Lipesaleme
BUKA EA BOHLANO
107 Lebohang Jehova, kaha o molemo;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
2 Ba pholositsoeng ba Jehova ba ke ba rialo,+
Bao a ba pholositseng letsohong la mohanyetsi,+
3 Le bao a ba phuthileng linaheng,+
Ho tsoa bochaba-tsatsi le ho tsoa bophirima-tsatsi,+
Ho tsoa leboea le ho tsoa boroa.+
4 Ba ile ba lelera lefeelleng,+ lehoatateng;+
Ha baa ka ba fumana tsela leha e le efe e eang motseng oa bolulo.+
6 Ba ’na ba hoeletsa ho Jehova mahlomoleng a bona;+
A ba lopolla likhatellong tsa bona,+
7 A ba tsamaisa ka tsela e nepahetseng,+
E le hore ba ka tla motseng oa bolulo.+
8 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato+
Le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho.+
10 Ho na le ba neng ba lula botšong le moriting o lefifi,+
Batšoaruoa ba leng mahlorehong le litšepeng.+
11 Etsoe ba ne ba fetohetse+ lipolelo tsa Molimo;+
Ba ne ba hlompholotse keletso+ ea Ea Phahameng ka ho Fetisisa.
13 Ba qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso mahlomoleng a bona;+
Joalokaha e le tloaelo a ba pholosa likhatellong tsa bona.+
15 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato+
Le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho.+
17 Bao e neng e le maoatla, ka lebaka la litsela tsa litlōlo tsa bona+
Le ka lebaka la liphoso tsa bona, qetellong ba ile ba ipakela mahloreho.+
19 Ba qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso mahlomoleng a bona;+
Joalokaha e le tloaelo a ba pholosa likhatellong tsa bona.+
21 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato+
Le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho.+
23 Ba theohelang leoatleng ka likepe,+
Ba etsang mosebetsi metsing a mangata,+
24 Ke bona ba boneng mesebetsi ea Jehova+
Le mesebetsi ea hae e hlollang malibeng;+
25 Kamoo a ntšang taelo le ho tsosa moea o matla oa sefefo,+
Hoo le phahamisang maqhubu a lona.+
27 Baa thekesela ’me ba therekela joaloka motho ea tahiloeng,+
Esita le bohlale bohle ba bona bo ferekane.+
31 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato+
Le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho.+
33 O fetola linōka hore e be lefeella,+
Le metsi a phallang o a fetola mobu o nyoriloeng,+
34 Naha e behang o e fetola naha ea letsoai,+
Ka lebaka la bobe ba ba lulang ho eona.
35 O fetola lefeella hore e be letamo la metsi le nang le lehlaka,+
Le naha ea sebaka se se nang metsi o e fetola metsi a phallang.+
38 Oa ba hlohonolofatsa e le hore ba ngatafale haholo;+
Ha a lumelle likhomo tsa bona hore li fokotsehe.+
40 O tšollela nyeliso holim’a bahlomphehi,+
Hoo a etsang hore ba lelere sebakeng se se nang sebōpeho, moo ho se nang tsela.+