LIPOLELO TSE HLAHANG KA BIBELENG
“Lumellang Khotso ea Kreste Hore e Laole Lipelo Tsa Lona”
Bakolose 3:15 e bua ka “khotso ea Kreste.” Ha e le hantle, “khotso ea Kreste” ke eng? E akarelletsa khotso ea kelello eo motho a bang le eona hobane e le morutuoa oa Kreste. O ba le khotso ena hobane a tseba hore o ratoa ke Jehova le Mora oa hae.—Joh. 14:23, 27.
Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ba phutheho ea Kolose hore ba lumelle khotso ena hore e laole lipelo tsa bona, kapa motho eo ba leng eena ka hare. Joang? Lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng le fetoletsoeng e le “laole” le amana le lentsoe moletsa-phala papaling. Sena se bolela hore “khotso ea Kreste” e lokela ho ba eona moletsa-phala ka lipelong tsa rona.
Ka mohlala, ha re sa utloisisane le Mokreste-’moho, re lokela ho lumella “khotso ea Kreste” hore e be “moletsa-phala.” E tla re nolofalletsa ho tseba seo re lokelang ho se etsa e le hore re boloke khotso le bonngoe. E le hore re khone ho etsa sena, ka linako tse ling re lokela ho tela lintho tseo rona re li batlang kapa re tšoarele batho ba bang. Haeba re etsa lintho tsena re tla be re bontša hore re lumella “khotso ea Kreste” hore e laole lipelo tsa rona.—Bakol. 3:12-14.