Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 March leq. 32
  • E-ba Sebete le ho Tšepahala Joaloka Benaia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba Sebete le ho Tšepahala Joaloka Benaia
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ithute Mohlaleng oa Bahlanka ba Jehova ba Tšepahalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • “Nthute ho Etsa Thato ea Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • E-ba Sebete Joaloka Tsadoke
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • “U Tla Etsa ka Botšepehi”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 March leq. 32

MOTHO EA HLAHANG KA BIBELENG

E-ba Sebete le ho Tšepahala Joaloka Benaia

Benaia e ne e le mohale oa ntoa ea sebete ea sebelelitseng Morena Davida le Morena Solomone. E ne e le mora oa moprista. Ka tloaelo, Baprista le Balevi ba ne ba sa ee lintoeng ebile ba sa tšoare libetsa. Empa Benaia eena o ile a nka karolo lintoeng tsa Jehova ’me a bontša hore o sebete haholo. Ka mohlala, o ile a bolaea tau ka sekoting sa metsi ’me a hlola monna ea boholo bo sa tloaelehang ea hlometseng. Davida o ne a tšepa Benaia haholo hoo a ileng a mo etsa molaoli oa balebeli ba hae.—2 Sam. 23:​20-23.

Benaia o ile a lula a tšepahalla Davida nakong eo Absalome le Adonija ba neng ba mo fetohela. (2 Sam. 8:18; 15:18; 1 Mar. 1:8) Ha Davida a ne a se a tsofetse, Benaia o ile a mo tšehetsa ka hore a etse bonnete ba hore Solomone e ba morena. (1 Mar. 1:​32-40) Kannete Benaia o ne a tšepahalla Jehova le batlotsuoa ba hae leha batho ba bang ba ne ba sa tšepahale.

Le rona re hloka ho ba sebete e le hore re loantše sera sa rona se matla e leng Satane le batšehetsi ba hae. Hape re lokela ho tsoela pele ho ikemisetsa ho phela ka melao ea Jehova ea boitšoaro. (Baef. 6:11; 1 Pet. 5:​8, 9) Leha ba bang ba khetha ho tlohela Jehova, rona re mo khomarela ka botšepehi re kholisehile hore o tla re putsa.—2 Sam. 22:26.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela