LA 26 OCTOBER–LA 1 NOVEMBER 2026
PINA EA 62 Pina e Ncha
Baballa Monyetla o Ikhethang oa ho Sebeletsa Jehova u sa Tšabe Letho
‘O re hlahiselitse mopholosi ea matla . . . ho re fa monyetla o ikhethang oa ho mo etsetsa mosebetsi o halalelang re sa tšabe letho.’—LUKA 1:69, 74.
NTLHA-KHOLO
Ho re thusa ho ananela mpho eo re nang le eona ea ho pholosoa, monyetla o ikhethang oa ho sebeletsa Jehova le boikarabelo boo re nang le bona ba ho bolela litaba tse monate.
1. Boprofeta ba Zakaria bo bua ka eng?
MOPRISTA Zakaria le mohatsa oa hae Elizabetha, ba ne ba se ba holile haholo ebile Elizabetha o ne a sa khone ho ba le bana. Leha ho le joalo, ba ile ba ba le mora ea bitsoang Johanne ka mohlolo. Kahoo, baahisani ba bona le beng ka bona ba ile ba makala eaba ba re: “Hantle-ntle ngoana eo e tla ba eng ha a se a le moholo?” (Luka 1:57-66) Jehova o ile a sebelisa Zakaria ho araba potso eo. O ile a hlalosa hore Mesia eo e neng e le khale a lebeletsoe, o ne a se a tla fihla haufinyane le hore Johanne o ne a tla thusa batho ho baka le ho mo latela. (Amose 3:7; Luka 1:67-79) Leha ho le joalo, Zakaria ha aa ka a hlalosa feela hore na mora oa hae o ne a tla etsa’ng.a Joalokaha re tla bona sehloohong sena, molaetsa oa Zakaria e ne e le boprofeta ebile oa re ama kajeno. Molaetseng oa hae re tla ithuta lintho tse tharo tseo re lokelang ho li baballa: (1) mpho ea ho pholosoa, (2) monyetla o ikhethang oa ho sebeletsa Jehova le (3) boikarabelo boo re nang le bona ba ho bolela litaba tse monate.
MPHO EA HO PHOLOSOA
2. (a) Ho ea ka Luka 1:67-73, Molimo o ile a tšepisa batho ba hae mpho efe? (b) “Mopholosi ea matla” eo ho buuoang ka eena ho Luka 1:69 ke mang?
2 Bala Luka 1:67-73. Molimo o ne a ile a tšepisa batho ba hae mpho e babatsehang, e leng mpho ea ho pholosoa. Empa o ne a tla sebelisa mang ho ba pholosa? Zakaria o ile a re: “[Jehova] o re hlahiselitse mopholosi ea matla ntlong ea mohlanka oa hae Davida.” (Luka 1:69) “Mopholosi [eo] ea matla” e ne e tla ba Mesia. Bajuda ba mehleng ea Zakaria ba ne ba se ba ntse ba lebeletse Mesia ba bile ba tseba hore e ne e tla ba setloholo sa Abrahama ho tsoa lelokong la borena la Davida. (Gen. 22:17, 18; Mat. 22:42) Joale ke hobane’ng ha Jehova a ile a susumelletsa Zakaria hore a phatlalatse hore oa tla? Hobane Mesia o ne a tla fihla haufinyane haholo. Le pele ho feta likhoeli tse tšeletseng, moroetsana ea bitsoang Maria o ne a tla tsoala Jesu, eo lengeloi Gabariele le ileng la re o ne a tla bitsoa “Mora oa Molimo” le hore o ne a tla busa e le Morena ‘teroneng ea ntate oa hae Davida.’ (Luka 1:30-35) Jesu e ile ea e-ba “mopholosi ea matla” ha a ne a kolobetsoa a le lilemo li 30. Ka nako eo, Jehova o ile a mo tlotsa ka moea o halalelang hore e be Mesia ea tšepisitsoeng. (Mat. 3:16, 17) Taba ena e ne e thabisa haholo!
3. Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba hloka ho pholosoa ho mang kapa ho eng?
3 Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba hloka ho pholosoa. Empa ba ne ba hloka ho pholosoa ho mang kapa ho eng? Zakaria o re: “O tla re pholosa matsohong a lira tsa rona le ho bohle ba re hloileng.” (Luka 1:71) Na seo se ne se bolela hore Jesu o tla etsa hore baeta-pele ba Roma ba khaotse ho hatella Bajuda? Che. Ho fapana le hoo, Bajuda ba ne ba hloka ho pholosoa ho sesosa se ka sehloohong sa khatello, e leng Satane. (Baheb. 2:14, 15) Batho bohle, ho akarelletsa le Bajuda ba mehleng ea khale e bile makhoba a sebe le lefu ka lebaka la Satane. Ho ekelletsa moo, kaha Bajuda ba ne ba sa khone ho mamela Molao oa Moshe ka ho phethahetseng, Bibele e re ba ne ba rohakiloe. Ka lebaka leo, ba ne ba hloka ho pholosoa. (Bar. 3:20; Bagal. 3:10, 13) Ke kahoo ba neng ba hloka tšepiso eo Jehova a ileng a etsa a sebelisa Zakaria, e leng ho “ba pholosa ka hore a ba tšoarele libe.”—Luka 1:77.
4. Re lokela ho pholosoa ho mang le ho eng mehleng ee?
4 Ke lira life tseo re hlokang ho pholosoa ho tsona mehleng ee? Joaloka Bajuda ba mehleng ea Jesu, re makhoba a sebe le lefu. (Bar. 5:12) Ho ekelletsa moo, Satane le bademona ba hae ba etsa hore bophelo ba rona bo be thata. Ba leka ho re thetsa ba tšepile hore re tla tlohela borapeli ba ’nete. Ba boetse ba susumetsa batho le mekhatlo e “re hloileng” ho re hanyetsa. Tsena ke tsona lira tseo re hlokang ho pholosoa ho tsona.
5. Jesu o re pholosa sebeng joang?
5 Mopholosi oa rona o re pholosa joang lireng tsee? Nahana kamoo Jesu a re pholosang kateng sebeng. Nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, o ile a ruta balateli ba hae hore na ba rapele Jehova joang ka tsela eo a e amohelang. Ka mor’a moo, o ile a fana ka bophelo ba hae e le tefo ea topollo, “e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16; Mat. 20:28) Re etsa sohle seo re ka se khonang hore re mamele lithuto tsa Jesu tse mabapi le ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang. Empa kaha ha rea phethahala, ha re etsa sebe re kopa Jehova hore a re tšoarele. Ka mosa, Jehova o amohela borapeli ba rona ka lebaka la sehlabelo sa tefo ea topollo. (1 Joh. 2:1, 2) Mopholosi oa rona Jesu o sebelisa litsela tsena ho re pholosa sebeng.
6. Jesu o tla etsa eng joaloka Morena ‘teroneng ea ntate oa hae Davida’? (Sheba setšoantšo.)
6 Jesu o tla re pholosa joang ka ho felletseng ho sebe le lefu, Satane le bademona ba hae le ho “ba re hloileng”? Ho tloha ka 1914, haesale Jesu a busa leholimong a le ‘teroneng ea ntate oa hae Davida.’ (Luka 1:32, 33) Joaloka Morena ’Musong oa Molimo, eena le babusi-’moho le eena hammoho le mangeloi a halalelang ba tla felisa lira tsohle tsa Molimo tse lefatšeng ka Armagedone. Nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, Jesu o tla tsosa bafu ’me a sebetse le babusi-’moho le eena ba 144 000 ho etsa hore batho ba phethahale butle-butle. (Joh. 5:28; Tšen. 22:1, 2) Qetellong ea lilemo tse sekete ba tla be ba felisitse sebe le lefu. (1 Bakor. 15:26, 55-57) Ba tla felisa Satane le bademona ba hae hammoho le batho ba lehlakoreng la bona nakong ea teko ea ho qetela. (Tšen. 20:7-10) Qetellong, barapeli ba tšepahalang ba Jehova ba tla thabela ho ba le kamano e haufi le eena ba sa sitisoe ke sebe, lefu kapa motho leha e le ofe ea ba hanyetsang. Re tla rorisa Molimo oa rona ka ho sa feleng le ho baballa mpho eo a re fileng eona “e kholo hoo re ke keng ra khona ho e hlalosa,” e akarelletsang ho pholosoa ka Kreste Jesu.—2 Bakor. 9:15.
Jehova o re fa mpho ea poloko ka Jesu Kreste (Sheba serapa sa 6)
MONYETLA O IKHETHANG OA HO SEBELETSA JEHOVA
7. Ho ea ka Luka 1:74, 75, ke monyetla ofe o ikhethang oo Jehova a o fang batho ba hae?
7 Bala Luka 1:74, 75. Mpho eo Jehova a re fang eona ea topollo e re fa ntho e ’ngoe e ikhethang. Zakaria o ile a e bitsa “monyetla o ikhethang oa ho mo etsetsa mosebetsi o halalelang re sa tšabe letho.” Mosebetsi o halalelang oo re o etsetsang Jehova o akarelletsa lintho tsohle tse amanang le borapeli ba ’nete. Re etsetsa Jehova mosebetsi o halalelang ha re etsa mosebetsi oa boboleli, re rapela, re ithuta Lentsoe la hae, re ea libokeng, likopanong tsa potoloho le tsa setereke. Mosebetsi oa rona o halalelang o boetse o akarelletsa mesebetsi e meng e amanang le borapeli ba rona, joaloka ho sebeletsa Bethele, ho haha le ho hlokomela Liholo Tsa ’Muso le Tsa Likopano.
8. Ke eng eo re sa lokelang ho e tšaba?
8 Ho sebeletsa Jehova “re sa tšabe letho” ho bolela’ng? Taba ea pele, ho bolela hore ha re tšabe ho shoa. Kaha re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng, re ameha haholo ka ho thabisa Jehova ho e-na le ho sebetsa ka thata lefatšeng lena ho etsa sohle seo re ka se khonang ka nako e khutšoanyane eo re e phelang. Hape ha re tšohe batho ba re hlorisang hobane ba re ba tla re bolaea. Ka sebete re lula re tšepahala hobane rea tseba hore le ha re ka shoa, Jesu o tla re tsosa. (Joh. 6:39, 40) Taba ea bobeli ke hore ha re tšabe hore Jehova o tla re lahla hobane re le baetsalibe. Re ka kholiseha hore Jehova oa re rata le hore oa re amohela, hape o tla re tšoarela ka lebaka la sehlabelo sa Jesu.—1 Joh. 4:9, 10.
9. Bakreste ba bang ba thatafalloa ke eng?
9 Bakreste ba bang ba thatafalloa ho lumela hore Jehova o amohela borapeli ba bona. Mohlomong ba ikutloa eka ha ba tšoanelehe hore Jehova a ka ba amohela, ka lebaka la lintho tse bohloko tse ba etsahaletseng. Kapa e ka ’na eaba ba lula ba ikoahlaela libe tseo ba li entseng nakong e fetileng, le hoja ba ile ba kopa tšoarelo ho Jehova ba ba ba kopa thuso ho baholo. U ka etsa’ng haeba u ikutloa ka tsela ee?
10, 11. Re ka etsa eng haeba re utloa eka Jehova a ke ke a re rata ka lebaka la libe tseo re ileng ra li etsa nakong e fetileng? Fana ka mohlala.
10 Nahana ka mohlala ona. Motho o robeha leoto ebe o ea ngakeng. Ka mor’a hore ngaka e mo thuse, e ka ’na ea mo laela hore a ’ne a le otlolle e le hore le fole ’me a boele a khone ho tsamaea. Empa motho eo o lokela ho etsa’ng haeba a nahana hore leoto la hae le robehile hoo a ke keng a hlola a khona ho tsamaea? O lokela ho tšepa ngaka ’me ka mamello a ’ne a etse seo e mo laetseng sona. Ha nako e ntse e ea, a ka ’na a fola eaba o khona ho tsamaea hape kapa mohlomong a be a khone le ho matha.
11 Ka tsela e tšoanang, haeba u ikutloa eka Jehova a ke ke a u rata ka lebaka la libe tseo u li entseng nakong e fetileng, mo tšepe. Tseba hore Jehova o u rata haholo le hore o u tšoaretse libe tseo u li entseng nakong e fetileng hobane o fane ka Mora oa hae ho u shoela. (Joh. 1:16, 17; Bar. 3:23, 24; 1 Joh. 3:19, 20) Etsa lintho tseo a reng u li etse. Ka mohlala, rapela, ithute Lentsoe la hae ’me u ee libokeng. (Pes. 1:2; 1 Bathes. 5:17; Baheb. 10:25) Feela joalokaha ho ka nka nako hore motho a fole ’meleng, ka tsela e tšoanang ho ka nka nako hore u lumele hore Jehova oa u rata. Leha ho le joalo, tseba hore u tla qetella u kholisehile hore oa u rata. Kahoo, u se ke oa nyahama. Tsoela pele ho etsa lintho tse tla u thusa hore u lule u e-na le kamano e ntle le Jehova. (Bafil. 3:16) Hape leboha Jehova letsatsi le letsatsi hobane ke eena ea u fang matla a hore u tsoele pele u mo sebeletsa ka botšepehi. Kaofela ha rona re leboha Molimo le Kreste ka tlotla eo ba re fileng eona ea ho sebeletsa Jehova re sa tšabe letho.
BOIKARABELO BA HO BOLELA LITABA TSE MONATE
12. Johanne Mokolobetsi o ile a lokisa litsela tsa Jehova joang? (Luka 1:76-79)
12 Bala Luka 1:76-79. Zakaria o ile a re ho lesea la hae: “U tla tsamaea ka pel’a Jehova ho lokisa litsela tsa hae.” Johanne Mokolobetsi o ne a tla phethahatsa mantsoe aa joang? Ha a se a le moholo, e ile ea e-ba ’moleli ea chesehang. O ile a kopa Bajuda ka tieo hore ba bakele libe tsa bona, ba kolobetsoe le hore ba amohele Mesia ea tlang. Ka mor’a hore a kolobetse Jesu, o ile a phatlalatsa hore Jesu ke eena moemeli oa Jehova, a re: “Bonang Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše.” Ka mor’a moo, Johanne o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba latele Jesu, e leng Mesia.—Joh. 1:29, 34-36, 40, 41.
13. Ho tla ha Mesia ho ne ho tla tšoana joang le “khanya . . . ea ha letsatsi le chaba” bakeng sa batho Molimo?
13 Johanne o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho bolella batho ba bangata hore Jesu ke Mesia, ’me taba ena e ne e le bohlokoa haholo. Hobane’ng? Ho ea ka Zakaria, ho tla ha Mesia ho ne ho tla tšoana le “khanya . . . ea ha letsatsi le chaba,” e leng hore boteng ba Jesu bo ne bo tla fetola bophelo ba batho ba bangata. Kannete litaba tsena tse monate li ne li lokela ho bolelloa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang, ’me Johanne o ne a ke ke a khona ho ba bolella a le mong. Ke mang e mong ea neng a ka mo thusa ho phatlalatsa molaetsa oo oa bohlokoa oa poloko?
14. Ke mosebetsi ofe oa bohlokoa oo Jesu le barutuoa ba hae ba ileng ba o etsa? (Esaia 61:1, 2)
14 Jesu o ile a bolela litaba tse monate ka cheseho. O ile a phethahatsa mantsoe Zakaria ka ho “khantšetsa ba lutseng lefifing le moriting oa lefu.” Kannete Jesu o ne a batla ho thusa batho ba tšoaroang hampe. O ile a ba bolella molaetsa o khothatsang le o tšelisang o buang ka “selemo sa Jehova sa mohau.” (Bala Esaia 61:1, 2; Luka 4:16-21) Ka cheseho o ile a phatlalatsa molaetsa o reng: “’Muso oa maholimo o atametse.” O ne a tseba hore ho ntse ho hlokahala batho ba bangata ba tla phatlalatsa molaetsa ona. Kahoo, o ile a koetlisetsa barutuoa ba hae ho ruta batho molaetsa ona.—Mat. 4:16, 17; 10:7; 28:19, 20.
15. Ke hobane’ng ha ho bolela litaba tse monate mehleng ee ho le bohlokoa ho feta le ha e le neng pele?
15 Joaloka balateli ba Kreste ba mehleng ena, re ananela boikarabelo boo re nang le bona ba ho tsoela pele re phatlalatsa molaetsa oa Jehova oa poloko. Ha e le hantle, ho bolella batho ka sehlabelo sa tefo ea topollo sa Jesu le ’Muso oa Molimo ho bohlokoa hona joale ho feta le ha e le neng pele. Hobane’ng? Nahana ka se larileng ka pele. Haufinyane batho bohle ba tla tobana le “mahlomola a maholo . . . a e-s’o be teng ho tloha ha lefatše le thehoa.” (Mat. 24:21) Ka nako eo, batho ba bangata ba ka ’na ba mamela litaba tse monate tsa poloko ebe ba tšehetsa Jehova hobane ba hopola molaetsa oo re ileng ra ba bolella oona. Joale Jesu o tla etella pele babusi-’moho le eena le mangeloi ho loantša batho bohle ba khahlanong le Jehova le ho isa barapeli ba Molimo ba ’nete lefatšeng le lecha. (Mat. 25:34; Tšen. 16:16; 19:19) Kahoo, ho bohlokoa haholo ho bolela litaba tse monate hona joale.—Mat. 24:14; Mar. 13:10.
16. U ikemiselitse ho etsa’ng? (Sheba litšoantšo.)
16 Mantsoe a Zakaria a hlahang ho Luka 1:68-79 a re hopotsa lintho tse tharo tseo re lokelang ho li baballa, e leng mpho e babatsehang eo Jehova a re fileng eona ea ho pholosoa, monyetla o ikhethang oo re nang le oona ea ho mo sebeletsa re sa tšabe letho le boikarabelo ba ho bolela molaetsa oa hae o tšelisang. Na u na le tumelo sehlabelong sa Kreste sa topollo hape na u tšepisitse Jehova hore u tla mo sebeletsa ka ho sa feleng? Na u nka ho sebeletsa Jehova e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa? Haeba ho joalo, bolella batho ba bang ka “selemo sa Jehova sa mohau” ka cheseho. Arolelana le ba bang litaba tsa ‘letsatsi la Jehova la phetetso,’ e leng letsatsi leo ’Muso oa Molimo o tla felisa lira tsohle tsa hae le tsa rona ’me o re kenye lefatšeng la Paradeise. Mema batho bohle ba ratang Molimo ho re tšehetsa ha re “mo etsetsa mosebetsi o halalelang re sa tšabe letho, re tšepahala re bile re lokile ka pel’a hae ka matsatsi ’ohle.”—Luka 1:74, 75.
Haeba re ananela mpho eo Molimo a re fileng eona ebile re baballa monyetla o ikhethang oo re nang le oona, re tla thabela ho phetha boikarabelo ba rona ba ho bolela (Sheba serapa sa 16)b
PINA EA 159 Rorisang Jehova
b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Setšoantšong sa pele, barali ba bo rona ba babeli ba paka ka ntlo le ntlo. Setšoantšong sa bobeli, mor’abo rona o pakela mosebetsi-’moho le eena nakong ea khefu. Setšoantšong sa boraro, morali’abo rona o eme ka pel’a bana ba sekolo, o fana ka bopaki ba hore lintho li bopiloe ha tichere le liithuti-’moho le eena li mametse ka hloko.