Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 October maq. 24-29
  • Hlahlobisisa Mangolo Kamehla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlahlobisisa Mangolo Kamehla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOHLALA O KHOTHATSANG
  • KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO HLAHLOBA TEMANA EA LETSATSI LE LETSATSI?
  • U KA HLAHLOBA TEMANA EA LETSATSI JOANG?
  • THUSA BANA BA HAO HO HLAHLOBA TEMANA LETSATSI LE LETSATSI
  • Lijo Tsa Moea Tsa Letsatsi le Letsatsi—Li Bohlokoa Bakeng sa Lelapa la Bokreste
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Kemiso ea Lelapa—Temana ea Letsatsi
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Etsa Kemiso ea Lelapa e Sebetsang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • “Le Etse Lintho Tseo Lentsoe la Molimo le li Buang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 October maq. 24-29

LA 28 DECEMBER 2026–LA 3 JANUARY 2027

PINA EA 162 Ke Hloka Molimo

Hlahlobisisa Mangolo Kamehla

“Ba ile ba amohela lentsoe . . . ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng.”—LIK. 17:11.

NTLHA-KHOLO

Ho re khothalletsa ho hlahloba temana ea letsatsi le ho re fa litlhahiso tsa hore na re ka etsa seo joang.

1, 2. Mokhatlo oa Jehova o ile oa etsa eng e le hore re khone ho hlahloba temana ea letsatsi, hona re ka e fumana hokae?

KA 1905, mokhatlo oa Jehova o ile oa hatisa buka e bitsoang Daily Heavenly Manna for the Household of Faith. Buka ena e ne e hlahisa temana ea Bibele hammoho le tlhaloso e tsoang ho Zion’s Watch Tower eo bara le barali ba bo rona ba neng ba khona ho e bala letsatsi le letsatsi selemo kaofela. Batho ba Jehova ba ile ba sebelisa buka ena ho fihlela ka 1927 ha temana ea letsatsi le tlhaloso li se li hatisoa Bukeng ea Selemo.a Ho tloha ka nako eo, selemo se seng le se seng ho ne ho qotsoa litemana tse fapaneng tsa Bibele le litlhaloso tse fapaneng ho tsoa ho Molula-Qhooa, ’me sena se ne se fa bara le barali ba bo rona monyetla oa hore ba nahanisise ka litemana tse fapaneng tsa Bibele.

2 Ka 1986, mokhatlo o ile oa qala ho hatisa temana ea letsatsi bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. Bukana ena e fumaneha ka lipuo tse ka holimo ho 300. Ke hokae hape moo re ka fumanang temana ea letsatsi? Leqepheng le qalang la app ea JW Library®, Watchtower ONLINE LIBRARY™ (wol.jw.org) le ho Watchtower Library.

3. Ke eng e ka etsang hore re thatafalloe ke ho bala temana ea letsatsi kamehla, hona re tl’o hlahloba eng sehloohong see?

3 Kaha re phathahane haholo, ba bang ba rona re ka thatafalloa ke ho bala temana ea letsatsi kamehla. Kahoo, sehloohong sena re tl’o araba lipotso tsena tse tharo: Ke mohlala ofe o ka Bibeleng o ka re khothalletsang ho hlahlobisisa Mangolo kamehla? Ke hobane’ng ha ho re tsoela molemo ho hlahlobisisa temana ea letsatsi? Re ka etsa seo joang?

MOHLALA O KHOTHATSANG

4. Baberea ba ile ba etsa eng ha moapostola Pauluse a ba pakela? (Liketso 17:​10, 11)

4 Lengolo la rona la sehlooho le hlalosa seo Bajuda ba neng ba mametse moapostola Pauluse ba ileng ba se etsa ha a ba pakela motseng oa Berea o Macedonia. (Bala Liketso 17:​10, 11.) Baberea ba ne ba sa mamela Pauluse e le hore ba mo tšoaee phoso. Bibele e ba hlalosa e le batho ba neng “ba ikemiselitse ho ithuta” ba ileng “ba amohela lentsoe” leo Pauluse a neng a ba ruta lona. Ha ba bapisa seo Pauluse a se buang le seo ba se balang ka Mangolong, ba ile ba bona hore seo Pauluse a se rutang ke ’nete. Re etsa se tšoanang ha re mametse puo libokeng kapa likopanong. Re tsamaisana le mor’abo rona ha a ntse a bala Lentsoe la Molimo. Sena se etsa hore re kholisehe hore seo a se buang ke ’nete.

5. Baberea ba ile ba rua molemo joang ka ho hlahloba Mangolo letsatsi le letsatsi?

5 “Batho ba bangata ba Berea . . . ea e-ba balumeli.” (Lik. 17:12) Bajuda ba Thesalonika ba ile ba fihla Berea “ho tla hlohlelletsa le ho ferekanya batho.” (Lik. 17:13) Leha ho le joalo, Bakreste bana ba bacha ha baa ka ba tšoha. Ho ithuta Mangolo kamehla ho ne ho ba kholisitse hore seo ba neng ba ithuta sona e ne e le ’nete, ’me ba ile ba ema ba tiile tumelong. Le rona haeba re bala Lentsoe la Molimo kamehla, re tla matlafala e le hore re ka sebetsana le mathata a bophelo.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO HLAHLOBA TEMANA EA LETSATSI LE LETSATSI?

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba temana ea letsatsi kamehla? (Sheba lebokose le reng “Mehlala e ka Bibeleng ea Batho ba Ileng ba Etsa Borapeli Letsatsi le Letsatsi.”)

6 Re hlahlobisisa temana ea letsatsi le letsatsi hobane ho re thusa ho nahanisisa ka Jehova le borapeli ba rona. Jehova ke Molimo oa rona ’me re lokela ho mo mamela le ho mo sebeletsa. Oa re rata ebile o batla hore re phele ka ho sa feleng. (Joh. 3:16) Mehlala e ka Bibeleng e bontša hore Jehova oa thaba ha re mo rapela letsatsi le letsatsi. Batho ba bangata ba hlokometse hore ha ba qala ka ho bala temana ea letsatsi, ho ba bonolo hore ba rapele, ba bale Bibele le ho thuisa.

Mehlala e ka Bibeleng ea Batho ba Ileng ba Etsa Borapeli Letsatsi le Letsatsi

  • Molao oa Moshe o ne o laela batho hore ba etse mahlabelo letsatsi le letsatsi.—Ex. 29:​38-42; 30:​7, 8.

  • Jehova o ile a bolella Joshua hore a bale Molao a be a nahanisise ka oona “bosiu le motšehare.”—Josh. 1:​8, nal.

  • Jehova o ile a laela marena a Iseraele hore a iketsetse kopi ea Molao oa Molimo a be a o bale letsatsi le letsatsi.—Deut. 17:​18-20.

  • Mopesaleme o ile a re khothalletsa ho thabela ho bala molao oa Molimo “bosiu le motšehare.”—Pes. 1:​1-3.

  • Daniele o ile a rapela hararo ka letsatsi.—Dan. 6:10.

  • Buka ea Tšenolo e bua ka bongata bo boholo bo etsetsang Molimo tšebeletso e halalelang “bosiu le motšehare.”—Tšen. 7:15.

7, 8. Re na le mabaka afe a eketsehileng a ho hlahloba temana ea letsatsi kamehla? (Baefese 5:​15, 16)

7 Ho hlahloba temana ea letsatsi ke tsela e ntle ea ho sebelisa nako ea rona. (Bala Baefese 5:​15, 16.) Na ho na le ntho e molemo eo re ka e etsang ka nako ea rona ho feta ho qeta metsotso e seng mekae re nahanisisa ka tsela eo Ntate oa rona ea lerato a nahanang ka eona?

8 Re hlahloba temana ea letsatsi hobane ea re matlafatsa e le hore re khone ho sebetsana le mathata a letsatsi le letsatsi. Jesu o ile a re letsatsi ka leng le tla ba “le mathata a lona.” (Mat. 6:34) Kahoo, re tobana le mathata a fapaneng letsatsi le letsatsi. Empa litemaneng tse tlang pele ho moo, Jesu oa re kholisa hore Jehova o tseba mathata ao re fetang ho ’ona le lintho tseo re li hlokang. (Mat. 6:​25-32) Ha re bala temana ea letsatsi, re nahana haholo ka thuso eo Jehova a re fang eona, eseng ka mathata a rona. (Pes. 68:19; 1 Pet. 5:​6, 7) Ka mohlala, morali e mong oa bo rona e mocha, o ne a ikutloa a le molato ka lebaka la liphoso tseo a li entseng nakong e fetileng, ’me a ipotsa hore na Jehova o mo tšoaretse. Ha a rapela, o ile a kopa Jehova hore a mo kholise hore o mo tšoaretse. Eaba ka mor’a moo, o bala temana ea letsatsi. E ne e le Pesaleme ea 86:​5, e reng: “Jehova, u molemo ebile u ikemiselitse ho tšoarela. Bohle ba llelang ho uena u ba rata haholo.” O re: “Hang-hang ke ile ka utloa ke ba le khotso ’me ke ile ka ananela haholo hore Jehova o ntšelisitse ka tsela eo ke neng ke e hloka. Sena se ile sa etsa hore ke khothale le ho feta hore ke bale temana ea letsatsi kamehla.”

9. Temana e ’ngoe ea letsatsi e ile ea thusa bara le barali ba bo rona ba Ukraine joang?

9 Hangata temana ea letsatsi e kenyelletsa likhopotso tse re thusang ho “tšepa Jehova” ha re e-na le mathata. (Liprov. 3:​5, 6) Ka mohlala, letsatsing leo ntoa ea Russia le Ukraine e qalileng ka lona, temana ea letsatsi e ne e le Esaia 30:​15, e reng: “Haeba le khoba matšoafo ’me le ntšepa le tla ba matla.” Temana ena e ile ea tšelisa bara le barali ba bo rona ba Ukraine. Ka mohlala, Mor’abo rona Eduard o re: “Temana ena e ile ea re hlasimolla. ’Na le mohats’a ka re ile ra e bala hoseng hoo, ’me ka mor’a moo re ile ra rapela. Ka mor’a hore re etse thapelo, re ile ra ba le matla ao re neng re a hloka ho laola maikutlo a rona.” Morali oa bo rona Svitlana o re: “Esaia 30:15 e fetohile temana ea bohlokoa haholo ho rona. Re ile ra lula re nahana ka eona le seo e se bolelang ho rona ha ntoa e ntse e kupa.”

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba sebete, hona re ka etsa eng hore re be sebete le ho feta? (Joshua 1:​6-9) (Sheba litšoantšo.)

10 Re hlahloba temana ea letsatsi hobane e re thusa ho lula re ikemiselitse ho tšepahala. Re hloka sebete e le hore re fapane le batho bao re kenang sekolo le bona le bao re sebetsang le bona, re arolelane linnete tsa Bibele le ba bang, re be re lule re tšepahala ha re hlorisoa. Nakong eo Joshua a neng a khethoa hore a etelle sechaba sa Iseraele pele, Jehova o ile a mo bolella ka makhetlo a mararo hore o lokela ho ba sebete le ho ba matla. E le hore a lule a le sebete, Jehova o ile a mo laele hore a bale buka ea Molao letsatsi le letsatsi. (Bala Joshua 1:​6-9.) Re tla ba sebete ebile re tla lula re tšepahala haeba re bala temana ea letsatsi le Bibele kamehla.

Litšoantšo: Batho ba Molimo ba fumana matla ha ba bala Mangolo letsatsi le letsatsi. 1. Joshua o bala buka ea Molao. 2. Lelapa le bala temana ea letsatsi nakong ea lijo tsa hoseng pele ba ea sekolong kapa mosebetsing.

Re ba sebete le ho feta ha re bala Mangolo letsatsi le letsatsi (Sheba serapa sa 10)


11. Ho hlahloba temana ea letsatsi ho ka re thusa joang hore re hole moeeng?

11 Re hlahloba temana ea letsatsi hobane e re thusa ho hola moeeng. Pauluse o ile a bolella Timothea hore a tsoele pele ho ntlafatsa tsela eo a buang le ho itšoara ka eona, lerato la hae, tumelo ea hae le bohloeki. (1 Tim. 4:​12, 15) Ha re hlahloba temana ea letsatsi kamehla, re ba le monyetla oa ho hlahloba hore na re ka etsa’ng e le hore re hole moeeng. Motho ea holileng moeeng ke ea etsisang tsela eo Jehova a nahanang ka eona, ’me a sebetsa ka thata ho mo thabisa le ho phela ka melao ea hae.—Bar. 8:​5, 6.

12. Ke likabelo life tse hlokang bara le barali ba bo rona ba holileng moeeng, hona ke eng e ka re thusang ho itokisetsa tsona?

12 Re hlahloba temana ea letsatsi kamehla hobane e re thusa ho itokisetsa likabelo tseo re tla li fuoa nakong e tlang. Ka mokhatlong oa Jehova, re hloka bara le barali ba bo rona ba holileng moeeng ba ka thusang ka mosebetsi o ntseng o eketseha. Re hloka hore ba sebeletse e le bo-pula-maliboho, baromuoa, Bethele, liprojekeng tsa kaho le liofising tsa phetolelo. Re hloka bara ba bo rona ba ikokobelitseng ba ka sebeletsang e le bahlanka ba sebeletsang, baholo le balebeli ba potoloho. Jehova o batla bara ba bo rona ba tšepahalang le ba sebetsang ka thata, ba utloisisang hore na ba ka sebelisa melao-motheo ea Bibele joang hore ba etelle pele ka mokhatlong oa hae. (Deut. 1:​13-15) Haeba re kenyelletsa ho hlahloba temana ea letsatsi kemisong ea rona ea moea, re tla ithuta melao-motheo eo ’me re tla itokisetsa likabelo tse eketsehileng.

U KA HLAHLOBA TEMANA EA LETSATSI JOANG?

13. Re ka hlahloba temana ea letsatsi joang?

13 U ka hlahloba temana ea letsatsi joang? Pele malapa ’ohle a Bethele a qala mosebetsi, a etsa thapelo e khutšoanyane e matla ebe a hlahloba temana ea letsatsi hammoho. Le uena u ka qala ka thapelo e khutšoanyane, u kope Jehova ho u thusa hore u rue molemo ho seo u tl’o se bala. (Jak. 1:5) Ka mor’a moo, bala temana ea letsatsi le lintlha tsa eona. Ha u qeta u ka ipotsa lipotso tse kang: ‘Temana ee e ka matlafatsa tumelo ea ka joang? Ho nahanisisa ka eona ho ka nkatametsa haufi le Jehova joang? E ka nthusa joang ho sebetsana le mathata ao nka ’nang ka kopana le ’ona kajeno?’ Haeba u hlahloba temana ea letsatsi le ba lelapa kapa metsoalle, buisanang ka lintlha tseo le li ratileng. (Bar. 1:12) Batho ba bang ba ee ba bone ho le molemo ho akaretsa ntlha ea sehlooho ea temana ea letsatsi ka mantsoe a seng makae, e le hore ba khone ho e hopola letsatsi lohle.

14, 15. Ke lintlha life tseo re ka li hlahlobang ha re bala temana ea letsatsi, hona ke eng e tla re thusa hore re lule re e hopola?

14 U ka rua molemo temaneng ea letsatsi ka litsela life tse ling? Leka litlhahiso tse latelang: (1) Tšoaea lintlha tsa sehlooho tlhalosong ea Molula-Qhooa ebe u nahanisisa ka tsona. (2) Bala mangolo a hlahang tlhalosong ea Molula-Qhooa. (3) Bala khaolo ea Bibele eo temana ea letsatsi e hlahang ho eona. (4) Sheba Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova e le ho fumana lintlha tse eketsehileng. (5) Bala likarolo tsa sehlooho sa Molula-Qhooa seo lintlha tsa temana ea letsatsi li nkiloeng ho sona. Haeba u sebelisa sesebelisoa sa elektronike, tobetsa Molula-Qhooa o hlahang qetellong ea tlhaloso.b

15 Ha Morali oa bo rona Mackenzie ea lilemo li 19 a hlalosa hore na o hlahloba temana ea letsatsi joang, o re: “Ke nka nakoana e eketsehileng, leha e ka ba metsotso e mehlano feela, e le hore ke bale butle ’me ke nahane ka temana ea letsatsi le lintlha tsa eona. Ha ke etsa joalo, ke khona ho hopola lintlha tseo ke li balileng.”

16. Le lokela ho bala temana ea letsatsi neng?

16 Re lokela ho bala temana ea letsatsi neng? Khetha nako e u sebeletsang le ba lelapa la hao. Ka mohlala, ba bang ba e bala pele kapa ka mor’a hore ba je lijo tsa hoseng kapa pele ba isa bana sekolong. E le hore ba se ke ba lebala, ba beha bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla holim’a tafole. Bonneteng, ho ka etsahala hore ho hlahe lintho tseo le sa li lebellang, ’me ho ka hlokahala ho fetola nako eo le balang temana ea letsatsi ka eona.

17, 18. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho beha nako e tobileng bakeng sa ho bala temana ea letsatsi, hona ke eng e ka u thusang hore u e bale kamehla? (Sheba litšoantšo.)

17 Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho beha nako e tobileng ea ho bala temana ea letsatsi? Hobane ha re sa etse joalo, re ka iphumana re sa e bale ho hang. Mor’abo rona John ea lilemo li 16 o ile a re: “Haeba u sa etse hore ho bala temana ea letsatsi ho tle pele, u ka iphumana u sa e bala ho hang.” Morali oa bo rona Sierra ea lilemo li 25 o ile a re: “Ke leka ho bala temana ea letsatsi hoseng pele ke phathahana ka lintho tse ling.” Mor’abo rona Rogelio ea lilemo li 21 eena o ile a re: “Ho etsa hore fono ea ka e nkhopotse ho bala temana ea letsatsi ho nthusa hore ke e bale kamehla.”

18 Kenyelletsa ho bala temana ea letsatsi kemisong ea hao, ’me u leke ho e latela haufi-ufi. Qoba lintho tse ka u sitisang. Morali oa bo rona Isabelle ea lilemo li 19 o ile a re: “Ipolelle hore u ke ke oa etsa ntho efe kapa efe kapa oa sheba fono ea hao pele u bala temana ea letsatsi. Haeba ho e bala fonong ho u bakela tšitiso, batla bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ’me u e bale pele u tšoara fono ea hao.” Morali oa bo rona Olivia ea lilemo li 19 eena o ile a re: “Ntho e nthusang hore ke khone ho bala temana ea letsatsi ke ho e bala le ba bang, joaloka metsoalle kapa ba lelapa. Ha ho na le motho ea u hopotsang kapa eo u e balang le eena, ho bonolo hore u e bale kamehla.”

Litšoantšo: Ho qoba litšitiso ha re ntse re bala temana ea letsatsi. 1. Morali oa bo rona o bala temana ea letsatsi bukaneng ea “Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla” ha fono ea hae e shebile fatše e le hole le eena. 2. O entse hore fono ea hae e se ke ea lla.

Ke eng e tla re thusa ho qoba litšitiso ha re ntse re bala temana ea letsatsi? (Sheba serapa sa 18)


THUSA BANA BA HAO HO HLAHLOBA TEMANA LETSATSI LE LETSATSI

19. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tloaetsa bana ba lona ho bala temana letsatsi le letsatsi? Etsa mohlala. (Bafilipi 1:​9, 10)

19 Batsoali, itloaetseng ho bala temana ea letsatsi le bana ba lona letsatsi le letsatsi. Tloaelo ena e tla tsoela bana ba lona molemo leha ba se ba holile. Le haeba ho na le matsatsi ao bana ba hao ba sa utloisiseng temana ea letsatsi ka botlalo hobane ba sa le banyenyane, tloaelo eo e tla ba tsoela molemo ha nako e ntse e ea. Feela joalokaha peo e nyenyane e ka hola hore e be sefate se seholo ka hore e monye mongobo mobung letsatsi le letsatsi, haeba le nka metsotso e seng mekae letsatsi le letsatsi hore le hlahlobe temana ea letsatsi le tlhaloso ea eona, bana ba lona ba banyenyane ba tla hola hore e be banna le basali ba tiileng tumelong.—Bala Bafilipi 1:​9, 10.

20. Ho bohlokoa hakae hore re je lijo tsa moea?

20 Jesu o ile a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela empa o tla phela le ka lentsoe le leng le le leng le tsoang molomong oa Jehova.” (Mat. 4:4) Re ke ke ra batla ho qeta letsatsi kaofela re sa je. Ke habohlokoa le ho feta hore re iphepe ka lijo tsa moea tse phelisang moeeng tseo re li fumanang ha re hlahloba temana ea letsatsi le letsatsi.

U KA RE’NG?

  • Re na le mabaka afe a ho hlahloba temana ea letsatsi kamehla?

  • Ke joang re ka ruang molemo o felletseng ha re hlahloba temana ea letsatsi?

  • Ke litlhahiso life tse hlahlileng sehloohong see tse tla u thusa hore u hlahlobe temana letsatsi le letsatsi?

PINA EA 94 Re Ananela Lentsoe la Molimo

a Bakeng sa lipuo tse neng li sa hatise Buka ea Selemo, Molula-Qhooa o ne o fana ka lethathamo la litemana tsa Bibele hammoho le tšupiso ea hore na tlhaloso ea tsona e fumaneha ho Molula-Qhooa ofe.

b Molula-Qhooa o bontša selemo, khoeli, maqephe le lirapa tseo tlhaloso e nkiloeng ho tsona.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela