Esaia
57 Ea lokileng o timetse,+ empa ha ho ea tebisetsang seo pelong.+ Batho ba nang le mosa o lerato ba nkeloa ho ba shoeleng,+ ’me ha ho ea lemohang hore ke ka lebaka la tlokotsi hore ebe ea lokileng o nkiloe.+ 2 O kena khotsong;+ ba phomola+ libetheng tsa bona,+ e mong le e mong ea tsamaeang ka ho loka.+
3 “Ha e le lōna, atamelang mona,+ lōna bara ba senohe sa mosali,+ peō ea motho ea febang le ea mosali ea etsang botekatse:+ 4 Le ithabisa ka lebaka la mang?+ Ke mang eo le ntseng le mo ahlamisetsa melomo, le chalitsa maleme?+ Na ha le bana ba tlōlo, peō ea leshano,+ 5 ba tsosang takatso e matla har’a lifate tse khōlō,+ tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo,+ ba bolaeang bana liphuleng tsa molapo o phoroselang tlas’a mafaru a mafika?+
6 “Kabelo ea hao e bile majoe a boreleli a phula ea molapo o phoroselang.+ ’Ona—e bile kabelo ea hao.+ Ho feta moo, u ile ua a tšella nyehelo+ ea seno, ua nyehela mpho. Na nka itšelisa ka lebaka la lintho tsee?+ 7 U behile bethe ea hao thabeng e holimo le e phahameng.+ Hape u nyolohetse teng ho ea nyehela sehlabelo.+ 8 U behile sehopotso+ sa hao ka mor’a lemati le kosene ea monyako. Etsoe kantle le ’na u ile ua hlobola ’me ua nyoloha; ua etsa hore bethe ea hao e be khōlō.+ Ua iketsetsa selekane le bona. U ratile ho ba betheng le bona.+ U ile ua bona setho sa botona. 9 Ua theohela Meleke ka oli, ’me ua ’na oa etsa hore mafura a hao a be mangata.+ Ua tsoela pele ho romela baromuoa ba hao hōle, hoo u ileng ua theolela litaba Sheole.+ 10 U sehlile litseleng tsa hao tse ngata.+ Ha ua ka ua re, ‘Ha ho na thuso!’ U fumane ho tsosolosoa ha matla a hao.+ Ke ka lebaka leo u sa kang ua kula.+
11 “U tšohile mang ’me u tšaba mang,+ hoo u ileng ua bua leshano?+ Empa hase ’na eo u mo hopotseng.+ Ha ua tebisetsa letho pelong.+ Na ke ne ke sa khutsa ’me ke patile litaba?+ Kahoo u ne u sa tšabe esita le ’na.+ 12 Ke tla bolela ho loka ha hao+ le mesebetsi ea hao,+ hore e ke ke ea u ruisa molemo.+ 13 Ha u hoeletsa ho kōpa thuso lintho tseo u li bokeletseng li ke ke tsa u lopolla,+ empa moea o tla li fefola kaofela.+ Pululo e tla li nka, empa ea tšabelang ho ’na+ o tla rua naha ’me a rue thaba ea ka e halalelang.+ 14 Ka sebele e mong o tla re, ‘Etsang tutulu, etsang tutulu! Hlekang tsela.+ Tlosang tšitiso leha e le efe tseleng ea batho ba ka.’”+
15 Etsoe sena ke seo Ea Holimo le Ea Phahameng,+ ea lulang ka ho sa feleng+ le eo lebitso la hae le halalelang,+ a se boletseng: “Ke lula phahameng le sebakeng se halalelang,+ hape ke lula le ea hateletsoeng le ea moea+ o ikokobelitseng, hore ke hlasimolle moea oa ba ikokobelitseng le ho hlasimolla lipelo tsa ba hateletsoeng.+ 16 Etsoe nke ke ka loana ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka halefa ka ho sa feleng;+ etsoe ka lebaka la ka moea o tla tepella,+ esita le libōpuoa tse phefumolohang tseo ke li entseng.+
17 “Ke ile ka halefela ho fosahala ha phaello ea hae ea ho hloka toka,+ eaba kea mo otla, ka pata sefahleho sa ka,+ ha ke ntse ke halefile. Empa a ’na a tsamaea joaloka mokoenehi+ tseleng ea pelo ea hae. 18 Ke bone litsela tsa hae; ka qala ho mo folisa+ le ho mo tsamaisa+ le ho mo buseletsa ka matšeliso+ eena le batho ba hae ba siameng.”+
19 Jehova o itse: “Ke bōpa litholoana tsa molomo.+ Ho tla ba le khotso e sa khaotseng ho ea leng hōle le ho ea leng haufi,+ ’me ke tla mo folisa.”+
20 “Empa ba khopo ba joaloka leoatle le ntseng le akhotsoa, ha le sa khone ho kokobela, leo metsi a lona a akhotsang litlama-tlama tsa leoatle le seretse. 21 Ha ho na khotso bakeng sa ba khopo,” ho boletse Molimo oa ka.+