LA 1-7 JUNE 2026
PINA EA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba
Ke Hobane’ng ha re Thaba ha Batho ba re Hloea?
“Ho thaba lona neng kapa neng ha batho ba le hloea.”—LUKA 6:22.
NTLHA-KHOLO
Re ka thaba haeba batho ba re hloile ka lebaka la ho sebeletsa Jehova.
1. Ke mantsoe afe a makatsang ao Jesu a ileng a a bua ka ho hlouoa?
THUTONG ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Ho thaba lona neng kapa neng ha batho ba le hloea.” (Luka 6:22) E tlameha ebe mantsoe ao a ile a makatsa bamameli ba hae hobane kannete ha ho na motho ea thabelang ho hlouoa. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua mantsoe ao? Eo ke potso ea bohlokoa hobane le balateli ba Jesu kajeno ba hlouoe ke batho ba bangata. Re tl’o bua ka hore na ke hobane’ng ha batho ba re hloile le hore na ke hobane’ng ha re ka thaba ha ba re hloea.
KE HOBANE’NG HA BATHO BA RE HLOILE?
2, 3. Lebaka le ka sehloohong le etsang hore Bakreste ba ’nete ba hlorisoe ke lefe, hona see se etsa hore re ikutloe joang ka bahanyetsi ba rona? (Johanne 16:2, 3)
2 Batho ba re hloile hobane re sebeletsa Jehova. Ha Jesu a ne a bua ka batho ba neng ba tla hlorisa balateli ba hae le ho ba bolaea, o ile a re: ‘Ha ba ntsebe ebile ha ba tsebe Ntate.’ (Bala Johanne 16:2, 3.) Ke mang ea ka sehloohong eo re lokelang ho mo beha molato ha batho ba Molimo ba hlorisoa? Ke Satane. Ke “molimo oa lefatše lena.” (2 Bakor. 4:3, 4) O foufatsa batho hore ba se ke ba tseba ’nete ka Jehova ’me o etsa hore ba hanyetse batho ba tsebang Molimo le ba mo ratang. (Joh. 8:42-44) Ho tseba see ho ka etsa hore re ikutloe joang ka bahanyetsi ba rona? Ho utloisisa hore ba foufalitsoe ke Satane ho ka re thusa hore re se ke ra ba hloea.
3 Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Pavel,a ea lulang naheng eo mosebetsi oa rona o thibetsoeng. O ile a tšoaroa ka lebaka la ho tsoela pele a sebeletsa Jehova ka botšepehi, a otloa ka sehloho a ba a koalloa seleng a le mong ka likhoeli tse ngata. Hona joale o re: “Ho hlakile hore bademona ke bona ba etsang hore re hlorisoe hobane ba hanyetsa borapeli ba ’nete. Hoa bonahala hore batho ba sebetsang mona teronkong ha baa hloea rona, empa feela ba iketsetsa mosebetsi oa bona.” Mor’abo rona oa Croatia ea ileng a mamella ho hlorisoa ka sehloho ke batsoali ba hae bao eseng Lipaki, o re: “Ke hlokometse hore sera sa ka sa ’nete ke Satane eseng batsoali ba ka.”—Baef. 6:12.
4. Re ka ithuta eng mohlaleng oa Jesu le oa morutuoa Setefane? (Sheba setšoantšo.)
4 Ha rea hloea batho ba re hanyetsang. Ha e le hantle re susumelletseha ho ba rapella. (Mat. 5:44) Re ka ithuta sena mohlaleng oa Jesu le morutuoa Setefane. Ha Jesu a ne a khokhotheloa palong ke masole a Baroma, o ile a rapela a re: “Ntate, u ba tšoarele.” (Luka 23:34) Jesu o ne a kopa Jehova hore a tšoarele masole ana a neng a fuoe mosebetsi oa ho mo bolaea. E ka ’na eaba o ne a boetse a nahanne ka batho ba ileng ba hoeletsa hore a bolaoe hobane ba ne ba susumetsoa ke lira tsa hae. Jesu o ile a hlokomela hore batho bana ba ne ba sa tsebe seo ba se etsang. Ka tsela e tšoanang, morutuoa Setefane o ile a kopa Molimo hore a tšoarele batho ba neng ba tl’o mo bolaea. (Lik. 7:58-60) Na Jehova o ile a araba thapelo ea Jesu le ea Setefane? Ho joalo. Hamorao batho ba bangata ba neng ba batla hore Jesu a bolaoe ba ile ba baka, ba bontša tumelo ho eena ’me ba kolobetsoa. (Lik. 2:36-41) Saule o ne a tšehetsa batho ba ileng ba bolaea Setefane, ’me hamorao e ile ea e-ba Mokreste ’me a soabela seo a neng a se entse haholo ka lebaka la ho se tsebe.—1 Tim. 1:13.
Joalokaha Jesu le morutuoa Setefane ba ile ba rapella batho ba neng ba ba hlorisa, le rona re ka rapella ba re hlorisang (Sheba serapa sa 4)
5. Re ithuta eng phihlelong ea Mor’abo rona César?
5 Jehova o tsoela pele ho araba lithapelo tseo bahlanka ba hae ba li etsetsang bahanyetsi ba bona le kajeno. Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona César, ea lulang Venezuela. Ntate oa hae o ne a hanyetsa ’nete ka mabifi. Mor’abo rona César o re: “’Mè oa ka e ne e le mosali le ’mè oa sebele. Le hoja kamehla a ne a beha ’Muso pele, o ne a lula a hlokomela ntate oa ka. O rutile bana beso le ’na hore re hlomphe ntate oa rona. O boetse o re rutile hore re mamele ntate oa rona, ntle le ha a re re etse ntho e khahlanong le thato ea Molimo.” Ha lilemo li ntse li ea, maikutlo a ntate oa hae a ile a fetoha. Mor’abo rona César o re: “Ka letsatsi le leng, ka mor’a hore ke etse thapelo e tebileng, ke ile ka kopa ntate oa ka hore ke ithute Bibele le eena. Ho thata ho hlalosa kamoo ke ileng ka ikutloa kateng ha a ne a lumela.” Ha nako e ntse e ea, ntate oa César o ile a kolobetsoa. Ke ’nete hore ha se bahanyetsi bohle ba etsang liphetoho tsena, empa ba bang ba fetola maikutlo a bona ka mor’a hore ba bone tsela eo re buang ka tlhompho ka eona le boitšoaro ba rona. Re thaba haholo ha re bona ba fetoha. Re labalabela ho bona kamoo Jehova, “Moahloli oa lefatše lohle” ea mohau a tla hulela ba joalo ho eena kateng.—Gen. 18:25.
6. Ho ea ka Mareka 13:13, lebaka le leng le etsang hore re hlouoe ke lefe?
6 Batho ba re hloile hobane re hlompha Jesu. Jesu o ile a re Bakreste ba ’nete ba tla hlouoa ke batho bohle “ka lebaka la lebitso la [hae].” (Bala Mareka 13:13.) “Lebitso” la Jesu le emela’ng? Le emela botumo ba hae le matla a hae joaloka Morena oa ’Muso oa Molimo. Re hlouoe ke batho ba tšepileng baeta-pele ba lefatše ho e-na le ho tšepa Jesu Kreste eo Jehova a mo khethileng hore a buse lefatše le leholimo. Haesale Jesu e le Morena oa ’Muso oa Molimo ho tloha ka 1914. Haufinyane, o tla felisa mebuso eohle e khahlanong le ’Muso oa Molimo le e hanang bobusi ba hae.
7, 8. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba Jehova ba tšoaroa hampe? (Johanne 15:18-20) (Sheba litšoantšo.)
7 Batho ba re hloile hobane re hanyetsa lefatše la Satane. Jesu o ile a hlalosetsa balateli ba hae hore ba ne ba tla hlouoa hobane “ha [se] ba lefatše.” (Bala Johanne 15:18-20.) Joaloka Bakreste ba mehleng ea pele, re hanyetsa mekhoa e mebe, boitšoaro le lintho tse mpe tse buuoang ke batho ba lefatše lena la Satane. Ka lebaka la sena, Bakreste-’moho ba bangata ba ile ba tšoaroa hampe ke batho mesebetsing kapa likolong. (1 Pet. 4:3, 4) Leha ho le joalo, rea thaba hore ebe ba bang ba bahanyetsi ba rona ba fetola maikutlo a bona ’me ba ananela hore re emela tumelo ea rona re sa sisinyehe.
8 Nahana ka phihlelo ea Mor’abo rona Ignacio, ea lulang Amerika e Bohareng. O ne a kena sekolo moo tichere ea hae e neng e mo soma ka lilemo tse ngata ka lebaka la ho mamela melao ea Molimo e phahameng ea boitšoaro. Leha ho le joalo, pele Mor’abo rona Ignacio a qeta sekolo, tichere eo e ile ea mo botsa hore na o khonne joang ho phela ka melao ea Bibele boemong bo bobe joalo ba sekolo. O ile a hlalosa hore o nka melao ea Molimo e mo sireletsa. O ile a boela a mema tichere eo hore e tle libokeng. O ile a makala ha tichere e fihla libokeng. Tichere eo e ile ea makatsoa ke lerato leo e ileng ea le bontšoa ha e ne e tlile libokeng ’me e ile ea tsoela pele ho tla libokeng. Hamorao tichere eo le eona e ile ea hanyetsoa ka lebaka la ho ithuta Bibele. Empa e ile ea hatela pele moeeng ho fihlela e kolobetsoa.
Ho sa tsotellehe lilemo tsa rona, ka sebete re ka atleha ho emela tumelo ea rona (Sheba serapa sa 8)b
9, 10. (a) Ke lebaka lefe le etsang hore Bakreste ba fapane le batho ba lefatše lee la Satane? (b) Re ka ithuta eng mohlaleng oa moapostola Pauluse?
9 Re fapane le batho ba lefatše lena la Satane hobane ha re nke karolo lipolotiking le lintoeng. (Joh. 18:36) Tumellanong le keletso e hlahang ho Baroma 13:1, re loanela ho ba baahi ba mamelang molao. Leha ho le joalo, joaloka Bakreste, re lula re sa nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki. Kahoo, ha re leke ho etsa hore batho ba re khethe ebile ha re khethe ba bang ba iketelang ho khethoa. Hobane’ng? Hobane re tšepahalla Jehova le ’Muso oa hae o tlas’a Kreste. Lipaki Tsa Jehova tse ngata li isitsoe teronkong ka lebaka la ho emela tumelo ea tsona. Ho sa tsotellehe seo, Bakreste ba literonkong ba tsoela pele ho bolela litaba tse monate. Ka ho etsa joalo, ba etsisa moapostola Pauluse, ea ileng a qeta lilemo a lula ntlong eo a tšoaretsoeng ho eona. (Lik. 24:27; 28:16, 30) O ile a tsoela pele ho bolela litaba tse monate ho bohle ba neng ba mo mamela, ho akarelletsa balebeli ba teronko, balaoli ba lekhotla, matona, marena, mohlomong le liofisiri tsa Moemphera Nero oa Moroma.—Lik. 9:15.
10 Ka tsela e tšoanang, bana ba bo rona ba tšoeroeng ba bolela litaba tse monate ho bohle ba mamelang, ho akarelletsa baahloli, baeta-pele ba ’muso le balebeli ba literonko. Mor’abo rona e mong ea ileng a qeta lilemo tse fetang tse tšeletseng a le teronkong ka lebaka la ho se kenelle lipolotiking, o re o nka nako eo a e qetileng a le teronkong e se kotlo, empa e le kabelo e tsoang ho Jehova ea ho fumana batho ba kang linku. Rea thaba hore ebe Jehova o khona ho re sebelisa ho fumana batho ba joalo hore re ba bolelle litaba tse monate. (Bakol. 4:3) A re hlahlobeng mabaka a mang a etsang hore re thabe le hoja batho ba re hloile ka lebaka la ho sebeletsa Jehova.
KE HOBANE’NG HA RE KA THABA LEHA RE HLOUOE?
11. Ho tobana le mahloriso ho ka matlafatsa tumelo ea rona joang? Fana ka mohlala.
11 Rea tseba hore ha batho ba re hloile ba phethahatsa boprofeta ba Bibele. Boprofeteng ba pele bo hlahang ka Bibeleng, Jehova o ile a bolela esale pele hore Satane le bana ba hae ba tšoantšetso ba tla hloea motho e mong le e mong ea ratang Jehova le ho mo sebeletsa. (Gen. 3:15) Hangata Jesu o ne a re batho ba sebeletsang Jehova ba tla hlouoa, joalokaha bangoli ba bane ba Likosepele ba ngotse. (Mat. 10:22; Mar. 13:9-12; Luka 6:22, 23; Joh. 15:20) Le bangoli ba bang ba Bibele ba ile ba bua mantsoe a tšoanang. (2 Tim. 3:12; Jak. 1:2; 1 Pet. 4:12-14; Juda 3, 17-19) Kahoo, ha mahloriso a hlaha ha re tšohe. Ho e-na le hoo, rea thaba hore ebe boprofeta ba Bibele boa phethahala. Sena sea re kholisa hore re sebeletsa Molimo oa ’nete. Morali oa bo rona ea lulang naheng eo mosebetsi oa rona o thibetsoeng, o re: “Ha ke ne ke inehela ho Jehova, ke ne ke tseba hore ke tla tobana le mahloriso hona joale kapa nakong e tlang. Kahoo, liteko tse neng li ntlhahela li ne li sa ntšose kapa hona ho ’makatsa.” Monna oa hae e ile ea e-ba motho oa pele oa hore a mo hanyetse. O ile a mo tšoara hampe a ba a chesa Bibele ea hae le lingoloa tse thehiloeng Bibeleng. Empa ho e-na le hore a inehele ka lebaka la letsoalo, tumelo ea morali oa bo rona e ile ea e-ba matla le ho feta. (Baheb. 10:39) O re: “Ho ile ha profetoa hore re tla hlorisoa. Kahoo, ke ne ke tseba hantle hore seo se lokela ho etsahala. Ha ke hlorisoa, ke ile ka kholiseha hore bona ke bolumeli ba ’nete.”
12. Ke eng e ileng ea thusa mor’abo rona e mong hore a mamelle mahloriso?
12 Le hoja re lebelletse ho hlorisoa, ha re hlorisoa ho ka ’na ha e-ba thata hore re mamelle. Mor’abo rona e mong o ile a ngola tjena ha a bua ka nako eo a e qetileng a le teronkong: “Ka linako tse ling, ke ne ke ikutloa ke nyahame ke bile ke tšoenyehile ’me ke ne ke lla.” Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a mamelle? O ile re: “Ke ne ke qala letsatsi la ka ka ho rapela ’me ha letsatsi le ntse le ea, ke ne ke rapela neng le neng ha ke kopana le boemo bo boima. Ha ke halefa ka lebaka la ho tšoaroa ka ho hloka toka, ke ne ke ikoalla ka ntloaneng ebe kea rapela.” Mor’abo rona eo o ile a boela a nahanisisa ka mehlala ea mehleng ea khale le ea mehleng ena ea batho ba ileng ba tšepahalla Jehova. Seo se ile sa mo thusa hore a mamelle ho hlorisoa le ho ba le khotso eo Jesu a ileng a e tšepisa balateli ba hae.—Joh. 14:27; 16:33.
13. Ke eng e ka re thusang ho hlola lehloeo?
13 Re na le lerato le matla ho feta lehloeo. Jesu ha aa ka a khaotsa ho rata Ntate oa hae ka pelo ea hae eohle ho fihlela a shoa. Jesu o ne a boetse a rata metsoalle ea hae. (Joh. 13:1; 15:13) Haeba le rona re e-na le lerato le joalo bakeng sa Jehova le Bakreste-’moho, re tla khona ho hlola lehloeo. Joang? E le hore re arabe potso ena, a re hlahlobeng mohlala oa moapostola Pauluse.
14. Ke eng e thusitseng Pauluse ho ema a tiile ha a ne a tobane le lefu?
14 Nakoana pele moapostola Pauluse a bolaoa, o ile a ngolla motsoalle oa hae Timothea, a re: “Moea oa Molimo ha o re etse makoala empa o re thusa hore re be matla, re be lerato.” (2 Tim. 1:7) Pauluse o ne a bolela’ng? O ne a bolela hore lerato le matla leo re ratang Jehova ka lona le ka susumetsa Mokreste hore a ikemisetse ho tobana le teko e boima ka ho fetisisa. (2 Tim. 1:8) Ha ho pelaelo hore lerato leo Pauluse a neng a rata Jehova ka lona le ile la mo thusa hore a tobane le lefu ka sebete, ntle le hore a lahle borapeli ba ’nete.—Lik. 20:22-24.
15. Mehleng ee, Bakreste-’moho le rona ba bontšitse lerato le se nang boithati joang nakong eo Bakreste ba bang ba neng ba ba hloka? (Sheba setšoantšo.)
15 Kannete re rata balumeli-’moho le rona ba emang ba tiile leha ba tobana le mahloriso. Ba bang mehleng ena ba ikemiselitse ho beha bophelo ba bona kotsing bakeng sa Bakreste-’moho le bona joalokaha Akuila le Prisilla ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing bakeng sa Pauluse. (Bar. 16:3, 4) Ka mohlala, naheng ea Russia, Bakreste ba bangata ba ile ba ea makhotleng a linyeoe e le ho khothatsa Bakreste-’moho le bona ba tšoeroeng. Ha morali oa bo rona e mong ea neng a tšoeroe a bona bara le barali ba bo rona ba bangata ba tlile lekhotleng la linyeoe, o ile a ameha maikutlo hoo a neng a sa khone ho bua ka nakoana. Lerato le se nang boithati la Bakreste-’moho le eena le ile la mo matlafatsa ha a ne a hloka ho matlafatsoa. Kannete rea thaba hore ebe re na le lerato le matla ho feta lehloeo.
Esita le moo mosebetsi oa rona o thibetsoeng, Bakreste-’moho le rona ba bontšitse lerato le se nang boithati bakeng sa Bakreste-’moho le bona (Sheba serapa sa 15)c
16. Ke hobane’ng ha moapostola Petrose a ne a re batho ba tšoaroang hampe ka lebaka la ho sebeletsa Molimo ba na le lebaka la ho thaba? (1 Petrose 4:14)
16 Rea tseba hore re thabisa Molimo ha re mamella ha re hlouoa. (Bala 1 Petrose 4:14.) Moapostola Petrose o ile a re ba mamelletseng ho tšoaroa hampe ka lebaka la ho sebeletsa Molimo ba na le lebaka la ho thaba. Joang? Ho tšoaroa hampe ka tsela eo ke bopaki ba hore ba na le moea oa Molimo. Petrose o ne a tseba hore na ho joang ho amoheloa ke Molimo le ho mamella ho hlorisoa. Nakoana ka mor’a Pentekonta ea selemo sa 33 mehleng ea baapostola, mapolesa a tempele a Bajuda a ile a laeloa hore a il’o tšoara Petrose le baapostola ba bang ba neng ba etsa mosebetsi oa boboleli. Empa Petrose o ile a emela tumelo ea hae ka sebete. (Lik. 5:24-29) Le ka mor’a hore ba otloe, eena le baapostola-’moho ha baa ka ba emisa ho bolela litaba tse monate. Ho e-na le hoo, ba ile ba thaba “hobane ba nka e le tlotla ho tlotlolloa ka lebaka la lebitso la [Jesu].” Le rona re ka thaba ha re mamella liteko.—Lik. 5:40-42.
17. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae eng bosiung ba ho qetela pele a shoa?
17 Bosiung ba ho qetela pele a bolaoa, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ea nthatang o tla ratoa ke Ntate. Le ’na ke tla mo rata.” (Joh. 14:21) Re lebelletse ka tjantjello nako eo re tla beng re ratoa, re sa hlouoa ka lebaka la ho sebeletsa Jehova. (2 Bathes. 1:6-8) Empa hona joale, e se eka re ka tšelisoa ra ba ra matlafatsoa ke ho ba le mabaka a mangata a hore re thabe le hoja batho ba re hloile.
PINA EA 149 Pina ea Tlholo
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Pontšo ea se ileng sa etsahalla Mor’abo rona Ignacio ha a ne a pakela tichere ea hae.
c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Pontšo ea se ileng sa etsahala ha Bakreste ba tšehetsa molumeli-’moho le bona ea neng a isoa teronkong ka lebaka la tumelo ea hae.