Hosea
Hosea
1 Lentsoe la Jehova+ le ileng la hlaha ho Hosea+ mora oa Beri matsatsing+ a Uzia,+ Jothame,+ Akaze+ le Ezekiase,+ marena a Juda, le matsatsing a Jeroboame+ mora oa Joashe,+ morena oa Iseraele. 2 Ho bile le ho qaleha ha lentsoe la Jehova ka Hosea, eaba Jehova o re ho Hosea: “E-ea,+ u inkele mosali oa bohlola le bana ba bohlola, hobane ka sebele naha ka bohlola e furalla ho latela Jehova.”+
3 A ea nka Gomere morali oa Diblaime, hoo a ileng a ima ’me ka mor’a nako a mo tsoalla mora.+
4 Jehova a tsoela pele ho re ho eena: “Mo rehe lebitso la Jezriele,+ etsoe ka mor’a nakoana e seng kae ke tla ahlola litaba bakeng sa liketso tsa tšollo ea mali tsa Jezriele khahlanong le ntlo ea Jehu,+ ’me ke tla felisa bobusi ba ntlo ea Iseraele.+ 5 Letsatsing leo ke tla roba seqha+ sa Iseraele khohlong ea Jezriele.”
6 A boela a ima ’me a tsoala morali. A tsoela pele ho re ho eena: “Mo rehe lebitso la Lo-ruhama,+ etsoe ha ke sa tla hlola ke bontša mohau+ ho ba ntlo ea Iseraele, hobane ka sebele ke tla ba tlosa.+ 7 Empa ke tla bontša mohau ho ba ntlo ea Juda,+ ’me ke tla ba pholosa ka Jehova Molimo oa bona;+ empa nke ke ka ba pholosa ka seqha kapa ka sabole kapa ka ntoa, ka lipere kapa ka banna ba lipere.”+
8 A khoesa Lo-ruhama butle-butle, ’me a ima eaba o tsoala mora. 9 Kahoo A re: “Mo rehe lebitso la Lo-ami, hobane ha le sechaba sa ka ’me nke ke ka ba oa lōna.
10 “Palo ea bara ba Iseraele e tla ba joaloka lehlabathe la leoatle le ke keng la lekanngoa kapa la baloa.+ Sebakeng seo ho sona ho neng ho tloaetsoe hore ho thoe ho bona, ‘Ha le sechaba sa ka,’+ ho tla thoe ho bona, ‘Bara ba Molimo ea phelang.’+ 11 Ka sebele bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla phutheha bonngoeng+ ’me ba tla ipehela hlooho e le ’ngoe ’me ba nyolohe ho tsoa naheng,+ hobane letsatsi la Jezriele+ le tla ba leholo.