Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 June maq. 20-25
  • Mamela ka Hloko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mamela ka Hloko
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HOPOLA HORE JEHOVA KE EENA EA BUANG LE RONA
  • KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO MAMELA KA HLOKO HA RE LE LIBOKENG?
  • RE KA THUSA BATHO BA BANG JOANG HORE BA MAMELE HA BA LE LIBOKENG?
  • U KA ETSA’NG HORE U BE MOTHO EA MAMELANG KA HLOKO?
  • LULA U MAMELA JEHOVA
  • ‘Batho Bao Lipelo Tsa Bona li ba Susumetsang’ ba Tla Mamela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Ntlafatsa ‘Tsebo ea Hao ea ho Ruta Hantle’ Mosebetsing oa Boboleli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Molebeli oa Potoloho
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 June maq. 20-25

LA 31 AUGUST–LA 6 SEPTEMBER 2026

PINA EA 89 Mamela ’me u Hlohonolofatsoe

Mamela ka Hloko

“Le mamele ka hloko.”—LUKA 8:18.

NTLHA-KHOLO

Mabaka ao ka ’ona re lokelang ho mamela ka hloko nakong ea liboka le mananeo a mang a moea le hore na re ka etsa seo joang.

1, 2. (a) Jehova o hlokomela batho ba hae joang moeeng mehleng ee? (Pesaleme ea 23:​1, 2, 5) (b) Re tl’o ithuta eng mabapi le liboka?

MEHLENG ena Jehova o re fa lijo tse ngata tsa moea. Ke kahoo re lumellanang le Davida ha a re: “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho.”—Bala Pesaleme ea 23:​1, 2, 5.

2 Tsela e ’ngoe eo Jehova a fanang ka lijo tsa moea ka eona mehleng ena ke ka liboka tsa phutheho. Ha re le libokeng tsena, hangata re ithuta lintho tseo re li tsebang. Le hoja re “kholisehile ka ’nete,” re hloka likhopotso tsena. (2 Pet. 1:12) Leha ho le joalo, na u thatafalloa ke ho mamela ka hloko haeba ho buuoa ka lintho tseo ho kileng ha buuoa ka tsona ka makhetlo a mangata? Sehlooho sena se tl’o u thusa. Re tl’o ithuta hore na ke hobane’ng ha re lokela ho mamela ka hloko ha re le libokeng. Hape re tl’o bona hore na batho ba fanang ka lipuo ba ka etsa’ng e le hore batho ba ba mamele. Re tla boela re bue ka lintlha tse ka re thusang hore re be batho ba mamelang hamolemo. Empa pele a re hlahlobeng hore na ke mang ea buang le rona ha re le libokeng.

HOPOLA HORE JEHOVA KE EENA EA BUANG LE RONA

3. Jehova o bua le rona joang, hona bahlanka ba hae ba sebelisa Lentsoe la hae hantle joang?

3 Jehova o bua le rona a sebelisa Lentsoe la hae e leng Bibele. (2 Tim. 3:​16, 17) Jesu o ne a utloisisa sena hantle. O ne a e-na le bokhoni ba ho sebelisa Lentsoe la Molimo hoo bamameli ba hae ba ileng ba susumelletseha ho botsa ba re: “Ho tla joang hore ebe monna eo o tseba Mangolo hakaale empa a sa ea likolong?” (Joh. 7:15) Batho ba lipelo li ntle ba ne ba thabela ho utloa ha Jesu a hlalosa Lentsoe la Molimo. Bakreste ba phetseng mehleng ea baapostola le bona ba ile ba sebelisa Mangolo ha ba ne ba behelana mabaka le batho ba bang. Moapostola Pauluse le Apolose ke ba bang ba Bakreste ba ileng ba etsa seo. (Lik. 17:​2, 3; 18:​24, 28) Le rona joaloka Lipaki Tsa Jehova rea tseba hore Bibele ke mokokotlo oa lihlooho tseo re li lokollang, mananeo a broadcasting, lipuo tse fanoang le livideo. Batho ba bangata ba re etelang libokeng, ba khahloa ke tsela eo batho ba Jehova ba sebelisang Bibele ka eona. Bohle ba nang le likarolo libokeng tse joalo ba etsa Lentsoe la Molimo mokokotlo oa thuto eo ba fanang ka eona, eseng feela ka hore ba le bale empa ka ho bontša bamameli hore na ba ka sebelisa seo ba ithutang sona joang Lentsoeng la Molimo.—Luka 24:32.

4. Poleloana “ho utloa” le “ho mamela” li fetisa moelelo ofe?

4 Hangata ka Bibeleng poleloana “ho utloa” le “ho mamela” li sebelisoa ho fetisa moelelo oa ho etsa seo motho a se buang. Kahoo, ha Jehova a bua le rona a sebelisa Lentsoe la hae libokeng ’me re utloisisa hore na thato ea hae ke efe, ho ba bonolo hore re e etse. Re ka kholiseha hore Jehova oa thaba ha re mo mamela le ha re etsa lintho tseo re ithutileng tsona.—Liprov. 27:11.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO MAMELA KA HLOKO HA RE LE LIBOKENG?

5. Tsela eo re ratang Jehova ka eona e re susumelletsa hore re etse eng? (Johanne 4:​23, 24; 1 Johanne 5:3)

5 Rea mamela ha re le libokeng hobane re rata Jehova. (Mat. 22:37) Re tla rata Jehova le ho feta ha re ntse re tsoela pele ho ithuta ka eena. Lerato leo le etsa hore re labalabele ho mo mamela, ho etsa lintho tseo a reng re li etse le ho mo sebeletsa ka tsela eo a re bolelletseng eona ka Lentsoeng la hae.—Bala Johanne 4:​23, 24; 1 Johanne 5:3.

6. Re ithuta eng ka ho thusa batho ba bang ha re le libokeng?

6 Rea mamela ha re le libokeng hobane re rata batho. (Mat. 22:39) Ha re le libokeng, Jehova o re ruta hore re thuse Bakreste-’moho le batho ba e-s’o mo tsebe. Ka mohlala, bukana ea Rata Batho U ba Etse Barutuoa e re thusitse ho ba le makhabane a tla re thusa ha re le tšimong. Na u utloa ho le thata ho qalisa moqoqo le batho? Haeba ho joalo, mamela ka hloko libokeng tsa har’a beke karolong ea “E-ba Mafolofolo Mosebetsing oa Boboleli.”

7. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa haholo hore re lule re mamela Jehova?

7 Rea mamela ha re le libokeng hobane re rata bophelo. Ha re etsa lintho tseo re ithutang tsona ka Lentsoeng la Molimo, re tla thaba re be re phele ka ho sa feleng, joalokaha Jehova a ile a bolella barapeli ba hae ba ’nete ba nakong e fetileng. (Deut. 32:​44-47) Ha re mamela libokeng, re fumana likhothatso tse re thusang hore re letele lefatše le lecha ka mamello. (Bar. 8:25) Ho bohlokoa haholo ho mamela Jehova hona joale hobane re phela matsatsing a ho qetela ’me re lokela ho lula re falimehile moeeng.—Mat. 24:​42-44; Tšen. 1:3.

RE KA THUSA BATHO BA BANG JOANG HORE BA MAMELE HA BA LE LIBOKENG?

8. Ke hobane’ng ha bara ba bo rona ba fanang ka lipuo tsa phatlalatsa ba lokela ho tsoela pele ba ntlafatsa bokhoni ba ho bua?

8 Bara ba bo rona ba rutang libokeng, haholo-holo ba fanang ka lipuo tsa phatlalatsa, ba lokela ho tsoela pele ba ntlafatsa tsela eo ba buang ka eona. Puo e lokiselitsoeng hantle e thehiloeng Bibeleng e ka thusa batho hore ba tsebe ’nete, hape e ka thusa le balumeli-’moho hore ba lule ’neteng. Haeba u na le karolo libokeng, hopola hore e ka thusa ba bang haholo ho feta kamoo u nahanang kateng. Haeba u na le tokelo ea ho ruta, nahana kamoo u ka sebelisang lintlha tse latelang kateng lipuong tsa hao. Le hoja lintlha tsena li lebisitsoe ka ho toba ho batho ba fanang ka lipuo tsa phatlalatsa, li boetse li ka sebelisoa lipuong tsohle tseo re li fuoang.—2 Tim. 4:2; Tite 1:9.

9. Ke eng e ka etsang hore ho be thata hore batho ba u mamele?

9 Lokisetsa hore puo ea hao e hlake. Joaloka sebui, u lokela ho etsa hore ho be bonolo hore batho ba hlakeloe ke lintlha tsa hao le hore ba tsamaisane le uena. Ho ka ba thata hore batho ba u mamele haeba lintlha tsa hao li rarahane. U ka etsa’ng e le hore u fane ka puo e hlakileng? U ka latela lintlha tsena: (1) Li sa tloha feela, hlakisa lintlha tsa hao tsa sehlooho. (2) Bua ka ntlha e le ’ngoe ka nako, khefutsa hanyane pele u fetela ntlheng e ’ngoe ea sehlooho ’me u hlakise ntlha ea sehlooho e latelang pele u tsoela pele. (3) Pheta lintlha tsa sehlooho hakhutšoanyane qetellong ea puo ea hao.

10. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore u rate lintlha tseo u tl’o bua ka tsona puong ea hao?

10 Rata lintlha tseo u lokelang ho li ruta puong ea hao. Ha u rata lintlha tseo u tl’o bua ka tsona, u tla bua ka tsona ka cheseho. (Liprov. 2:​4, 5; Lik. 4:20) Ho thuisa ka mangolo le lintlha tsa puo ea hao ho tla u thusa hore u e thabele. Mor’abo rona ea lilemong tsa bo-70 oa Amerika o hopola puo eo a ileng a e utloa ha e ntse e le mocha. O re: “Ke ntse ke hopola kamoo sebui se neng se re khothalletsa kateng hore re thuise ha re bala Lentsoe la Molimo. Se ile sa bua ka kholiseho, sa ba sa hlakisa hore na re ka etsa seo joang. Puo eo e ile ea fetola bophelo ba ka. E ile ea nthusa hore ke ntlafatse tsela eo ke balang Bibele ka eona le setsoalle sa ka le Jehova.”

11. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore u fane ka litlhahiso tse tobileng tse ka thusang bamameli ba hao ha u fana ka puo? (1 Timothea 4:​13-16)

11 Nahana ka litlhoko tsa bamameli ba hao ’me u ba fe litlhahiso tse ka ba thusang. Ho e-na le ho akaretsa lintlha, sebelisa Mangolo ho fana ka khothatso le litlhahiso tse tobileng. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a fa Timothea litlhahiso tse ’maloa tse tobileng ho mo thusa hore a lule a tiile tumelong ha a ntse a pheta kabelo ea hae Efese. (Bala 1 Timothea 4:​13-16.) Nahana ka hore na bamameli ba hao ba hloka’ng ’me u ba thuse ho bona litsela tse tobileng tseo ba ka sebelisang lintlha tseo u ba fang tsona.

12. Ke hobane’ng ha ho le molemo hore u bue ka tsela ea tlhaho ha u fana ka puo?

12 Itlhakise ka lentsoe le phahameng e le hore u ka bua ka tsela ea tlhaho. Ho e-na le hore u ngole puo ea hao fatše lentsoe ka lentsoe le ho e bala, bua ka tsela ea tlhaho. Ha u etsa joalo, bamameli ba hao ba tla nolofalloa ke ho u mamela le ho u utloisisa. Bukana ea Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta e re: “Bua ka tsela e etsang hore bamameli ba hao ba bone hore na u ikutloa joang ka bona le ka taba eo u buang ka eona.” Ha u bua ho tsoa pelong, bamameli ba hao ba tla u mamela ka hloko, ba thabele lintlha tsa hao le ho susumelletseha ho li sebelisa.

13. Ke hobane’ng ha batho ba rutang ka phuthehong ba lokela ho kopa keletso ho bara ba bo rona ba nang le boiphihlelo? (Sheba setšoantšo.)

13 Kopa mor’abo rona ea nang le boiphihlelo hore a u eletse. U ka etsa seo joang? Mo fe lintlha tsa hao pele u fana ka puo ’me u leke ho sebelisa litlhahiso tseo a tla u fa tsona. Ho ekelletsa moo, mo kope hore a u mamele ha u ntse u fana ka puo e le hore a ka u fa litlhahiso tsa hore na u ka ntlafatsa joang. (Liprov. 1:5) Ha se kamehla kaofela ha rona re hlokomelang moo re lokelang ho ntlafatsa teng ’me re ka se tsebe haeba lintlha tsa rona li hlakile ebile batho ba ka khona ho li sebelisa. Re batla ho ntlafatsa joaloka libui le matichere e le hore re thuse bamameli ba rona ho rua molemo matlotlong a moea a tsoang ka Lentsoeng la Molimo.a

Mor’abo rona o ikoetlisetsa ho fana ka puo a eme ka pel’a mor’abo rona ea nang le boiphihlelo ea ntseng a ngola lintlha ba le Holong ea ’Muso.

Kopa mor’abo rona ea nang le boiphihlelo hore a u thuse ho ntlafatsa (Sheba serapa sa 13)


U KA ETSA’NG HORE U BE MOTHO EA MAMELANG KA HLOKO?

14. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlaolela boikutlo boo mongoli oa Pesaleme ea 119 a neng a e-na le bona? (Pesaleme ea 119:​24, 111, 167)

14 Re ka ba batho ba mamelang ka hloko ka hore re ananele likhopotso tsa Jehova haholo. Re hloka likhopotso tsa Molimo e le hore re mamelle mathata ao re tobanang le ’ona ‘mehleng ena e thata le e kotsi.’ (2 Tim. 3:1) Re lokela ho nahanisisa ka boikutlo boo mongoli oa Pesaleme ea 119 a neng a e-na le bona ka likhopotso tsa Jehova haeba ka linako tse ling re utloa eka re rutoa ntho e le ’ngoe hangata.—Bala Pesaleme ea 119:​24, 111, 167.

15. Re ka etsa eng e le re lule re ananela lijo tsa moea tseo re li fuoang libokeng?

15 Re lokela ho lula re e-na le pono e nepahetseng ka lijo tsa moea tseo re li fuoang, joalokaha Baiseraele ba ne ba lokela ho lula ba e-na le pono e nepahetseng ka manna ao Jehova a neng a ba fa ’ona ha ba ntse ba le lefeelleng. (Ex. 16:​15, 31) Ha ho pelaelo hore qalong Baiseraele ba ne ba ananela manna ana. A ne a tsoa ho Jehova, a le monate a bile a etsa hore ba tsoele pele ba phela. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea ba bang ba ile ba qala ho tenoa ke ho ja manna letsatsi le letsatsi. (Num. 21:5) Re ithuta’ng? Le ka mohla ha rea lokela ho nka lijo tsa moea e le lintho feela tse tloaelehileng kapa lithuto tse ntseng li pheta-phetoa ho sa hlokahale. Ho e-na le hoo, re lokela ho ela hloko hore Jehova ke eena Mofani oa tsona. Re lokela ho hopola hore mokhatlo oa Jehova o re lokiselitse lijo tsena ka hloko. Re boetse re lokela ho hopola hore bohlale boo re bo fumanang lijong tsena bo re thusang hore re lule re phela.—Liprov. 3:​13, 16-18; Joh. 17:3.

16. Bahlanka ba bang ba Jehova ba mo sebelelitseng ka nako e telele ba thusitsoe ke eng hore ba lule ba mamela ka hloko libokeng? (Sheba lebokose le reng “Lintlha Tse ka u Thusang Hore u Mamele Hantle.”)

16 Re ka ba batho ba mamelang ka hloko ha re sebelisa likeletso tse latelang. Hlokomela hore na bahlanka ba Jehova ba mo sebelelitseng ka nako e telele ba thusitsoe ke’ng hore ba mamele ka hloko ha ba le libokeng. Morali oa bo rona Ashley, ea sebelelitseng Jehova ka lilemo tse ka holimo ho 30 o re: “E le hore u khone ho mamela ka hloko u lokela ho lokisetsa hantle. Ha ke sa lokisetsa, ke thatafalloa ke ho araba ’me kelello ea ka ea lelera.” Mor’abo rona József, ea sebelelitseng Jehova ka lilemo tse 52 o re: “Ke thabela ho mamela lihlooho tseo ke li tsebang hobane ho li sheba ka leihlo le fapaneng ho eketsa kutloisiso ea ka. Haeba mor’abo rona e se sebui se hloahloa, ke leka ho mamela molaetsa o tsoang Lentsoeng la Molimo eseng hore na o fana ka oona joang.”

Lintlha Tse ka u Thusang Hore u Mamele Hantle

Ha bahlanka ba Jehova ba mo sebelelitseng ka nako e telele ba botsoa potso e reng, “U thusitsoe ke’ng hore u mamele ka hloko ha u le libokeng?” ba fane ka litlhahiso tse latelang tse ka re thusang:

  • Morali oa bo rona Suefawn ea kolobelitsoeng ka 1986 o re: “Lula ka pele libokeng e le hore u tsepamise mohopolo ho sebui le livideong tse bapaloang.”

  • Mor’abo rona David ea kolobelitsoeng ka 1983 o re: “Ke rapela Jehova ka makhetlo e le hore a nthuse ho tsepamisa mohopolo ’me ke ikhopotsa hore ho tla libokeng, ho tsepamisa mohopolo, le ho nka karolo ho tsona ke karolo ea borapeli ba ka ho Jehova.”

  • Mor’abo rona Nicolas ea kolobelitsoeng ka 1982 o re: “E-ba le pakane ea ho leboha motho e mong le e mong ea faneng ka kabelo. U ka mo leboha ka mohlala oo a o sebelisitseng, ntlha eo a faneng ka eona kapa papiso eo u e ratileng eo a e sebelisitseng puong ea hae.”

  • Mor’abo rona Augustin ea kolobelitsoeng ka 1988 o re: “Ke lula ke ipolella hore haeba mohlanka ea tšepahalang a pheta sehlooho seo re seng re se tseba, le sona ke lijo tsa moea ka nako e nepahetseng.”

17. U ka etsa eng e le hore u mamele ka hloko ha u le libokeng? (Sheba setšoantšo.)

17 Lintho tse ling tse ka u thusang hore u mamele ka hloko ha u le libokeng ke tsena: (1) Haeba u ja pele u ea libokeng, etsa bonnete ba hore u ja lijo tse bobebe e le hore u se ke oa otsela. (2) Fihla ka nako ’me u shebe hore na u tl’o lula hokae pele liboka li qala. (3) Beha lisebelisoa tsa hao tsa elektronike boemong boo li ke keng tsa u sitisa nakong ea liboka. (4) Nahanisisa ka lintlha tseo sebui se ka buang ka tsona. (5) Lula u shebile sebui. (6) Ngola lintlha tse khutšoanyane kapa u toroee lintho tse tla u hopotsa lintlha tsa bohlokoa. (7) Leka ho nahana ka mangolo a hlalosang sehlooho le hore na a amana le sehlooho joang. (8) Ipotse, ‘Nka sebelisa seo ke ithutang sona joang ho thusa motho e mong ka phuthehong kapa tšimong?’ (9) Likopanong tse nyenyane le tse kholo, sheba sehlooho sa lenaneo la letsatsi leo, lipuo tse tl’o fanoa le mangolo a puo ka ’ngoe. (10) Lokisa pelo ea hao ka hore u lule fatše u thotse le ho mamela ka hloko ’mino le livideo tse bapaloang qalong ea lenaneo.

Mor’abo rona o ngollana melaetsa le motsoalle oa hae nakong ea Thuto ea “Molula-Qhooa.”

Lula u mamela likhopotso tsa Molimo ’me u se ke oa lumella lisebelisoa tsa elektronike hore li u sitise (Sheba serapa sa 17)


LULA U MAMELA JEHOVA

18. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re mamela ha re le libokeng?

18 Re lokela ho lula re mamela ha re le libokeng hobane ha re etsa joalo, re lumella Jehova ho re tataisetsa “litseleng tsa ho loka.” (Pes. 23:3; 31:3) Re hloka ho soauoa mohlahare e le hore re se ke ra tsoa tseleng joalokaha sekepe se ka ntšoa tseleng ke moea. Kahoo, ‘mamela ka hloko’ ’me u sebelise seo u ithutang sona ha u le libokeng. (Luka 8:18) Batho ba mamelang Jehova ba tla thaba hona joale ’me ba phele ka ho sa feleng nakong e tlang.—Pes. 119:​2, 14.

U KA RE’NG?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela ha re le libokeng?

  • Bara ba bo rona ba fanang ka lipuo libokeng ba ka etsa eng e le hore batho ba ba mamele?

  • Ke eng e ka u thusang hore u mamele ka hloko?

PINA EA 87 Tloong le Khatholloe

a Bakeng sa lintlha tse eketsehileng mabapi le hore na u ka ntlafatsa bokhoni ba hao ba ho ruta joang joaloka sebui, bala bukana ea Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta le buka ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela