Bakeng sa motsamaisi. Ea bara ba Kora. Pina ea thoriso.
85 Jehova, u khahlisitsoe ke naha ea hao;+
U khutlisitse ba isitsoeng kholehong ba Jakobo.+
2 U tšoaretse liphoso tsa batho ba hao;+
U koahetse sebe sohle sa bona.+ Selah.
3 U laotse khalefo eohle ea hao;+
U furaletse bohale ba hao bo tukang.+
4 Re khutlise, Molimo oa poloko ea rōna,+
U khaotse ho re halefela.+
5 Na u tla re tukela ka bohale ho isa nakong e sa lekanyetsoang?+
Na u tla ntšetsa pele bohale ba hao ho isa molokong o mong ka mor’a o mong?+
6 Na u ke ke ua re tlatsa bophelo hape,+
E le hore batho ba hao ba ka ithabela ho uena?+
7 Jehova, re bontše mosa oa hao o lerato,+
E se eka u ka re fa poloko ea hao.+
8 Ke tla utloa seo Molimo oa ’nete Jehova a tla se bua,+
Etsoe o tla bolela khotso ho batho ba hae+ le ho ba tšepahalang ba hae,
Empa ba se ke ba khutlela ho itšepeng ha bona.+
9 Ka sebele poloko ea hae e haufi le ba mo tšabang,+
Hore khanya e lule naheng ea rōna.+
10 Ha e le mosa o lerato le ’nete, li kopane;+
Ho loka le khotso—li akane.+
11 ’Nete e tla mela lefatšeng,+
Ho loka ho tla talima tlaase ho le maholimong.+
12 Hape, Jehova o tla fana ka se molemo,+
Naha ea rōna e tla fana ka lihlahisoa tsa eona.+
13 Ho loka ho tla tsamaea ka pel’a hae,+
Ho tla etsa tsela ka mehato ea hae.+