Lipesaleme
Ho motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida.
41 Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase;+
Jehova o tla mo pholosa letsatsing la tlokotsi.+
2 Jehova o tla mo lebela ’me a mo boloke a phela.+
Ho tla phatlalatsoa hore o thabile lefatšeng;+
U ke ke ua nehelana ka eena ho moea oa lira tsa hae.+
3 Jehova o tla mo tšehetsa holim’a setulo sa hae se kang moalo sa ho kula;+
Ka sebele u tla fetola liphate tsohle tsa hae nakong ea boloetse ba hae.+
5 Ha e le lira tsa ka, li bua se sebe malebana le ’na:+
“O tla shoa neng ’me lebitso la hae le hle le timele?”
6 Haeba motho a tlil’o mpona, pelo ea hae e tla bua leshano;+
O tla ipokellela ntho e kotsi;
O tla tsoa; o tla bua ka hona ka ntle.+
7 Bohle ba ntlhoileng ba hoesheletsana ba kopane khahlanong le ’na;+
Ba ntse ba ntherela ho hong ho hobe:+
11 Ke tseba ka sena hore u khahliloe ke ’na,
Hobane sera sa ka ha se hooe ka tlhōlo ka lebaka la ka.+