Lipesaleme
Ho motsamaisi oa liletsa tse likhoele. Maskile. Ea Davida.
2 U nkele hloko ’me u nkarabe.+
Ke khannoa ka ho hloka phomolo ke ho tšoenyeha ha ka,+
Ke bontša ho khathatseha feela,
3 Ka lebaka la lentsoe la sera, ka lebaka la khatello ea ea khopo.+
Etsoe ba ntse ba akhela se kotsi holim’a ka,+
Ka bohale ba nkoetlela lehloeo.+
7 Bonang! Ke ne ke tla balehela hōle;+
Ke ne ke tla lula lefeelleng.+—Selah—
8 Ke ne ke tla potlakela sebakeng sa ka sa ho pholoha
Moeeng o fokang ka sekhahla, sefefong se matla.”+
12 Etsoe hase sera se ’nyelisitseng;+
Ho seng joalo ke ne ke tla ho mamella.
Hase ea ntlhoileng haholo ea ikhohomosetsang ’na;+
Ho seng joalo ke ne ke tla ipatela eena.+
13 Empa ke uena, motho ea shoang ea neng a le joaloka ea lekanang le ’na,+
Eo ke mo tloaetseng le motsoalle oa ka,+
14 Kahobane re ne re thabela kamano e haufi-ufi e thabisang hammoho;+
Re ne re tsamaea le letšoele ho kena ka tlung ea Molimo.+
15 Tšenyeho e be holim’a bona!+
Ba ke ba theohele Sheole ba phela;+
Etsoe nakong ea ho lula ha bona ka bojaki lintho tse mpe li ’nile tsa e-ba ka hare ho bona.+
17 Mantsiboea le hoseng le motšehare ke bontša ho tšoenyeha feela le ho lla,+
O utloa lentsoe la ka.+
18 Ka sebele o tla lopolla le ho beha moea oa ka khotsong ntoeng e khahlanong le ’na,+
Kaha ba mphutuhetse ka matšoele.+
19 Molimo o tla utloa ’me a ba arabe,+
Eena ea lutseng teroneng joaloka nakong e fetileng+—Selah—
Bao ho bona ho se nang liphetoho+
Le ba sa kang ba tšaba Molimo.+
20 O otlolotse matsoho a hae khahlanong le ba lutseng ka khotso le eena;+
O silafalitse selekane sa hae.+
21 Mantsoe a molomo oa hae a boreleli ho feta sereleli,+
Empa pelo ea hae e sekametse ntoeng.+
Mantsoe a hae a bonolo ho feta oli,+
Empa ke lisabole tse tsomutsoeng.+