Haha Tumelo ea Hao Motheong o Tiileng
HA U ne u ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ke eng e ileng ea u kholisa hore u fumane bolumeli ba ’nete, bo rapelang Jehova ka tsela eo a e amohelang? (Baef. 4:4-6) Na u ile oa khahloa ke tsela eo batho ba Jehova ba ratanang ka eona? Kapa na u ile oa khahloa ke boitšoaro ba bona bo botle? Batho ba bangata ba khahloa ke ’nete hobane mokhatlo oa Molimo o etsa hore ba ikutloe ba sireletsehile ba bile ba ratoa e le kannete, ’me taba eo ea utloahala. Lerato le boitšoaro bo botle ke matšoao a borapeli ba ’nete.—Joh. 13:35; 1 Pet. 2:12.
Empa ho thoe’ng haeba Mokreste-’moho le uena a u utloisa bohloko kapa a u tšoara hampe ka tsela e itseng? Kapa mohlomong Mokreste-’moho le uena o etsa sebe se tebileng joaloka monna eo Pauluse a ileng a bua ka eena ea neng a le phuthehong ea Korinthe mehleng ea baapostola. (1 Bakor. 5:1) Haeba tumelo ea hao e itšetlehile feela ka tsela eo liketso tsa batho ba bang li etsang hore u ikutloe ka eona, motheo oa eona ha oa tsitsa. Re ka etsa’ng e le hore motheo oa tumelo ea rona e be o tiileng?
MOTHEO O TIILENG OA TUMELO
U ka tiisa motheo oa tumelo ea hao ka ho matlafatsa kholiseho ea hao linneteng tsa motheo tseo u ithutileng tsona ka Bibeleng. Taba eo e tla u thusa joang? Nahana ka mohlala ona.
Ka nako e ’ngoe barutuoa ba bangata ba Jesu ba ile ba khaotsa ho mo latela. Ba ne ba khopisitsoe ke seo a ileng a se bua ka ho ja nama ea hae le ho noa mali a hae. Ba ile ba re: “Re ke ke ra mamela litaba tse tšosang tjena.” Seo Jesu a neng a se buile se ile sa ba khopisa hoo ba ileng ba khaotsa ho mo latela.—Joh. 6:56-60, 66.
Ka mor’a moo, Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Na le lona le batla ho tsamaea?” Petrose o ile a re: “Morena, re tla tsamaea re ee ho mang? Mantsoe a hao a fana ka bophelo bo sa feleng. Rea lumela ebile rea tseba hore u Mohlanka ea Halalelang oa Molimo.”—Joh. 6:67-69.
Ke hobane’ng ha Petrose le baapostola ba bang ba sa ka ba khopeha joaloka batho ba bang? Tumelo ea bona e ne e thehiloe holim’a ntho e tšepahalang ho feta maikutlo a bona. Petrose o ile a re: “Rea lumela ebile rea tseba hore u Mohlanka ea Halalelang oa Molimo.” Baapostola ba hae ba ne ba tseba hantle hore na ba lumela eng le hore na ke hobane’ng ha ba e lumela. Ha ba bapisa mantsoe le liketso tsa Jesu le seo ba ithutileng sona ka Mangolong, ba ile ba kholiseha hore Jesu ke Mesia. Kaha ba ne ba kholisehile ka ’nete ena ea motheo, tumelo ea bona e ile ea lula e le matla ha ba bang ba khopisoa ke mantsoe a Jesu.
Re ithuta eng tlalehong ee? Lintho tseo re li tsebang li ka ba matla ho feta tsela eo re ikutloang ka eona. Hobane’ng? Hobane ha ho mohla linnete tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng li fetohang, joaloka ’nete ka lebitso la Molimo, morero oa hae le tefo ea topollo. Lipuo le liketso tsa batho ba bang li ka re utloisa bohloko, empa li ke ke tsa fetola linnete tsa Bibele. Kahoo, haeba re kholisehile ka linnete tse ka Bibeleng ebile re tšepa lintho tseo mokhatlo oa Jehova o re rutang tsona, re ke ke ra khopisoa ke liketso tsa batho ba bang.
Haeba tumelo ea rona e itšetlehile feela ka tsela eo liketso tsa batho ba bang li etsang hore re ikutloe ka eona, motheo oa eona ha oa tsitsa
Ke ’nete hore lerato le boitšoaro bo botle ba bara le barali ba bo rona bo a re matlafatsa le ho re tsosa molota. Empa haeba boikutlo boo bo ka fokotseha ka lebaka la liketso tsa batho ba bang, ho kholiseha ka linnete tse ka Bibeleng ho ka matlafatsa tumelo ea rona. Kholiseho eo e tla re thusa ho hlokomela hore re ka mokhatlong o nepahetseng ho sa tsotellehe liketso tsa motho a le mong kapa ba babeli.
Ha re e-na le kemiso e tsitsitseng ea thuto ea botho, kholiseho ea rona linneteng tseo re ithutileng tsona Lentsoeng la Molimo e tla matlafala. Kahoo, re ke ke ra belaela hore re rapela Jehova ka tsela e nepahetseng. Tumelo ea rona e tla thehoa motheong o tsitseng, ’me e ke ke ea sisinngoa ke mantsoe kapa liketso tsa batho ba bang.—Pes. 16:8; sheba lebokose le reng “Lula ka Mokhatlong oa Jehova.”