Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 November maq. 30-31
  • Ananela Bara le Barali ba bo Rona ba sa Tšoaneng Phuthehong ea Heno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ananela Bara le Barali ba bo Rona ba sa Tšoaneng Phuthehong ea Heno
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • JEHOVA O RATA LINTHO TSE FAPANENG
  • RE KA ETSA’NG E LE HORE RE ANANELE HO SE TŠOANE HA BARA LE BARALI BA BO RONA?
  • E-ba Haufi Haholo le Bakreste-’moho le Uena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Rarolla Likhang ’me u Bope Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Na Bonngoe ba Bokreste bo Lumella ho se Tšoane?
    Tsoha!—1998
  • Qoba ho Utloisa “ba Banyenyane Bana” Bohloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 November maq. 30-31
Mor’abo rona o eme monyako o tsoang, o shebile mor’abo rona e mong ha a ntse a bua le morali’abo rona ea holileng ba lutse sofeng.

Ananela Bara le Barali ba bo Rona ba sa Tšoaneng Phuthehong ea Heno

NAHANA u le sebokeng sa tšebeletso ea tšimo. Mor’abo rona ea khannang seboka o aba bara ba bo rona ba babeli hore ba sebetse ’moho. E mong o tsebahala ka ho ba ’moleli ea chesehang ha e mong eena a tsebahala ka ho ba molisa ea mosa. Ka mor’a thapelo e koalang, mor’abo rona ea tsebahalang ka ho cheseha o sheba nako ebe hang-hang o ea a lebile monyako. Mor’abo rona ea tsebahalang ka ho ba mosa o lula fatše, o qala ho bua le morali’abo rona ea holileng.

Ka mor’a moo, ho tla etsahala’ng? Ho itšetlehile ka hore na bara bana ba bo rona ba shebana joang. Na ebe mor’abo rona oa pele o tla bona mor’abo rona eo a abiloeng le eena a sa hlomphe nako ea tšimo? Na ebe mor’abo rona oa bobeli o tla bona mor’abo rona eo a abiloeng le eena, a se na lerato a bile a sa tsotelle ba bang? Haeba ba ikutloa ka tsela ena, ba ka tenehelana eaba ha ba thabele tšebeletso ea tšimo.

Kaofela re nahana le ho etsa lintho ka litsela tse fapaneng. Morali’abo rona Jessica, ea seng a e-na le lilemo tse ka holimo ho 20 a kolobelitsoe, o re: “Re ka tloaela tsela eo re nahanang kapa re itšoarang ka eona hoo re ka qetellang re lumela hore ke eona feela e nepahetseng.”

Re ka etsa’ng e le hore re ithute ho nahana ka litsela tse fapaneng le hore re ananele makhabane le maikutlo a fapaneng a bara le barali ba bo rona? Re ka qala ka ho ithuta hore na Jehova o ikutloa joang ka lintho tse fapaneng tseo a li bopileng.

JEHOVA O RATA LINTHO TSE FAPANENG

Rea tseba hore Jehova o rata bonngoe. O batla hore re “nahane le ho sheba lintho ka tsela e tšoanang.” (1 Bakor. 1:10) O batla hore re latele “molisa a [le] mong” eo a mo khethileng le hore re phele ka buka e le ’ngoe, e leng Lentsoe la hae Bibele.—Joh. 10:16.

Empa re boetse rea tseba hore Jehova o rata lintho tse fapaneng. Re bona sena ha re sheba popo ea hae. Liphoofolo tse ling lia matha, tse ling lia hahaba, tse ling lia fofa ha tse ling tsona li sesa. Limela tse ling li hola hore li be telele li be li phele nako e telele, ha tse ling tsona li ba khutšoanyane ebile li phela nako e khutšoanyane. Jehova o ile a re ho fapana hona ho “molemo haholo.”—Gen. 1:​30, 31.

Jehova o boetse o thabela hore ebe barapeli ba hae ha ba tšoane. Nahana ka boprofeta bo bong ba Esaia. Bo hlalosa liphoofolo tse fapaneng li phela hammoho ka khotso. (Esa. 11:6) Kajeno, barapeli ba Jehova ba phethahatsa boprofeta bona hobane ba phelisana ka khotso. Na khotso ee e tlisoa ke hore baa tšoana? Che. Joaloka liphoofolo tseo boprofeta bona bo buang ka tsona, batho ba Jehova ba fapane haholo. Ba tsoa malapeng le litsong tse fapaneng ebile ba etsa lintho le ho nahana ka litsela tse fapaneng. Ba bang ba sebete ha ba bang ba le lihlong. Leha ho le joalo, ba phela ka khotso hobane ba na le ntho e le ’ngoe ea bohlokoa, e leng ho “tseba Jehova.”—Esa. 11:9.

Kaha Jehova o amohela batho ba fapaneng, ha rea lokela ho lumella ho se tšoane hoo ho re arole. Ho e-na le hoo, re lokela ho bona ho se tšoane hona e le mpho e bontšang bohlale ba Jehova, e bontšang hore o tseba ho qapa ebile o seatla se bulehileng.

RE KA ETSA’NG E LE HORE RE ANANELE HO SE TŠOANE HA BARA LE BARALI BA BO RONA?

Ho ka ’na ha e-ba bonolo ho bua ka molomo hore re ananela ho se tšoane ho teng pakeng tsa rona le bara le barali ba bo rona. Empa ha motho e mong a re utloisa bohloko, ho ka ba thata ho amohela hore motho eo o etsa lintho le ho nahana ka tsela e fapaneng le ea rona. Re ka thusoa ke eng?

  • U se ke oa belaella sepheo sa bara le barali beno. (1 Bakor. 13:​4, 7) Bara le barali ba bo rona ke letlotlo ho Jehova, ke kahoo a ba memmeng hore e be baeti tenteng ea hae. (Pes. 15:​1, 2) Ha re hopola hore bara le barali ba bo rona ba sebetsa ka thata hore ba lule ba amoheleha ho Molimo, re tla nolofalloa ho ba tšoara ka mosa le ha ho e-na le ho se utloane pakeng tsa rona.—Baef. 4:32; Bakol. 3:13.

  • Hopola hore ho na le litsela tse fapaneng tsa ho etsa lintho. Ka tlhaho re rata tsela eo re etsang lintho ka eona. Empa sena ha se bolele hore ke eona feela tsela e nepahetseng. Tsela eo re buang le ba bang ka eona, lintho tseo re li nkang e le tsa bohlokoa le lijo tseo re li ratang li susumelitsoe ke libaka tseo re holetseng ho tsona. Kahoo, ha u halefisitsoe ke hore motho e mong o etsa lintho ka tsela e fapaneng le ea hao, ipotse: ‘Ke ne ke tla etsa lintho joang haeba ke ne ke holetse sebakeng se fapaneng, ka nako e fapaneng kapa ke holetse lelapeng le fapaneng?’

  • Sheba lintho tse ntle ho ba bang. Nahana ka bara ba bo rona ba babeli bao re buileng ka bona qalong. Ho ne ho tla etsahala’ng haeba e mong a ne a ka sheba makhabane a e mong? Nahana ha mor’abo rona ea chesehang a ne a ka bona mor’abo rona eo a tl’o sebetsa le eena a le mosa ho e-na le ho bona a senya nako. Hape nahana ha mor’abo rona ea mosa a ne a ka bona mor’abo rona eo a tl’o sebetsa le eena a cheseha, ho e-na le ho bona a se na mamello. Ka ho sheba makhabane ao, ba ne ba tla qoba ho etsa phoso ea ho batla ho fetola tsela eo e mong a etsang lintho ka eona. Ho e-na le hoo, ba ne ba tla utloana ’me ba sebetse hammoho ka khotso.—Bar. 12:10.

E se eka re ka sebetsa ka thata ho ananela hore bara le barali ba bo rona ha ba tšoane. (Bafil. 2:​2-4) Haeba re etsa joalo, re tla ba le khotso ea kelello. (Pes. 119:165) Re tla ba metsoalle le bona. Empa ka holimo ho tsohle, re tla rata Jehova le ho feta, e leng eena eo ka lerato a kopantseng ‘bana ba bo rona kaofela.’—1 Pet. 2:17.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela