Lipesaleme
Lebohang Jehova, kaha o molemo;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
2 Ke mang ea ka bolelang liketso tse matla tsa Jehova,+
Kapa ea ka etsang hore thoriso eohle ea hae e utluoe?+
4 Nkhopole, Jehova, ka kamohelo ho batho ba hao.+
Ntlhokomele ka poloko ea hao,+
5 E le hore nka bona molemo oa bakhethoa ba hao,+
E le hore nka thaba ka thabo ea sechaba sa hao,+
E le hore nka ithorisa ka lefa la hao.+
7 Ha e le baholo-holo ba rōna Egepeta,
Ha baa ka ba bontša temohisiso leha e le efe mesebetsing ea hao e hlollang.+
Ha baa ka ba hopola bongata ba mosa oa hao o lerato o moholo,+
Empa ba rabela leoatleng, haufi le Leoatle le Lefubelu.+
9 Ka lebaka leo a khalemela Leoatle le Lefubelu ka matla, ’me butle-butle la psha;+
A qala ho ba tsamaisa ho pholletsa le boliba joalokaha eka ke ho pholletsa le lefeella;+
10 Kahoo a ba pholosa letsohong la ea ba hloileng+
A ba pholosa letsohong la sera.+
19 Ho feta moo, ba etsa namane Horebe+
Ba inamela setšoantšo se entsoeng ka ho qhibilihisoa,+
20 Hoo ba ileng ba nkela khanya ea ka sebaka+
Ka setšoantšo sa poho, e jang limela.+
21 Ba lebala Molimo Mopholosi oa bona,+
Moetsi oa lintho tse khōlō Egepeta,+
22 Mesebetsi e hlollang naheng ea Kama,+
Lintho tse tšabehang Leoatleng le Lefubelu.+
23 O ne a le lekhatheng la ho re ba felisoe,+
Hoja e ne e se ka Moshe mokhethoa oa hae,
Ea ileng a ema sekheong se ka pel’a hae,+
Hore a khutlise khalefo ea hae hore a se ke a ba felisa.+
26 Kahoo a phahamisa letsoho la hae ka kano malebana le bona,+
Hore o ne a tla ba liha lefeelleng,+
27 Le hore o ne a tla liha bana ba bona har’a lichaba,+
Le hore o ne a tla ba hasanya har’a linaha.+
32 Ho ekelletsa moo, ba baka khalefo metsing a Meriba,+
Hoo lintho li ileng tsa tsamaela Moshe hampe ka lebaka la bona.+
38 Kahoo ba ’na ba tšolla mali a hlokang molato,+
Mali a bara ba bona le barali ba bona,
Bao ba ileng ba ba hlabela litšoantšo tse rapeloang tsa Kanana;+
Naha ea silafala ke tšollo ea mali.+
39 Ba fetoha ba sa hloekang ke mesebetsi ea bona+
Ba ’na ba e-ba le likamano tse litšila ka mesebetsi ea bona.+
41 Khafetsa a nehelana ka bona matsohong a lichaba,+
E le hore ba ba hloileng ba ka ba busa,+
42 Le hore lira tsa bona li ka ba hatella,
Le hore ba ka kokobetsoa tlas’a matsoho a tsona.+
43 Ka makhetlo a mangata o ne a ba lopolla,+
Empa bona ba ne ba rabela tseleng ea bona ea ho se mamele,+
Ba ne ba theoleloa tlaase ka lebaka la liphoso tsa bona.+
45 O ne a hopola selekane sa hae malebana le bona,+
O ne a ikutloa a soabile ho ea ka bongata ba mosa oa hae o lerato o moholo.+