Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 August leq. 32
  • Sefate se Thunyang Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sefate se Thunyang Pele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lula U Falimehile Joaloka Jeremia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • “Sefate sa Bophelo” Se Hlollang sa Afrika
    Tsoha!—1995
  • Na Sefate se Renngoeng se ka Hlōmela Hape?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 August leq. 32

LINTLHA TSE THAHASELLISANG TSE HLAHANG KA BIBELENG

Sefate se Thunyang Pele

Sefate sa almonde ke se seng sa lifate tse ka bang 30 tse hlahang ka Bibeleng. Se har’a lifate tse thunyang pele ka mor’a mariha. Lithunthung tsa sona tse ntle tse pinki kapa tse tšoeu li hlaha mafelong a January pele lifate tse ling li thunya. Kahoo, lebitso la sefate sena e leng almonde, ka Seheberu le bolela “ea tsohang hoseng.” Na ho na le ntho eo sefate see se tšoanang le ’Mopi oa sona ka eona?

Naletsaneng e hlahang ho Jeremia 7:25, Jehova o re o tsoha hoseng. Molula-Qhooa oa March 15, 2011 o re: “Hantle feela joalokaha sefate sa almonde se ne se ‘phahama’ hoseng, ka tsela ea tšoantšetso Jehova le eena o ‘tsoha hoseng’ . . . ho lemosa batho ba hae ka liphello tsa ho se mamele. . . . Hape o ne a sa phomole. O ne a ‘lula a falimehile’ ho fihlela mantsoe a hae a boprofeta a phethahetse.”—Jer. 1:11, 12.

Ka Bibeleng, lithunthung tse tšoeu tsa sefate sa almonde li boetse li sebelisoa ho tšoantšetsa moriri o moputsoa oa batho ba holileng. (Moek. 12:5) Hape likhakeletsi tse neng li le makaleng a seluloana sa lebone li ne li bopehile joaloka thunthung ea almonde, mohlomong ka lebaka la botle ba eona.—Ex. 37:17-20.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela