Lipesaleme
104 Boka Jehova, Uena moea oa ka.+
Jehova Molimo oa ka, u moholo haholo.+
U apere ho hlompheha le bokhabane,+
2 U apere leseli joalokaha eka ke seaparo,+
U otlolla maholimo joaloka lesela la tente,+
3 Ea hahang likamore tsa hae tse ka holimo ka libalaka ka metsing,+
Ea etsang maru koloi ea hae,+
Ea tsamaeang holim’a mapheo a moea,+
4 Ea etsang mangeloi a hae meea,+
Ea etsang basebeletsi ba hae mollo o timetsang.+
5 O thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng;+
Le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.+
7 Ha u a khalemela ka matla a ile a qala ho baleha;+
Ha ho utloahala sealuma sa hao a mathisoa ka ho tšoha—
Lithota tsa theoha—
Ho ea sebakeng seo u li thehetseng sona.
11 Ka ho tsoelang pele li noesa libata tsohle tsa naha e sabaletseng;+
Liqoaha+ li tima lenyora la tsona kamehla.
12 Libōpuoa tse fofang tsa maholimo li ba le lihlaha holim’a tsona;+
Li ntse li ntša molumo har’a makhasi a teteaneng.+
13 O nosetsa lithaba a le likamoreng tsa hae tse ka holimo.+
Lefatše le khotsofetse ke litholoana tsa mesebetsi ea hao.+
14 O melisa joang bo botala bakeng sa liphoofolo,+
Le limela bakeng sa ho sebelisoa ke moloko oa batho,+
Ho etsa hore lijo li hlahe lefatšeng,+
15 Le veine e thabisang pelo ea motho ea shoang,+
Ho khantša sefahleho ka oli,+
Le bohobe bo matlafatsang pelo ea motho ea shoang.+
16 Lifate tsa Jehova li khotsofetse,
Likedare tsa Lebanone tseo a li lemmeng,+
17 Moo linonyana li etsang lihlaha.+
Ha e le mokotatsie, ntlo ea oona ke lifate tsa junipere.+
24 Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang!+
Kaofela ha eona u e entse ka bohlale.+
Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.+
25 Ha e le leoatle lena le leholo le le pharaletseng,+
Moo ho na le lintho tse tsamaeang tse se nang palo,+
Libōpuoa tse phelang, tse nyenyane hammoho le tse khōlō.+
29 Ha u pata sefahleho sa hao, lia khathatseha.+
Ha u tlosa moea oa tsona, lia shoa,+
Li khutlela lerōleng la tsona.+
31 Khanya ea Jehova e tla ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Jehova o tla thabela mesebetsi ea hae.+