Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 March maq. 8-13
  • Tšepa ’Musi Morena oa Bokahohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepa ’Musi Morena oa Bokahohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SATANE A KENA LE BONA
  • JEHOVA O BEHA MEELI
  • JEHOVA O FELISA MATHATA A JOBO
  • JEHOVA O RATA BAHLANKA BA HAE BA TŠEPAHALANG
  • TŠEPA JEHOVA KA HO FELLETSENG
  • Buka ea Jobo e ka u Thusa ha u E-⁠na le Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Jobo o Ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Tšepa Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • U ka Etsa’ng Hore U be Motsoalle oa Molimo?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 March maq. 8-13

LA 11-17 MAY 2026

PINA EA 7 Jehova ke Matla a Rona

Tšepa ’Musi Morena oa Bokahohle

“Jehova, ke uena feela Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”—PES. 83:18.

NTLHA-KHOLO

Ho tiisa tšepo ea rona ea hore Jehova ke eena feela ’Musi oa Bokahohle le ho re kholisa hore o tla re thusa ho hlola liteko tse ka re hlahelang hona joale le nakong e tlang.

1. Ke lintho life tse bohloko tse ileng tsa hlahela Jobo?

JOBO ea neng a e-na le tumelo o ile a lahleheloa ke hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe. O ile a lahleheloa ke bana ba hae, maruo a hae a ba a kula. Ho ekelletsa moo, botumo ba hae bo botle bo ile ba senyeha. Ha e le banna ba bararo ba neng ba ipitsa metsoalle ea hae, ba ile ba bua lintho tse nyahamisang. Le mosali oa hae eo a mo ratang o ile a utloa bohloko hoo a ileng a re Jobo a ‘rohake Molimo ’me a shoe.’ (Jobo 2:9; 15:​4, 5; 19:​1-3) Lintho tsena tse bohloko tse hlahetseng Jobo li ka be li ile tsa fokolisa tšepo ea hae ho Molimo oa ’nete, tsa etsa hore a se ke a tšepa hore Jehova o tla sireletsa ba mo ratang le ba mo sebeletsang.

2, 3. Re ka qala ho belaella eng, hona re tl’o ithuta eng bukeng ea Jobo?

2 Ka linako tse ling, le rona re tobana le maemo a boima haholo hoo a lekang tšepo ea rona ho Jehova. Re phela linakong tseo ‘bophelo bo leng thata hape ho kotsi.’ (2 Tim. 3:1) Ha re tobana le teko ka mor’a teko, re ka ikutloa re imetsoe hoo re sa khoneng ho mamella. Maemo a kang ana a entse hore batho ba bang ba ipotse hore na kannete Jehova oa ba tsotella.

3 Haeba le uena u kile oa ba le maikutlo a tšoanang, u se ke oa nyahama. Jobo o ile a ithuta hore Jehova o pholosa ba mo tšepahallang. Le rona re ka ba le tšepo e joalo e sa thekeseleng ho Ntate oa rona ea leholimong. E le hore re finyelle pakane eo, a re hlahlobeng buka ea Jobo ’me re bone hore na e re tiisetsa lintlha tsena tse peli tsa bohlokoa joang. Ea pele, Jehova ke eena feela ’Musi Morena oa bokahohle. Ea bobeli, Molimo oa rona ea matla ’ohle a ka laola liketsahalo tsa lefatše ho tiisa hore morero oa hae oa phethahala. Hape o re sireletsa ka hore a re fe lintho tseo re li hlokang e le hore re lule re e-na le kamano e ntle le eena.

SATANE A KENA LE BONA

4. Ke mang e mong ea ileng a ba teng sebokeng seo ho builoeng ka sona bukeng ea Jobo?

4 Ka letsatsi le leng, “bara ba Molimo oa ’nete” ba ile ba bokana ka pel’a Jehova leholimong. Tlaleho eo e boetse e re: “Eaba Satane o kena le bona.” (Jobo 1:6) Lena ke lekhetlo la pele moo Bibele e buang ka tlotla e hlalosang mohanyetsi oa Jehova ea ka sehloohong e leng “Satane” kapa “Mohanyetsi.” Ka nako ena, Satane e ne e se e se mora oa Molimo ea tšepahalang. E ne e se e le sera sa Jehova le karolo ea lelapa la hae e leholimong le e lefatšeng. Jehova o ile a bontša hore Satane e ne e se e se karolo ea lelapa la hae le leholimong ha a ne a bua mantsoe a ho Genese 3:15. Kahoo, Satane ha se karolo ea “mosali” e leng lelapa la Jehova le entsoeng ka libopuoa tsa moea, le neng le tla hlahisa “ngoana.”

5. Re ithuta eng ho seo Satane a ileng a se bua le tseleng eo Jehova o ile a mo araba ka eona?

5 Jehova o ile a etsa bonnete ba hore lintho tse ileng tsa buuoa sebokeng seo se ileng sa e-ba teng leholimong, li ngoloe ka Bibeleng. Mantsoe a Satane a bontša ka ho hlaka hore ke moetselletsi ea pelo e mpe. (Jobo 1:9; bapisa le Tšenolo 12:10.) Taba ea hore Jehova o entse hore karolo ena e be teng ka Bibeleng, e re tiisetsa hore o sebelisa matla a hae a mangata ka tsela e phethahetseng le ka toka. E boetse e bontša hore Molimo ea Matla ’Ohle o beha meeli linthong tseo batho ba bang ba ka li etsang.

JEHOVA O BEHA MEELI

6. Jehova o ile a bontša joang hore ke eena ea neng a e-na le taolo e felletseng sebokeng se ileng sa e-ba teng leholimong? (Jobo 1:​7, 8)

6 Bala Jobo 1:​7, 8. Jehova e ne e le eena ea laolang seboka seo se ileng sa e-ba teng. O ile a botsa Satane, a re: “Na u hlokometse . . . mohlanka oa ka Jobo?” Jehova o ne a tseba hantle hore Satane o batla ho hlasela Jobo. A re boneng hore na Jehova o ne a tla sebelisa matla a hae a phahameng joang molemong oa Jobo.

7. Ho ea ka Jobo 1:​10, 11, Satane o ile a fana ka maikutlo afe tabeng ea hore na ke hobane’ng ha batho ba sebeletsa Jehova?

7 Bala Jobo 1:​10, 11. Jehova ke ’Musi oa bokahohle ea matla ’ohle. O sebelisa matla le bolaoli ba hae ka litsela tseo a bonang ho hlokahala ka tsona. (Jer. 32:17; Dan. 4:35) Ho ntse ho le joalo, Satane o ile a re Jehova o sebelisa matla a hae hampe. Ha e le hantle, Satane o ne a re Molimo o fa batho ba kang Jobo tjotjo, e le hore ba mo sebeletse. O boetse o fane ka maikutlo a hore batho ba sebeletsang Jehova, ba etsa joalo hobane feela ho e-na le ntho eo Molimo a ba fang eona. Jehova o ile a etsa’ng?

8, 9. Ke meeli efe e hlakileng eo Jehova a ileng a e behela Satane, hona hobane’ng? (Jobo 1:12) (Sheba setšoantšo.)

8 Bala Jobo 1:12. Jehova o ile a fa Diabolose monyetla oa hore a bone hore na mantsoe ao a a buileng ke ’nete kapa che, empa a mo behetse moeli. Molimo o ile a mo bolella mantsoe ana ka ho hlaka: ‘U se ke oa etsa Jobo letho.’ Jehova o ile a bua ka pel’a mangeloi ’ohle a neng a le teng sebokeng seo ha a ne a behela Satane meeli ea hore na a ka fella hokae. Satane o ne a se na matla a hore a ka ea ka nģ’ane ho taelo eo. Kahoo, ho ne ho se na ntho eo a ka e etsang ntle le hore a mamele Jehova. Le kajeno ho ntse ho le joalo. Jehova o ile a sebelisa bolaoli ba hae le matla a hae ho sireletsa lebitso la hae le ho sireletsa Jobo.

9 Tlhaselo ea pele ea Satane ha ea ka ea atleha. Jobo o ile a tsoela pele a tšepahalla Ntate oa hae ea leholimong. (Jobo 1:22) Leha ho le joalo, Mohanyetsi eo o ne a e-s’o qete ka Jobo.

Satane o leholimong o bua le Jehova ka ho tella hohle ka pel’a mangeloi.

Jehova o lumelletse Satane hore a mo qose ka pel’a mangeloi (Sheba serapa sa 8 le 9)


10. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Satane hore a leke Jobo hape? (Jobo 2:​2-6)

10 Bala Jobo 2:​2-6. Lekhetlong lena, Satane o ile a tla a pokile le ho feta e le hore a senye botšepehi ba Jobo. Satane o ile a re Jobo o tla rohaka Molimo e le hore a sireletse bophelo ba hae. E le ho lokisa bothata bona, Jehova o ile a lumella Diabolose hore a hlasele monna enoa ea tšepahalang. Empa le lekhetlong lena, Jehova o ile a mo behela meeli, a re: “U se ke oa mo bolaea.” Satane o ne a se na boikhethelo ntle le hore a mamele Molimo. Le mona rea bona hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa o ne a ntse a e-na le taolo nakong eo Jobo a lekoang hobane Satane o ne a sa khone ho ea ka nģ’ane ho meeli eo Jehova a mo behetseng eona.

JEHOVA O FELISA MATHATA A JOBO

11. Ka mor’a hore Jehova a felise mathata a Jobo, o ile a mo hlohonolofatsa joang? (Jobo 42:​10-13)

11 Bala Jobo 42:​10-13. Ho ile ha hlaka hore Jobo ha aa ikemisetsa ho sekisetsa, ’me Jehova o ile a emisa litlhaselo tsa Satane. Jehova o ile a nka bohato ka hore a felise mathata ao mohlanka oa hae ea tšepahalang a neng a feta ho ’ona. Le lekhetlong lena, Mohanyetsi o ne a se na matla a ho thibela qeto ea Jehova. Satane o ne a se a sa lumelloa hore a ka tsoela pele a hlasela mohlanka ea ratehang oa Jehova Jobo ka ho toba.

12. Fana ka mohlala oa batho ba ileng ba bontša hore ba tšepa matla a Jehova a pholosang.

12 Mehleng ena ea bofelo, batho ba bangata ba bone kamoo Jehova a sebelisang matla a hae kateng ho ba sireletsa. Ka mohlala, ka 1945 masole a Manazi a ile a qobella Lipaki Tsa Jehova tse 230 ho tsamaea leeto le lelelele le le kotsi ho tloha kampong ea teronko ea mahloriso e Jeremane ho ea leoatleng e le hore a khone ho li bolaea. Empa Lipaki tseo kaofela li ile tsa pholoha. Li ile tsa ngola mantsoe ana ao li neng li ikemiselitse ho a latela ho sa tsotellehe maemo a kotsi ao li neng li feta ho ’ona: “Nako e thata e telele ea teko e fetile ’me ba bolokehileng, bao e kang ba hloibitsoe sebōping sa mollo, ha ba na leha e le lephoka la mollo feela. . . . Ho fapana le moo, ba fumana matla le bonatla ho Jehova.” Ba ile ba tsoela pele ho re: “Re ipatlela ntho e le ’ngoe feela . . . [ka mor’a] hore re tsoe ka lemeneng leo la litau, e leng ho lumelloa hore re sebeletse Jehova . . . ka ho sa feleng. Eo ke tlhohonolofatso e kholo ka ho fetisisa.”—Bapisa le Daniele 3:27; 6:22.

13. U ka kholiseha ka eng ha o tobana le liteko? (Sheba litšoantšo.)

13 Le rona ka linako tse ling re ka hlaheloa ke maemo ao bophelong re ka utloang eka re lahletsoe ka har’a lemena la litau. (1 Pet. 5:​8-10) Ka linako tse ling, re ka ikutloa re nyahame, re ipotsa hore na teko eo re fetang ho eona e tla ke e fele. Maemong a kang ao, ho hopola phihlelo ea Jobo ho ka u thusa. Re ka kholiseha ka ho felletseng hore Jehova o na le matla a ho felisa lintho tse re utloisang bohloko, ebang o tla felisa mathata a rona hona joale kapa o tla a felisa lefatšeng le lecha le tlang. A ke ke a lumella tsamaiso ena hore e ee ka nģ’ane ho meeli eo a e behetseng eona.

Litšoantšo: Bahlanka ba Jehova ba hlaheloa ke mathata a fapaneng. 1. Mor’abo rona ea holileng o tšelisoa ke mor’abo rona e mocha ba eme ka pel’a lebitla ha ba ntse ba saretsoe ba le mabitleng. 2. Batsoali ba lutse pel’a bethe ea moralinyana oa bona ea kulang sepetlele ba nyahame. 3. Mor’abo rona ea teronkong o ntse a cheka sekoti mochesong o ntšang koena bolibeng a ntse a katuoe ke lesole le hlometseng.

Jehova o tla felisa mathata a hlahelang bahlanka ba hae ba tšepahalang (Sheba serapa sa 13)


JEHOVA O RATA BAHLANKA BA HAE BA TŠEPAHALANG

14, 15. Jehova o ikutloa joang ka moputso oo a tl’o o fa bahlanka ba hae ba tšepahalang? (Jobo 14:15) (Sheba setšoantšo.)

14 Bala Jobo 14:15. Ntate oa rona ea leholimong o na le lerato le khethehileng bakeng sa bahlanka ba hae ba mo tšepahallang. O ba ananela haholo hoo a tla ba tsosa haeba ba ka shoa. O tla felisa bohloko bo bakiloeng ke lefu.—Esa. 65:17.

15 Le hoja Jobo a ile a tsoela pele ho phela lefatšeng le laoloang ke Satane, rea tseba hore tlaleho eo re ka e tšepang ea Bibele e bontša hore Jehova o ile a boela a etsa hore Jobo a phele hantle a ba a mo fa litlhohonolofatso tse ngata ho feta tseo a neng a e-na le tsona pele a lekoa. Litlhohonolofatso tseo e ne e le mofetola oa lintho tseo Jehova a tla li etsetsa Jobo ka moso. Jehova o ile a bontša hore o batla hore bahlanka ba hae ba tšepahalang ba thabe ba be ba thabele bophelo e le kannete. Ha e le hantle, Jehova o tla fa bohle ba bontšang hore baa mo tšepahalla monyetla oa hore ba thabele bophelo bo phethahetseng lefatšeng la paradeise. (Tšen. 21:​3, 4) Joaloka ’Musi Morena oa bokahohle ea phahameng, o na le tabatabelo ea ho etsa seo. Kannete taba ena e lokela ho re tšelisa haholo ha re lokela ho mamella liteko.

Jobo o phetse hantle, o apere hantle ebile o thabile le metsoalle ea hae e etetseng eena le mosali oa hae ha bona.

Ka mor’a hore Jobo a mamelle liteko tse ngata, eena le mosali oa hae ba ile ba thabela litlhohonolofatso tse ngata tse tsoang ho Jehova (Sheba serapa sa 14 le 15)


16. Re na le mabaka afe a mang a ho tšepa Jehova joaloka ’Musi Morena?

16 Ka mor’a hore Jobo a phele nako e telele, qetellong o ile a hlokahala. Empa Jehova ke ’Musi Morena ea Matla ’Ohle, ea nang le matla a ho hlola lefu. (Deut. 32:39) Kahoo, ha ho na motho ea ka mo sitisang hore a tsose batho bao a ba ratang ebile e le ka nako eo a e batlang.—Bar. 8:​38, 39.

TŠEPA JEHOVA KA HO FELLETSENG

17. Ke eng e bontšang hore boiteko ba Satane ba ho felisa batho ba Jehova bo hlolehile?

17 Tlaleho ea Bibele ea buka ea Jobo e re fa mabaka a utloahalang a ho tšepa Jehova ka ho felletseng. Rea thaba hore ebe boiteko ba Satane ba ho felisa batho ba Jehova bo hlolehile. Rea tseba hore Jehova ke eena Ea Phahameng ka ho Fetisisa hobane batho ba ka bang limilione tse robong kajeno ba mo sebeletsa ka botšepehi. Hangata re ile ra bona ha libetsa tse neng li etselitsoe bahlanka ba Jehova li hloleha ho atleha. (Esa. 54:17) Lichaba tse joaloka tšepe le mekhatlo ea bolumeli li hlolehile ho felisa batho ba Jehova ba neng ba bonahala eka ha baa sireletseha. Ha ho letho le ka re thibelang ho bolela ’nete ka Jehova le ho pepesa hore Satane ke raleshano le ’molai. Le lefu le ke ke la re thibela hobane Jehova o tl’o tsosa motho leha e le ofe ea ileng a shoa a mo tšepahalla.—Hos. 13:14.

18. Ke hobane’ng ha re ka lebella bokamoso ka sebete?

18 Ha re ntse re nahanisisa ka tlaleho ena ea ’nete ea bophelo ba Jobo, re matlafatsa tumelo ea rona e le hore re ka lebella bokamoso ka sebete. Nakong ea mahlomola a maholo, batho ba Molimo ba tla bonahala eka ha baa sireletseha ’me Satane le balateli ba hae ba tla bonahala eka ba matla ho ba feta. Empa feela joaloka mehleng ea Jobo, Jehova o tla be a e-na le taolo e felletseng ’me a ke ke a lumella Satane ho felisa batho ba hae ka ho felletseng. Nako ea hore Jehova a felise bohloko boo Satane a bo tliselitseng batho e atamela ka lebelo. Diabolose le bademona ba hae ba tla koalloa ka sekoting se tebileng ka lilemo tse sekete. (Luka 8:31; Tšen. 20:​1-3) Qetellong, Satane le bohle ba mo tšehetsang ba tla felisoa. (Tšen. 20:10) Joalokaha Jehova a boletse, Satane o tla khojoa hlooho. O tla felisoa ka ho felletseng ebile a ke ke a hlola a e-ba teng.—Gen. 3:15; Bar. 16:20.

19. Jehova o tl’o putsa batho ba mo tšepang ka ho felletseng joang? (Sheba setšoantšo.)

19 Barapeli ba ’nete ba lebelletse ka tjantjello nako eo ba tla beng ba phethahetse ’me ba thabela bophelo lefatšeng le lecha le haufi. Bophelo bo tl’o ba monate ho feta kamoo re ka nahanang. Jehova oa re tšepisa o re: “Bona, ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.” (Tšen. 21:5) See se bolela eng? Ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse likete-kete, Satane le bademona ba hae ba ke ke ba hlola ba khona ho lematsa batho kapa ho susumelletsa batho hore ba etse lintho tse khopo. Sena se tla re thabisa haholo. Ha re sa tla hlola re tšoenngoa ke lefatše lena la khale le etsang hore ka linako tse ling le bosiu re se ke ra bo hlotha. Batho ba tla pholoha Armagedone ba tla bona mehlolo e mengata. Ba kulang ba tla phela hantle. Ho ekelletsa moo, baratuoa ba rona ba hlokahetseng ba tla tsosoa. Re tla thabela bophelo ka tsela eo Ntate oa rona ea leholimong a neng a batla ka eona.

Bara le barali ba bo rona ba hlahileng litšoantšong tse fetileng ba thabela bophelo lefatšeng paradeiseng. Mor’abo rona ea holileng o se a le mocha ’me o thabela ho otlolla maoto le mosali oa hae. Batsoali ba thabela ho otlolla maoto le morali oa bona ea seng a folile. Mor’abo rona ea neng a le teronkong o lutse pel’a lelinyane la tau tlas’a sefate o ntse a bala Bibele.

Batho ba ileng ba tšepahala nakong e fetileng le ho mamella liteko, ba tla thabela litlhohonolofatso tsa Jehova tse ngata (Sheba serapa sa 19)


20. U ikemiselitse ho etsa eng?

20 Ke ’nete hore mehleng ena ea bofelo re tla tobana le liteko tse ngata, ’me re lokela ho ba sebete e le hore re lule re tšepahala. Kahoo, re batla ho tsoela pele re tšepa Jehova ka ho felletseng le ho mo mamela joaloka ’Musi oa rona. E se eka re ka bontša hore re rata Ntate oa rona ea leholimong le ho paka hore Satane o leshano. Re ka kholiseha hore haeba re tsoela pele ho tšepahalla Jehova ea Phahameng ka ho Fetisisa, re tla ba le bokamoso bo monate hobane Jehova o batla ho putsa bahlanka ba hae ba tšepahalang ’me o tla fela a etse joalo.

TLALEHO EA BOPHELO BA JOBO E BONTŠA JOANG HORE . . .

  • Jehova ke Ea Phahameng ka ho Fetisisa bokahohleng?

  • Jehova o labalabela ho putsa bahlanka ba hae ba tšepahalang?

  • u ka tšepa Jehova, ’Musi Morena oa bokahohle ka ho felletseng?

PINA EA 153 Mphe Sebete

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela