Esaia
24 Bonang! Jehova o horula naha ’me o e fetola lesupi,+ ’me o e sothile sefahleho+ a hasanya baahi ba eona.+ 2 Ho batho ho tla tšoana le ho moprista; ho mohlanka ho tla tšoana le ho mong’a hae; ho lekhabunyane ho tla tšoana le ho mong’a lona oa mosali; ho moreki ho tla tšoana le ho morekisi; ho motho ea alimanang ho tla tšoana le ho ea alingoang; ho ea amohelang phaello ho tla tšoana le ho ea lefang phaello.+ 3 Ruri naha e tla horuloa, ’me ruri e tla tlatlapuoa,+ etsoe Jehova o buile lentsoe lena.+ 4 Naha e siame,+ e nyametse. Naha e behang e ponne, e nyametse. Ba phahameng ho batho ba naha ba tepeletse.+ 5 Naha e silafetse tlas’a baahi ba eona,+ kaha ba hlokomolohile melao,+ ba fetotse molao oa tsamaiso,+ ba tlōtse selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.+ 6 Ke ka lebaka leo thohako e jeleng naha,+ ’me ba ahileng ho eona ba nkoang ba le molato. Ke ka lebaka leo palo ea baahi ba naha e fokotsehileng, ’me ho setse batho ba shoang ba ’maloa haholo.+
7 Veine e ncha e siame, sefate sa morara se ponne,+ bohle ba lipelo li nyakaletseng ba fehetsoe.+ 8 Thabo e khaphatsehang ea meropa e menyenyane e felile, lerata la ba nyakaletseng haholo le khaolitse, thabo e khaphatsehang ea harepa e felile.+ 9 Ba noa veine ho se pina; joala bo tahang bo fetohile bo babang ho ba bo noang. 10 Motse o tlohetsoeng o sentsoe;+ ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e koetsoe hore ho se ke ha kenoa ho eona. 11 Literateng ho na le mohoo ka lebaka la ho hloka veine. Ho thaba hohle ho felile; thabo e khaphatsehang ea naha e felile.+ 12 Motseng ho siiloe boemo bo makatsang; heke e pshatliloe hore e be qubu feela ea likotoana.+
13 Etsoe ho tla ba joalo har’a naha, har’a lichaba, joaloka ho hlohloroa ha sefate sa mohloaare,+ joaloka se khoahlapisitsoeng ha ho bokelloa ha morara ho felile.+14 Ba tla phahamisa mantsoe, ba tla hoeletsa ka thabo. Bophahamong ba Jehova ka sebele ba tla tlerola litlatse leoatleng.+ 15 Ke ka lebaka leo ba tla tlotlisa Jehova+ sebakeng sa khanya,+ lihlekehlekeng tsa leoatle ba tlotlise lebitso la Jehova,+ Molimo oa Iseraele. 16 Re utloile lipina tsa thoriso lipheletsong tsa naha:+ “Mokhabiso oa Ea Lokileng!”+
Empa ke re: “Ke otile,+ ke otile! Ho malimabe ’na! Basebetsi ba bolotsana ba sebelitse ka bolotsana.+ Ka bolotsana basebetsi ba bolotsana ba sebelitse ka bolotsana.”+
17 Tšabo le sekoti le sefi li ho uena, uena moahi oa naha.+ 18 Mang kapa mang ea balehang molumo oa ntho e tšajoang o tla oela ka sekoting, ’me mang kapa mang ea nyolohang ka sekoting o tla tšoasoa ke sefi.+ Etsoe ka sebele likhoro tse phahameng tsa moroallo li tla buloa,+ ’me metheo ea naha e reketle.+ 19 Naha e phatlohile ka ho feletseng, naha e sisintsoe ka ho feletseng, naha e reketlisitsoe ka ho feletseng.+ 20 Naha e therekela ka ho feletseng joaloka motho ea tahiloeng, ’me e tsokotsehile joaloka motlotloane oa ho lebela.+ E imetsoe ke tlōlo ea eona,+ ’me e tla oa, hoo e ke keng ea boela ea phahama.+
21 Letsatsing leo Jehova o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho lebotho le phahameng le leng moo ho phahameng, le ho marena a lefatše a leng lefatšeng.+ 22 Ka sebele ba tla bokelloa joaloka ha ho bokelleloa batšoaruoa ka sekoting,+ ’me ba koalloe chankaneng e ka tlas’a mohaho;+ ka mor’a matsatsi a mangata ba tla eloa hloko.+ 23 Khoeli e tolokileng e soabile, ’me letsatsi le khanyang le hlabiloe ke lihlong,+ etsoe Jehova oa mabotho ke morena+ ka khanya Thabeng ea Sione+ le Jerusalema le ka pel’a banna ba hae ba hōlileng.+