Labohlano, la 6 November
Ke na le tšepo eo batho bana le bona ba nang le eona ea hore Molimo o tla tsosa batho ba lokileng le ba sa lokang bafung.—Lik. 24:15.
E tla ba ntho e thabisang hakaakang ho amohela ba tla tsosoa. Hape nahana kamoo u tla thabela ho ithuta ka Jehova kateng linthong tse ngata tseo a li bopileng. (Pes. 104:24; Esa. 11:9) Ho thabisang le ho feta ke hore u ke ke oa hlola u etsa sebe. Kahoo, u tla khona ho sebeletsa Jehova ’me ho ke ke ha hlokahala hore u kope tšoarelo. Na u ka tela litlhohonolofatso tsee hore feela u “thabele ho etsa sebe ka nakoana”? (Baheb. 11:25) Ho hang. Lintho tseo re lokelang ho li tela hona joale, ha se letho ha li bapisoa le bophelo boo re tla bo phela ka nako eo. Hopola hore Paradeise e ke ke ea lula e le ntho feela eo re e letetseng. Qetellong e tla ba sebaka seo re phelang ho sona letsatsi le letsatsi. Lintho tsena kaofela li tla etsahala hobane Jehova o re ratile haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae hore a re shoele. w25.01 29 ¶12
Moqebelo, la 7 November
Na letsoho la Jehova le lekhutšoanyane?—Num. 11:23, nal.
Har’a mehlala ea batho ba nang le tumelo bao ho buuoang ka bona lengolong la Baheberu, Moshe ke e mong oa batho ba ileng ba bontša tumelo e babatsehang. (Baheb. 3:2-5; 11:23-25) Moshe o ne a sa etsa phoso ka ho bontša tumelo ho Molimo hobane Molimo o ile a fana ka metsi le lijo ka mohlolo e le hore batho ba tsoele pele ba phela lefeelleng leo le omelletseng. (Ex. 15:22-25; Pes. 78:23-25) Le hoja Moshe a ne a e-na le tumelo e matla, hoo e ka bang selemo hamorao ka mor’a hore Jehova a ntše Baiseraele ka mohlolo Egepeta, ha aa ka a tšepa hore Jehova o na le bokhoni ba ho fa batho ba hae nama. Moshe o ne a bona eka ho ke ke ha khoneha hore Jehova a fane ka nama e lekaneng ho khotsofatsa batho bao ba limilione lefeelleng. Jehova o ile a botsa Moshe, a re: “Na letsoho la Jehova le lekhutšoanyane?” (Num. 11:21-23, nal.) Ha e le hantle, Jehova o ne a botsa Moshe, a re: ‘Na u nahana hore ke tla hloleha ho etsa ntho eo ke reng ke tla e etsa?’ w25.03 26 ¶1-2
Sontaha, la 8 November
[Molimo] o ile a otla batho ba lefatše la khale.—2 Pet. 2:5.
Na ho nepahetse hore re re ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahetseng nakong ea Moroallo e emela lintho tse tla etsahala nakong e tlang? Karabo ke che. Hobane’ng? Ke hobane Bibele ha e re ho joalo. Ke ’nete hore Jesu o ile a bapisa ‘mehla ea Noe’ le ho ba teng ha hae. Empa o ne a sa re ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahetseng mehleng ea Noe joaloka ho koaloa ha monyako oa areka, e ne e bontša lintho tse neng li tla etsahala ka tsela e kholoanyane nakong e tlang. (Mat 24:37-39) Noe o ile a etsa’ng ha a utloa hore Jehova o tl’o timetsa lefatše? O ile a bontša hore o na le tumelo ka hore a hahe areka. (Baheb. 11:7; 1 Pet. 3:20) Ka tsela e tšoanang, ha batho ba utloa litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo ba lokela ho bontša tumelo ka ho etsa seo ba ithutileng sona. (Lik. 3:17-20) Petrose o ile a re Noe o ne a “phatlalatsa litaba tse lokileng.” Mehleng ena rona re leka ho bolella batho bohle ba phelang lefatšeng litaba tse monate ’me re etsa seo ka cheseho. Empa ho sa tsotellehe hore na re leka ka matla hakae, re ke ke ra khona ho bolella motho e mong le e mong pele bofelo bo fihla. w24.05 8 ¶3-5