LINTHO TSE KA U THUSANG HA U ITHUTA
Lokisetsa Likarabo Tse Khothatsang
Kaofela ha rona re na le tlotla ea ho khothatsa bara le barali ba bo rona ka likarabo tsa rona ha re le libokeng. (Baheb. 10:24, 25) Re ka lokisetsa likarabo tse tla khothatsa ba bang e le ka ’nete joang?
Rapela Jehova. Mo kope hore a u thuse ho fana ka karabo e tla mo tlotlisa le ho khothatsa ba bang.—Pes. 35:18.
Ikemisetse ho araba ka mantsoe a hao, ho e-na le ho bala feela se ngotsoeng. Ha u araba ka mantsoe a hao, ba bang ba tla rua molemo ha ba utloa u hlalosa tumelo ea hao.
Fana ka karabo e khutšoanyane. Hangata likarabo tse khutšoanyane le tse bonolo ke tsona tse khothatsang ba bang ka ho fetisisa, hape li fa batho ba bangata monyetla oa ho nka karolo libokeng.—Liprov. 10:19.
Bua lintho tse khothatsang. Qoba ho fana ka likarabo tse khalemelang kapa tse kobisang phutheho kapa Mokreste-’moho le uena.
Le haeba u sa khethoe, u ntse u ka khona ho khothatsa ba bang. Mamela ka hloko ha ba bang ba araba ’me u ba bolelle hore u thabetse likarabo tsa bona.—Liprov. 10:21.