LA 23-29 NOVEMBER 2026
PINA EA 107 Molimo o re Behela Mohlala oa Lerato
Tokisetso ea Boprista e Bontša Joang Hore Jehova oa re Rata?
“Motho e mong le e mong ea khethoang hore e be moprista ea phahameng, o sebeletsa batho.”—BAHEB. 5:1.
NTLHA-KHOLO
Kamoo tokisetso ea Jehova ea boprista e re atametsang haufi le eena kateng.
1. Ke hobane’ng ha batho ba le tsietsing ea ho fumana thuso?
BATHO bohle ba hloka thuso, ebang baa tseba kapa ha ba tsebe. Ha e le hantle, ba tsietsing. Hobane’ng? Hobane kaofela ha rona re arohane le Molimo ka lebaka la sebe seo re se futsitseng. (Baef. 2:12; Bakol. 1:21) Ka tsela e itseng, sebe se bakile lekhalo pakeng tsa batho le Molimo, ’me ba ke ke ba khona ho tšela lekhalo leo ka bobona. Haeba re sa fumane thuso, re ke ke ra thaba e le kannete. Hape re ke ke ra ba le tšepo ka bokamoso. Jehova o re thusa joang?
2. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?
2 Jehova o entse tokisetso e ikhethang e le ho re pholosa sebeng, e leng tokisetso ea boprista. O ile a e etsetsa Baiseraele ’me hamorao a e etsetsa phutheho ea Bokreste. Tokisetso eo e ntse e sebetsa le kajeno. Sehloohong sena, re tl’o bua ka hore na tokisetso ea boprista e ile ea thusa batho joang mehleng ea Bibele. Re tla boela re bone hore na rona e re thusa joang mehleng ena le hore na e tla re thusa joang nakong e tlang. Qetellong, re tla bona hore na tokisetso ea boprista e bontša joang hore Jehova o re rata e le kannete.
KAMOO BAPRISTA BA NENG BA THUSA BAISERAELE KATENG
3. Ho ea ka Baheberu 5:1, baprista ba ne ba thusa barapeli ba ’nete ka tsela efe? (Sheba setšoantšo.)
3 Moea o halalelang o ile oa susumetsa moapostola Pauluse ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a etsa hore sechaba sa Iseraele se be le baprista. (Bala Baheberu 5:1.) Jehova o ne a batla ho se thusa ho atamela haufi le eena. Moprista ea phahameng e ne e le motho eo Jehova a mo khethileng bakeng sa ho thusa batho “linthong tse amanang le borapeli ba bona ho Molimo.” Baprista ba ne ba thusa barapeli ba Jehova ba ’nete ho mo rapela ka tsela eo a e amohelang le ho koala lekhalo pakeng tsa Molimo le batho.
Sebe se bakile lekhalo, tokisetso ea boprista ke borokho bo le koalang (Sheba serapa sa 3)
4. Baprista ba Baiseraele ba ne ba buella Molimo ho batho joang?
4 Baprista ba ile ba thusa Baiseraele joang ho atamela ho Jehova le ho mo sebeletsa ka tsela eo a e amohelang? Ka litsela tse peli. Ea pele, baprista ba ne ba buella Molimo ho batho ka hore ba ba rute. Joang? Malakia 2:7 e re: “Moprista o lokela ho tseba molao ’me batho ba tla tla ho eena ho tla mamela molao kaha ke moromuoa oa Jehova oa mabotho.” Kahoo, mosebetsi oa baprista e ne e le ho ruta Baiseraele Molao oa Moshe, ’me ba ba thuse ho o utloisisa le ho o sebelisa bophelong ba bona. Ka mohlala, mehleng ea Nehemia, Balevi ba 13 ba ile ba thusa moprista Esdrase ho hlalosetsa batho Molao. Ba ile ba o hlakisa ’me ba thusa batho ho utloisisa se neng se baloa. Ka tsela eo, Baiseraele ba ile ba khona ho sebelisa melao ea Molimo bophelong ba bona ’me ba atamela haufi le eena.—Neh. 8:2, 3, 6-8.
5. Baprista ba Baiseraele ba ne ba buella batho ho Molimo joang, hona see se re ruta eng ka Jehova?
5 Tsela ea bobeli, baprista ba ne ba buella batho ho Molimo. Ba ne ba etsa sena ka ho nyehela mahlabelo molemong oa batho. Baiseraele ba ne ba tseba hore letsatsi le letsatsi ba etsa liphoso tse ngata. Kahoo, ba ne ba tseba hore ba hloka thuso e le hore Jehova a ba tšoarele libe. (Pes. 51:9) Baprista le mahlabelo ao ba neng ba a etsa, a ne a thusa hore sena se khonehe. Baiseraele ba bakileng ba ne ba imoloha haholo ha ba tseba hore ba tšoaretsoe libe. Tokisetso ena ea boprista e etsa hore re bone hore Jehova o rata batho ba hae, oa ba qenehela ebile oa ba tsotella ’me o batla hore qetellong ba pholosoe.
MOSEBETSI OA MOPRISTA NAKONG E FETILENG, HONA JOALE LE NAKONG E TLANG
6. Pele baprista ba e-ba teng, lihlooho tsa malapa li ne li phetha mosebetsi o tšoanang le oa baprista joang?
6 Haesale Jehova a batla ho ba le kamano e ntle le barapeli ba hae ba mo mamelang. Ho tloha khale, le pele sechaba sa Iseraele le baprista ba e-ba teng, ho ne ho tloaelehile hore lihlooho tsa malapa li etse mahlabelo bakeng sa tsona le malapa a tsona. Ka mohlala, ka mor’a hore Noe a tsoe ka arekeng, o ile a etsa mahlabelo a ho leboha. (Gen. 8:20) Abrahama le eena o ile a haha lialetare e le hore a ka etsetsa Jehova mahlabelo. (Gen. 12:7, 8) Jobo eena o ile a etsa mahlabelo a secheso bakeng sa bana ba hae. (Jobo 1:5) Sena sea bontša hore na ke hobane’ng ha Bibele e bua ka baprista le pele ho ba le baprista ba Balevi. Jehova o ile a re ho Baiseraele: “Baprista [lihlooho tsa malapa] ba tlang ho Jehova kamehla ba ke ba itlhoekise e le hore Jehova a se ke a ba bolaea.”—Ex. 19:22.
7. Melkizedeke e ne e le mang, hona o ile a tšoantšoa le Mesia ka tsela efe?
7 Motho oa pele oa ho bitsoa moprista ka Mangolong ke Melkizedeke. (Gen. 14:18) E ne e se moprista feela empa e ne e boetse e le morena. Hamorao Jehova o ile a tšepisa hore Mesia e ne e tla ba morena le moprista joaloka Melkizedeke. Empa puso ea Mesia e ne e tla tsoela batho molemo ka ho sa feleng.—Pes. 110:4; Baheb. 7:17.
8. Tokisetso ea boprista e ne e hlophisitsoe joang tlas’a Molao oa Moshe?
8 Ha nako e ntse e ea, Jehova o ile a theha sechaba sa Iseraele ’me a se fa Molao oa Moshe, o neng o akarelletsa litaelo tse mabapi le tokisetso ea boprista. Abuti oa Moshe e leng Arone le bana ba hae ba ne ba sebeletsa e le baprista. (Ex. 40:12-15) Baprista ba ne ba etsetsa sechaba le Baiseraele ka bomong mahlabelo ba thusoa ke Balevi. Jehova o ile a ba fa tataiso e tobileng mabapi le hore na ba fane ka linyehelo tsa mofuta ofe, morero oa linyehelo tseo le hore na ba fane ka tsona joang. Tokisetso ena e ne e bontša kamoo a neng a tla thusa batho kateng hamorao.
9, 10. Ke bo-mang ba tla sebeletsa e le baprista le Jesu nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete?
9 Ha Jesu a kolobetsoa, e ile ea e-ba Moprista ea Phahameng ea sebeletsang ka tempeleng ea Jehova e kholo ea tšoantšetso. (Baheb. 8:1) Hamorao, Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le hore batho ba tšoareloe libe ka ho felletseng. Sehlabelo sa hae se ne se phahametse hole mahlabelo a liphoofolo a neng a etsoa ke baprista ba Baiseraele. Jesu o ntse a sebeletsa e le moprista, o hlaha ka pel’a Molimo bakeng sa rona. (Baheb. 9:24) Tlas’a tokisetso ea ’Muso oa Molimo, batlotsuoa ba 144 000 ba tla sebetsa le Moprista ea Phahameng, Jesu, e le marena le baprista. (1 Pet. 1:3, 4; 2:9) Ha ba se ba tsoselitsoe leholimong, ba tla sebetsa hammoho le Molimo le Kreste ho thusa batho ba mamelang hore ba phethahale le ho etsa lefatše paradeise. Re lebelletse ka tjantjello ho bona ha mosebetsi oa bona o phethahala.
10 Joalokaha re bone, haesale Jehova a sebelisa tokisetso ea baprista ho thusa batho. Mahlabelo a mangata ao baprista ba neng ba a etsa a ne a hopotsa Baiseraele ba tšepahalang hore ba hloka tefo ea topollo. Jehova o tla tsoela pele ho sebelisa baprista nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete ho fihlela batho ba se ba phethahetse ’me ba sa hloke litsebeletso tsa baprista. Ho ithuta ka tokisetso ee ho re atametsa haufi le Jehova joang? Nahana ka litsela tsena tse seng kae.
TOKISETSO EA BOPRISTA E RE ATAMETSA HO JEHOVA KA LITSELA LIFE?
11. Tokisetso ea boprista e bontša joang hore Jehova o batla ho ba le setsoalle se haufi le batho?
11 Tokisetso ea boprista e bontša hore Jehova o batla ho ba le kamano e haufi le bahlanka ba hae. Le hoja sebe se bakile lekhalo pakeng tsa batho le Jehova, o ikemiselitse ho koala lekhalo leo ka ho sa feleng. Jehova o batla hore re khone ho bua le eena, ho mo khahlisa le ho ba le setsoalle se haufi le eena re be re phele ka ho sa feleng. (2 Bakor. 5:18) Oa tseba hore re futsitse sebe e se ka ho rata ha rona. O re utloela bohloko. Kahoo, o entse borokho e le hore e mong le e mong oa rona a ka atamela haufi le eena le ho mo thabisa. Na see ha se etse hore u utloe u mo rata le ho feta?
12. Ke hobane’ng ha ho khothatsa hore ebe Jesu, Moprista ea Phahameng o re buella ho Ntate oa rona? (Baheberu 7:25) (Sheba setšoantšo.)
12 Jesu le eena o batla hore re be le setsoalle se haufi le Jehova. Joaloka Moprista ea Phahameng, Kreste o sebetsa e le “mothusi ea lokileng ea ho Ntate.” (1 Joh. 2:1; bala Baheberu 7:25.) Jesu o nahana ka lintho life ha a re buella ho Ntate oa rona? Mohlomong o nahana ka tsela eo u holisitsoeng ka eona, boemo ba hao ba bophelo, lintho tse u tšoenyang esita le mathata a mang ao u nang le ’ona. Mohlomong o nahana ka makhabane le lintho tse ntle tseo u li etsang hammoho le tsela eo u sebelelitseng Jehova ka botšepehi ka eona ka nako e telele. Kaha Jesu o khona ho bona se ka pelong, ha ho pelaelo hore o nahana ka lithapelo tse ngata tseo u li etsang ho kopa tšoarelo hammoho le boiteko boo u bo etsang ho ntlafatsa. Re ka kholiseha hore Jehova oa re tšoarela ha Kreste a re buella, kaha o na le kutloelo-bohloko ebile o ikemiselitse ho tšoarela. (Pes. 86:5) Kannete, Jehova o re file Jesu hore ebe ’muelli oa rona.
Moprista oa rona ea Phahameng, Jesu, o ananela lintho tse ntle tseo re li etsang, sepheo sa rona se setle, hore ebe re lula re kopa tšoarelo ho Jehova le ho sebetsa ka thata ho ntlafatsa (Sheba serapa sa 12)
13. Ho ea ka Baheberu 4:16, ke tlhohonolofatso efe e ’ngoe eo re e fumanang tokisetsong ea boprista, hona e re tsoela molemo joang?
13 Tokisetso ea boprista ea re kholisa hore Jehova o batla hore re bue le eena ka bolokolohi. (Bala Baheberu 4:16.) Kaha Jesu Moprista ea Phahameng oa re thusa, re khona ho bua le Jehova ka bolokolohi. Jehova oa thaba ha re mo rapela. Ha re etsa joalo, re bontša hore rea mo tšepa ebile re itšetlehile ka eena. Ka linako tse ling, re ka ’na ra sitoa ho itlhalosa kapa ra tšoenyeha hoo re sa tsebeng hore na re re’ng ha re rapela. (Bar. 8:26) Ho ntse ho le joalo, Jehova oa re mamela, oa re utloisisa ebile oa re arabela. Le ka mohla ha rea lokela ho tsilatsila ho bolella Ntate oa rona ea leholimong ea lerato le ea nang le kutloelo-bohloko lintho tse re tšoenyang.
14. Sehlabelo sa Jesu se bontša joang hore Jehova o batla hore re phele ka ho sa feleng?
14 Tokisetso ea boprista e bontša hore Jehova o batla hore re phele ka ho sa feleng. (Ezek. 33:11) Mahlabelo a liphoofolo a neng a etsoa nakong ea boholo-holo a ne a sa koahele libe tsa barapeli ba Molimo ka ho felletseng. (Baheb. 7:19) Empa mahlabelo ao a ne a thusa bahlanka ba Jehova ho utloisisa hore ba ne ba hloka sehlabelo se molemo le ho feta, e leng se phethahetseng sa Kreste Jesu. Sehlabelo sa hae se etsa hore re khone ho tšoareloa e le kannete. Se bulela batho ba mamelang monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Kannete rea thaba hore ebe Jehova o entse tokisetso ea ho re pholosa sebeng le lefung.—1 Joh. 4:10.
15. Tsela eo Jehova a re ratang ka eona e bonahala joang ho batho bao a ba khethileng hore ba tla sebeletsa e le baprista ’Musong oa hae?
15 Re bona tsela eo Jehova a re ratang ka eona ha re nahana ka batho bao a ba khethileng ba tla sebeletsa e le baprista. Joaloka Monghali oa bona, batlotsuoa ba lokela ho tšepahala ho isa lefung. (Bafil. 2:8; Tšen. 2:10) Ba lokela ho bontša ka ho hlaka hore ba tshepahalla Jehova. Re ka tšepa hore ba tla sebelisa melemo ea sehlabelo sa topollo, ho re lopolla sebeng le ho etsa hore re phethahale. Mosebetsi oo o hlollang o tla tsoela pele nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete ho fihlela morero oa Jehova ka lefatše le batho o phethahetse.—Tšen. 22:1, 2.
16. Baheberu 4:15 e bontša joang hore Jesu ke Moprista ea Phahameng ea molemo ka ho fetisisa bakeng sa rona?
16 Kreste, Moprista oa rona ea Phahameng, o re utloela bohloko ka lebaka la liteko le mathata a re hlahelang hobane le eena o kile a phela mona lefatšeng. (Bala Baheberu 4:15.) Nahana ka taba ena: Na ka linako tse ling u ikutloa u khathetse? Jesu le eena o ne a khathala ka linako tse ling. (Joh. 4:6) Na u kile oa lapa kapa oa nyoroa? Jesu le eena oa tseba hore na ho joang ho lapa le ho nyoroa. (Mat. 4:2; Joh. 19:28) Na u kopana le khanyetso le ho songoa ka lebaka la tumelo ea hao? Jesu le eena o ile a feta maemong a tšoanang. (Esa. 50:6; Joh. 15:20) Na u kile oa hlokahalloa ke motho eo u mo ratang? Jesu le eena o ile a hlokahalloa ke motsoalle oa hae Lazaro mohlomong le ntate oa hae Josefa. Re ka kholiseha hore Moprista oa rona ea Phahameng, Jesu, oa re utloisisa ebile o tseba hantle hore na o lokela ho re thusa joang hobane o fetile maemong a tšoanang.
17. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore batlotsuoa ba tla sebetsana le rona ka mosa le ka kutloisiso ha ba re thusa hore re phethahale?
17 Batlotsuoa ba 144 000 ba tla re tšoara ka mosa le ka kutloisiso ha ba thusa Jesu ho etsa hore re phethahale. Le bona ho na le nako eo ba neng ba sa phethahala joaloka rona. Baa tseba hore na ho joang ho etsa liphoso le ho ikutloa u le molato. Baa utloisisa hore na ho joang ho kula ’meleng le maikutlong. Ke batho ba litso le merabe e sa tšoaneng, ba phetseng ka linako tse sa tšoaneng le maemong a sa tšoaneng. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na u kopana le eng bophelong, ho na le e mong oa ba 144 000 ea tla utloisisa hore na u ikutloa joang.
18. Tokisetso ea boprista e re ruta eng ka Jehova, hona taba ee e etsa hore u ikutloe joang ka eena?
18 Lintho tsohle tseo re ithutileng tsona ka boprista li bontša hore Jehova o lerato, o mohau ebile o na le kutloelo-bohloko. Satane ke eena ea lulang a re qosa, eseng Jehova. (Tšen. 12:10) Sehloohong sena re ithutile hore Jehova o sebelitse ka thata ho re hulela ho eena a ba a bula tsela e le hore re ka khona ho ba metsoalle ea hae ra ba ra mo thabisa. Na taba ee ha e etse hore u utloe u batla ho atamela haufi le Jehova le ho feta? Na ha e etse hore u utloe ho le bonolo ho amohela hore oa u rata le hore o batla ho u tšoarela?
19. Tokisetso ea boprista e re kholisa joang hore Jehova o utloisisa mathata a rona?
19 Ho ithuta ka tokisetso ea boprista ho boetse ho a re kholisa hore le haeba re utloa eka Jehova ha a re rate ka lebaka la libe tsa rona, re ka tšepa hore o utloisisa bothata boo re kopanang le bona. Oa tseba hore re entsoe ka lerole. (Pes. 103:14) Ho ntse ho le joalo, o khetha ho sheba ka ’nģ’ane ho libe tsa rona le ho sheba lintho tse ntle ka rona le bokhoni ba rona ba ho ntlafatsa. Haeba rona re bona feela liphoso le libe tsa rona, re lokela ho hopola hore Jehova “o moholo ho lipelo tsa rona ebile o tseba lintho tsohle.”—1 Joh. 3:20.
20. Ke hobane’ng ha u ananela tokisetso ea boprista, hona u ikemiselitse ho etsa eng?
20 Joalokaha re bone, Jehova o entse tokisetso ea boprista e le hore re ka mo rapela ka tsela eo a e amohelang. Eo ke eona takatso ea pelo ea hae. Ka lebaka la tokisetso ea boprista, lekhalo le neng le le teng pakeng tsa Jehova le barapeli ba hae ba tšepahalang le hoja ba sa phethahala le koalehile. Kahoo, e se eka re ka etsa feela joalokaha Baheberu 4:16 e re khothalletsa, ha e re: “Ka hona, a re atameleng terone ea Molimo ea re bontšang mosa ’me re mo rapele ka bolokolohi bohle e le hore a ka re hauhela le ho re bontša mosa ka nako e nepahetseng ha re hloka thuso.”
PINA EA 16 Rorisang Jehova le Mora oa Hae ea Tlotsitsoeng