Esaia
41 “’Mameleng le khutsitse, lōna lihlekehleke;+ lichaba+ li ke li boele li fumane matla. Li ke li atamele.+ Ka nako eo li ke li bue. A re atameleng hammoho bakeng sa kahlolo.+
2 “Ke mang ea tsositseng e mong bochaba-tsatsi?+ Ke mang ea mo bitselitseng maotong a Hae ka ho loka, ho mo fa lichaba, le ho etsa hore a kokobetse marena?+ Ke mang ea nehelaneng ka tsona joaloka lerōle saboleng ea hae, hoo li fefotsoeng ke seqha sa hae joaloka litlhaka feela?+ 3 Ke mang ea ’nileng a li lelekisa, a ’na a fetela pele ka khotso a tsamaea ka maoto tseleng eo a sa kang a tla ka eona? 4 Ke mang ea ’nileng a sebetsa+ ’me a etsa see, a bitsa meloko ho tloha qalong?+
“’Na, Jehova, Oa Pele;+ le ho ba ho qetela ke ntse ke tšoana.”+
5 Lihlekehleke+ li ile tsa bona ’me tsa qala ho tšoha. Lipheletso tsa lefatše tsa qala ho thothomela.+ Tsa atamela ’me tsa ’na tsa tla. 6 E mong le e mong a thusa motsoalle oa hae, ’me e mong o ne a re ho mor’abo: “E-ba matla.”+ 7 Kahoo setsebi sa mesebetsi ea matsoho sa matlafatsa ea sebetsang ka tšepe;+ ea etsang hore ntho e be boreleli ka hamore ea ho khoba a matlafatsa ea otlang tšetlo ka hamore, a re mabapi le se kopantsoeng ka kulo: “Se setle.” Qetellong e mong a se khokhothela ka lipekere e le hore se se ke sa sisinngoa.+
8 “Empa Uena Iseraele, u mohlanka oa ka,+ Uena Jakobo, eo ke mo khethileng,+ peō ea Abrahama+ motsoalle+ oa ka; 9 uena, eo ke mo nkileng lipheletsong tsa lefatše,+ le uena, eo ke mo bitsitseng likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lona.+ Kahoo ke itse ho uena, ‘U mohlanka oa ka;+ ke u khethile,+ ’me ha kea u lahla.+ 10 U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena.+ U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao.+ Ke tla u matlafatsa.+ Ka sebele ke tla u thusa.+ Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho+ la ka le letona la ho loka.’+
11 “Bona! Bohle ba u halefelang ba tla hlajoa ke lihlong ’me ba kokobetsoe.+ Batho ba qabanang le uena ba tla fetoha lefeela ’me ba tla timela.+ 12 U tla ba batla, empa u ke ke ua ba fumana, batho ba u loantšang.+ Ba tla fetoha ho hong ho sa pheleng ’me ba fetohe lefeela,+ batho ba u loantšang. 13 Etsoe ’na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho+ la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha.+ Ke tla u thusa.’+
14 “U se ke ua tšoha, uena sebōkō+ Jakobo, lōna banna ba Iseraele.+ Ke tla u thusa,” ho bolela Jehova, Morekolli+ oa hao, Mohalaleli oa Iseraele. 15 “Bona! Ke u entse selei sa ho pola,+ sepolo se sehang ka nģa tse peli. U tla hatakela lithaba u li silakanye; ’me u tla etsa hore maralla a be joaloka ’mōkō.+ 16 U tla li olōsa,+ ’me li tla fefoloa ke moea,+ ’me sefefo se tla li lebisa litseleng tse fapaneng.+ U tla ithabela ho Jehova.+ U tla ithorisa ka Mohalaleli oa Iseraele.”+
17 “Ba hlorileng le ba futsanehileng ba batla metsi,+ empa ha a eo. Maleme a bona a omeletse+ ka lebaka la lenyora.+ ’Na, Jehova, ke tla ba araba.+ ’Na, Molimo oa Iseraele, nke ke ka ba tlohela.+ 18 Ke tla etsa linōka holim ’a maralla a se nang letho, le liliba har’a lithota.+ Ke tla etsa hore lefeella e be letamo la metsi le nang le lehlaka, le naha e se nang metsi ke e etse mehloli ea metsi.+ 19 Ke tla beha sefate sa kedare lefeelleng, leoka le myrte le sefate sa oli.+ Ke tla beha sefate sa junipere thoteng ea lehoatata, sefate se nang le makala a kang molora le kyprese ka nako e tšoanang;+ 20 e le hore batho ba ka bona le ho tseba le ho ela hloko le ho ba le temohisiso ka nako e tšoanang, hore letsoho la Jehova le entse sena, ’me Mohalaleli oa Iseraele o bōpile hoo.”+
21 “Tlisang tsekisano+ ea lōna ka pele,” ho bolela Jehova. “Hlahisang mabaka a lōna,”+ ho bolela Morena oa Jakobo.+ 22 “Hlahisang ’me le re bolelle lintho tse tla etsahala. Lintho tsa pele—seo li neng li le sona—le fele le bolele, e le hore re sebelise lipelo tsa rōna ’me re tsebe bokamoso ba tsona. Kapa le etse hore re utloe lintho tse tlang.+ 23 Bolelang lintho tse tlang ka mor’a moo, e le hore re tsebe hore le melimo.+ E, le tšoanela ho etsa se molemo kapa le etse bobe, e le hore re talime koana le koana ’me re ho bone ka nako e tšoanang.+ 24 Bonang! Le ho hong ho sa pheleng, ’me ntho eo le e finyeletseng hase letho.+ E mong le e mong ea le khethang o manyala.+
25 “Ke tsositse e mong leboea, ’me o tla tla.+ O tla ipiletsa lebitsong la ka ho tloha bochaba-tsatsi.+ O tla hatakela batlatsi ba ’musi joalokaha eka ke letsopa+ le joalokaha sebōpi se hatakela letsopa le mongobo.
26 “Ke mang ea boletseng ntho leha e le efe ho tloha qalong, e le hore re tsebe, kapa linakong tse fetileng, e le hore re ka re, ‘O nepile’?+ Ruri ha ho ea bolelang. Ruri ha ho ea etsang hore motho a utloe. Ruri ha ho ea utloang lipolelo tsa lōna.”+
27 Ho na le oa pele, ea reng ho Sione: “Bona! Ke bana!”+ ’me Jerusalema ke tla e fa ea tlisang litaba tse molemo.+
28 Ka ’na ka talima, ’me ho ne ho se na motho; ’me le ho bana ho ne ho se ea fanang ka keletso.+ Ka ’na ka ba botsa, e le hore ba arabe. 29 Bonang! Kaofela ha bona ke ho hong ho sa pheleng. Mesebetsi ea bona hase letho. Litšoantšo tsa bona tse entsoeng ka ho qhibilihisoa ke moea le ntho eo e seng ea sebele.+