Na Boprofeta bo Buang ka Mesia bo Paka Hore Jesu e ne e le Mesia?
Karabo ya Bibele
E ho jwalo. Ha Jesu a ntse a le lefatsheng o ile a phethahatsa boprofeta bo bongata bo buang ka “Mesia Moetapele,” le eo e neng e tla ba “Mopholosi wa lefatshe.” (Daniele 9:25; 1 Johanne 4:14) Esita le ka mora lefu la hae, Jesu o ile a tswela pele ho phethahatsa boprofeta bo buang ka Mesia.—Pesaleme ya 110:1; Liketso 2:34-36.
Lentswe “Mesia” le bolelang?
Lentswe la Seheberu Ma·shiʹach (Mesia) le la Segerike Khri·stos (Kreste) ka bobedi a bolela “Motlotsuwa.” Ka hoo, “Jesu Kreste” e bolela “Jesu Motlotsuwa,” kapa “Jesu Mesia.”
Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, motho o ne a tlotswa hlooho ka oli ha a ne a kgethelwa mosebetsi o itseng wa bolaodi. (Levitike 8:12; 1 Samuele 16:13) Modimo o ile a kgetha Jesu hore e be Mesia. Sena se bolela hore o fuwe matla a maholo. (Liketso 2:36) Jesu ha a ka a tlotswa ka oli empa Modimo o ile a mo tlotsa ka moya o halalelang.—Matheu 3:16.
Na boprofeta bo buang ka Mesia bo ne bo ka phethahatswa ke batho ba bangata?
Tjhe. Jwalo ka ha kgatiso ya monwana wa motho e mong le e mong e ikgethile, le boprofeta ba Bibele bo buang ka Mesia kapa Kreste, bo phethahetse ho motho a le mong. Empa Bibele e ile ya lemosa hore ho tla hlaha “boKreste ba bohata le baprofeta ba bohata mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo e le hore ba kgelose esita le bakgethwa, haeba ho kgoneha.”—Matheu 24:24.
Na re ka lebella hore Mesia o ntse a tla tla?
Tjhe. Bibele e ile ya bolela esale pele hore Mesia o ne a tla tswa lelokong la Morena Davida wa Iseraele. (Pesaleme ya 89:3, 4) Le ha ho le jwalo, ditlaleho tsa maloko tsa Bajuda, tse neng di ka paka hore motho ke setloholo sa Davida, di ile tsa lahleha. E ka nna yaba sena se etsahetse ha Baroma ba ne ba timetsa Jerusalema ka selemo sa 70.a Ho tloha ka nako eo, ho ne ke ke ha kgoneha hore motho a pake hore o tswa lelokong la borena la Davida. Empa ha Jesu a ntse a le lefatsheng, ditlaleho tseo di ne di ntse di le teng mme dira tsa hae di ne di sitwa ho hanyetsa hore o tsa lelokong la Davida.—Matheu 22:41-46.
Boprofeta bo buang ka Mesia bo hlaha ka makgetlo a makae ka Bibeleng?
Re ke ke ra bolela ka ho toba hore na ho profetilwe ka Mesia ka makgetlo a makae. Ka mohlala, batho ba ka bala boprofeta ka mekgwa e fapaneng, le ditemaneng tseo ho hlakileng hore di bua ka Mesia. Lengolong la Esaia 53:2-7, ho buuwe ka dintlha tse mmalwa tse buang ka boprofeta ba Mesia. Batho ba bang ba nka ditemana tsena e le boprofeta bo le bong, ha ba bang bona ba ka kgetha ho qolla ntlha ka nngwe e le boprofeta bo ikemetseng.
Bo bong ba boprofeta bo buang ka Mesia boo Jesu a bo phethahaditseng
Boprofeta |
Bo hlaha ho |
Bo phethahala ho |
---|---|---|
E ne e tla ba setloholo sa Abrahama |
||
E ne e tla ba setloholo sa Isaka mora wa Abrahama |
||
O ne a tla hlaha lelokong la Juda la Iseraele |
||
O ne a tla hlaha lelokong la borena la Morena Davida |
||
O ne a tla tswalwa ke morwetsana |
||
O ne a tla hlahela Bethlehema |
||
O ne a tla bitswa Emanueleb |
||
O ne a tla hlahela lelapeng le futsanehileng |
||
Masea a ne a tla bolawa ka mora hore Mesia a tswalwe |
||
O ne a tla bitswa a le Egepeta |
||
O ne a tla bitswa Monazarethac |
||
O ne a tla etellwa pele ke lenqosa |
||
O ne a tla tlotswa hore e be Mesia ka selemo sa 29d |
||
Modimo o ne a tla phatlalatsa hore ke Mora wa Hae |
||
O ne a tla tjhesehela ntlo ya Modimo |
||
O ne a tla bolela ditaba tse monate |
||
Mosebetsi oo neng a tla o etsa Galilea o ne o tla kgantsha lesedi |
||
O ne a tla etsa mehlolo jwalo ka Moshe |
||
O ne a tla bua menahano ya Modimo jwalo ka Moshe |
||
O ne a tla phekolo ba bangata |
||
O ne a ke ke a ipitsetsa mahlo a batho |
||
O ne a tla ba le kutlwelo bohloko ho batho ba nang le mathata |
||
O ne a tla bontsha hore Modimo o na le toka |
||
E ne e tla ba moeletsi ya tsotehang |
||
O ne a tla tsebisa batho lebitso la Jehova |
||
O ne a tla ruta ka dipapiso |
||
E ne e tla ba moetapele |
||
Ba bangata ba ne ba ke ke ba dumela ho yena |
||
E tla ba lejwe le kgopang |
||
Batho ba ne ba ke ke ba mo amohela |
||
O ne a tla hlouwa ntle ho le lebaka |
||
O ne a tla roriswa ha a kena Jerusalema a palame esele |
||
O ne a tla roriswa ke bana |
||
O ne a tla tla ka lebitso la Jehova |
||
O ne a tla ekwa ke motswalle wa hae |
||
Ya neng a tla mo eka o ne tla fuwa dikotwana tse 30 tsa sileverae |
||
Metswalle ya hae e ne e tla mo lahla kgerehlwa |
||
Dipaki tsa bohata di ne di tla fana ka bopaki kgahlanong le yena |
||
O ne a tla thola ha a qoswa |
||
O ne a tla tshwelwa ka mathe |
||
O ne a tla otlwa hloohong |
||
Ba ne ba tla mo shapa |
||
O ne a ke ke a itwanela ha a otlwa |
||
Baetapele ba mmuso ba ne ba tla mo rerela bolotsana |
||
O ne a tla kokotelwa maoto le matsoho palong |
||
Batho ba ne ba tla lahla lotho (betjha) bakeng sa diaparo tsa hae |
||
O ne a tla balellwa hara baetsadibe |
||
O ne a tla songwa a be a rohakwe |
||
O ne a tla utlwa bohloko molemong wa baetsadibe |
||
Ho ne ho tla bonahala eka Modimo o mo lahlile |
||
O ne a tla fuwa asene le nyooko hore a di nwe |
||
O ne a tla nyorwa pele a shwa |
||
O ne a tla beha bophelo ba hae ho Modimo |
||
O ne a tla tela bophelo ba hae |
||
O ne a tla fana ka sehlabelo e le hore sebe se ka fela |
||
Masapo a hae a ne a ke ke a rojwa |
||
O ne a tla hlajwa |
||
O ne a tla patwa le barui |
||
O ne a tla tsoswa bafung |
||
Moeki wa hae o ne a tla nkelwa sebaka ke motho e mong |
||
O ne a tla dula ka letsohong le letona la Modimo |
a Buka ya McClintock and Strong’s Cyclopedia e re: “Ha ho pelaelo hore ditlaleho tsa maloko a Bajuda di ile tsa senyeha ha Jerusalema e timetswa, eseng pele ho moo.”
b Lebitso lena la Seheberu Emanuele, le bolela “Modimo O Na Le Rona,” le hlalosa hantle mosebetsi oo Jesu a o etsang e le Mesia. Taba ya hore o ile a tla lefatsheng le mesebetsi ya hae di bontsha hantle hore Modimo o na le bahlanka ba hae.—Luka 2:27-32; 7:12-16.
c Ho bonahala lentswe “Monazaretha” le tswa le tswa lentsweng la Seheberu neʹtser, le bolelang “lehlomela.”
d E le ho bona bopaki ba Bibele ba hore Mesia o fihlile ka selemo sa 29, sheba sehlooho se reng, “Ka moo Boprofeta ba Daniele bo Bolelang ho Fihla ha Mesia Esale Pele ka Teng.”
e Boprofeta bona bo hlaha lengolong la Zakaria empa Matheu o re ho ile “ha phethahala se ileng sa buuwa ka moprofeta Jeremia” (Matheu 27:9) Ho bonahala eka ka dinako tse ding buka ya Jeremia e ne e hlaha qalong karolong ya Mangolo a bitswang dibuka tsa ‘Baprofeta.’ (Luka 24:44) Ho bonahala ha Matheu a ne a bua ka “Jeremia” o ne a bolela dibuka tsohle tsa baprofeta, ho akarelletsa le buka ya Zakaria.