1 Likronike
10 Bafilista+ ba loantša Baiseraele; banna ba Iseraele ba qala ho baleha ka pel’a Bafilista ’me ba ’na ba oela fatše ba bolailoe Thabeng ea Gilboa.+ 2 Bafilista ba ’na ba beha Saule le bara ba hae merebele; Bafilista ba bolaea Jonathane+ le Abinadabe+ le Malki-shua,+ bara ba Saule.+ 3 Ntoa ea imela Saule; qetellong ba fulang ka metsu ba mo fumana, eaba ba fulang ba mo ntša maqeba.+ 4 Joale Saule a re ho mojari oa lihlomo tsa hae:+ “Tsomula sabole+ ea hao ’me u ntlhabe ka eona, esere banna bana ba sa bollang+ ba tla ’me ka sebele ba nketsa hampe.”+ Mojari oa lihlomo tsa hae o ne a sa rate,+ hobane o ne a tšohile haholo. Kahoo Saule a nka sabole eaba o itihela holim ’a eona.+ 5 Ha mojari oa lihlomo tsa hae a bona hore Saule o shoele, joale le eena a itihela holim ’a sabole ’me a shoa.+ 6 Kahoo Saule a shoa le bara ba hae ba bararo,+ ’me bohle ba ntlo ea hae ba shoa hammoho. 7 Ha banna bohle ba Iseraele ba neng ba le khohlong ba bona hore ba ne ba balehile le hore Saule le bara ba hae ba ne ba shoele, joale ba qala ho tloha metseng ea bona ’me ba baleha;+ ka mor’a moo Bafilista ba kena ’me ba lula ho eona.
8 Eitse letsatsing le hlahlamang, ha Bafilista ba tlil’o hlobolisa+ ba bolailoeng, ba fumana Saule le bara ba hae ba oele Thabeng ea Gilboa.+ 9 Ba mo hlobolisa ’me ba mo khaola hlooho+ eaba ba nka seaparo sa hae sa tšireletso ’me ba romeletsa naheng ea Bafilista ka hohle ho tsebisa+ litšoantšo tsa bona tse rapeloang+ le batho. 10 Qetellong ba beha seaparo sa hae sa tšireletso ka tlung ea molimo oa bona,+ ’me ba tlamella lehata la hae ntlong ea Dagone.+
11 Bohle ba Jabeshe+ ba leng Gileade ba utloa ka sohle seo Bafilista ba neng ba se entse ho Saule.+ 12 Kahoo banna bohle ba sebete ba ema ’me ba nka setopo sa Saule le litopo tsa bara ba hae ’me ba li tlisa Jabeshe eaba ba pata masapo a bona tlas’a sefate+ se seholo Jabeshe;+ ba itima lijo+ ka matsatsi a supileng.
13 Kahoo Saule a shoa ka lebaka la ho se tšepahale+ ha hae hoo ka hona a neng a itšoere ka ho hloka tumelo khahlanong le Jehova malebana le lentsoe la Jehova leo a neng a sa ka a le boloka le ka lebaka la ho kōpa ea buisanang le meea+ hore a e botse. 14 Ha aa ka a botsa Jehova.+ Ka lebaka leo o ile a mo bolaea ’me a nehelana ka borena ho Davida mora oa Jese.+