Labone, la 29 October
Merero e ka pelong ea motho e joaloka metsi a tebileng empa motho ea nang le temoho oa e kha.—Liprov. 20:5.
U lokelang ho tseba eng ka motho eo u ratanang le eena? Pele u ka mo rata haholo, u ka ’na oa batla hore le buisane ka lintho tsa bohlokoa tse kang hore na o batla ho finyella’ng bophelong. U ka etsa’ng e le hore u tsebe motho eo u ratanang le eena hantle? Ntho e ka le thusang ke hore le buisane ka bolokolohi, le botsane lipotso ’me le mamelane ka hloko. (Jak. 1:19) Le ka thusoa le ke ho etsa lintho tse tla le thusa hore ho be bonolo hore le qoqe, joaloka ho ja hammoho, ho otlolla maoto hammoho le ho etsa mosebetsi oa boboleli hammoho. Le ka boela la tsebana haholoanyane ha le qeta nako le e-na le metsoalle le ba lelapa. Hape le ka rera ho etsa lintho tse tla le thusa ho bona hore na le itšoara joang ha le e-na le batho ba sa tšoaneng le ha le le maemong a sa tšoaneng. w24.05 27-28 ¶6-7
Labohlano, la 30 October
Le etsise Molimo hobane le bana ba hae bao a ba ratang.—Baef. 5:1.
Haufinyane re tla tobana le mathata a tla etsa hore re hloke ho itšetleha ka Jehova ho feta leha e le neng pele. Litlaleho tsa Bibele le lipale tsa bana ba bo rona ba mehleng ena li tla re thusa ho ela hloko kamoo Molimo a ileng a thusa bahlanka ba hae kateng. Nahanisisa ka litlaleho tseo. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u etse Jehova Lefika la hao. Hape u tla matlafatsa bana ba bo rona ka phuthehong. Jesu o ile a reha Simone Kefase (eo ha e fetoleloa e leng “Petrose”), e bolelang “Lefika.” (Joh. 1:42) Sena se ne se bontša hore Petrose o ne a tla tšelisa Bakreste-’moho le eena le ho ba matlafatsa tumelong. Ka tsela e tšoanang, Bibele e hlalosa baholo e le “moriti oa lefika le leholo.” Sena se bolela hore ba sireletsa phutheho. (Esa. 32:2) Leha ho le joalo, kaofela ha rona ka phuthehong re rua molemo ha re etsisa Jehova. w24.06 28 ¶10-11
Moqebelo, la 31 October
Jehova . . . ke Molimo ea batlang hore batho ba inehele ho eena feela.—Deut. 4:24.
Marena a Iseraele ao Jehova a neng a a nka a tšepahala a ne a khomaretse borapeli ba ’nete. Boholo ba marena ao Jehova a ileng a a ahlola a sa tšepahale ke ba ileng ba khaotsa ho mamela molao oa hae eaba ba rapela melimo ea bohata. (1 Mar. 21:25, 26; 2 Likron. 12:1) Ke hobane’ng ha taba ea borapeli e ne e le ea bohlokoa hakaale ho Jehova? Lebaka le leng ke hore marena a ne a ikarabella bakeng sa ho tataisa batho ba Molimo borapeling ba ’nete. Hape borapeli ba bohata bo lebisa libeng tse ling tse tebileng le ho hloka toka. (Hos. 4:1, 2) Ho feta moo, marena le bafo ba ’ona ba ne ba inehetse ho Jehova. Kahoo, Bibele e tšoantša ho kenella ha bona borapeling ba bohata le bofebe. (Jer. 3:8, 9) Motho ea etsang bofebe o siteloa molekane oa hae ka tsela e tebileng ka ho fetisisa. Ka ho tšoanang, mohlanka ea inehetseng oa Jehova ea kopanelang borapeling ba bohata, o utloisa Jehova bohloko haholo.—Deut. 4:23. w24.07 22-23 ¶12-15