rona.
14. Re ka etsa eng e le hore re thuse motho eo re ithutang le eena hore a batle ho thabisa Jehova?
14 Ha u khanna thuto ea Bibele, thusa motho eo u ithutang le eena hore a batle ho khahlisa Jehova. (Liprov. 27:11) Ha se hore u mo ruta ho etsa se nepahetseng le ho qoba se fosahetseng e le hore feela e be Paki ea Jehova. U batla hore a etse liphetoho e le hore a thabise Jehova. Ka mohlala, haeba motho eo u ithutang le eena a thatafalloa ke ho tlohela mokhoa o itseng o mobe, mo botse lipotso tse kang: “Ke hobane’ng ha Jehova a hloile ntho ee? Ke hobane’ng ha Jehova a ka batla hore u khaotse ho etsa ntho e itseng eo u e thabelang? Lintho tseo Jehova a batlang hore u li etse li bontša joang hore oa u rata?” Ha u ntse u khothalletsa motho eo u ithutang le eena hore a nahane ka Jehova, o tla bona hore Jehova ke Ntate ea molemo. Kahoo, seo se tla mo thusa hore a batle ho thabisa Jehova.
TSOELA PELE HO NTLAFATSA TSEBO EA HAO EA HO RUTA
15. U ka etsa eng e le hore u tsoele pele ho ntlafatsa tsebo ea hao ea ho ruta?
15 U ka kopa Jehova ka thapelo hore a u thuse ho bona hore na u ka ntlafatsa tsebo ea hao ea ho ruta hokae. (1 Joh. 5:14) U ka etsa lintho tumellanong le lithapelo tsa hao ka hore u nke ka botebo koetliso eo Jehova a u fang eona ha u le libokeng. U ka kopa matichere a mang a atlehang hore a tsamaee le uena ha u e’o khanna thuto ea Bibele. Ka mor’a moo, a kope hore a u bolelle hore na u ka ntlafatsa hokae. Hape hopola hore le hoja u tloaelane le lintho tseo le ithutang tsona, motho eo u ithutang le eena haa tloaelana le tsona. Leka ho bona lintho ka tsela eo a li bonang ka eona. Ka mor’a moo, mo thuse hore a hlokomele hore molaetsa oa rona kannete ke litaba tse monate. Seo se ka etsa hore a batle ho ba le setsoalle se haufi le Jehova le hore a thabe e le kannete.—Pes. 1:1-3.
16. Re rua molemo ofe ha re ntse re ntlafatsa tsebo ea rona ea ho ruta?
16 Ho ruta ba bang ka Jehova ke e ’ngoe ea lintho tse thabisang ka ho fetisisa tseo re ka li etsang. Mosebetsi ona o thabisang oa ho ruta o tla hlokahala haholo lefatšeng le lecha le tlang. Kahoo, a re tsoeleng pele ho tsotella bamameli ba rona, ho itšetleha ka Lentsoe la Molimo le ho bua ka Jehova ha re ntse re bolela litaba tse monate. Ka ho etsa joalo, re ka ntlafatsa tsebo ea rona ea ho ruta mosebetsing oa boboleli.
PINA EA 65 A re Tsoeleng Pele