Joele
Joele
1 Lentsoe la Jehova le ileng la hlaha+ ho Joele mora oa Pethuele:
2 “Utloang sena, lōna banna ba baholo, ’me le mamele, lōna baahi bohle ba naha.+ Na see se etsahetse matsatsing a lōna, kapa esita le matsatsing a baholo-holo ba lōna?+ 3 Malebana le sona fanang ka tlaleho ho bara ba lōna, le bara ba lōna ho bara ba bona, le bara ba bona ho moloko o latelang.+ 4 Se siiloeng ke pōpane, se jeloe ke tsie;+ ’me se siiloeng ke tsie, se jeloe ke tsie e hahabang e se nang mapheo; ’me se siiloeng ke tsie e hahabang e se nang mapheo se jeloe ke lephele.+
5 “Tsohang, lōna matahoa,+ ’me le lle; le bokolle,+ lōna bohle ba noang veine, ka lebaka la veine e monate,+ kaha e tlositsoe melomong+ ea lōna. 6 Etsoe ho na le sechaba se nyolohetseng naheng ea ka, se matla le se se nang palo.+ Meno a sona ke meno a tau,+ ’me se na le masapo a mohlahare a tau. 7 Se behile sefate sa ka sa morara e le ntho e makalloang,+ le sefate sa ka sa feiga e le kutu.+ Ka sebele se se hlobolisitse hore se sale se sa koaheloa ke letho ’me se se lahlile.+ Makala a sona a soeufetse. 8 Bokollang, joalokaha moroetsana ea itlamileng ka lesela la mokotla+ a etsa ka lebaka la mong’a bocha ba hae.
9 “Nyehelo ea lijo-thollo+ le nyehelo ea seno+ e tlositsoe ntlong ea Jehova; baprista, basebeletsi+ ba Jehova, ba siame.+ 10 Tšimo e tlatlapuoe,+ mobu o siame;+ kaha lijo-thollo li tlatlapuoe, veine e ncha e horutsoe,+ oli e nyametse.+ 11 Lihoai li hlabiloe ke lihlong;+ balemi ba morara ba bokoletse, ka lebaka la koro le ka lebaka la harese; kaha lijalo tsa tšimo li senyehile.+ 12 Sefate sa morara se omeletse, esita le sefate sa feiga se nyametse. Ha e le sefate sa kharenate, le sefate sa palema le sefate sa apole, lifate tsohle tsa tšimo, li omeletse;+ kaha thabo e khaphatsehang e tlohile ho bara ba moloko oa batho+ ka ho hlajoa ke lihlong.
13 “Itlameng, ’me le ikotle lifuba,+ lōna baprista. Bokollang, lōna basebeletsi ba aletare.+ Kenang, le hlole bosiu le apere lesela la mokotla, lōna basebeletsi ba Molimo oa ka; etsoe ntlo ea Molimo oa lōna e tinngoe nyehelo ea lijo-thollo+ le nyehelo ea seno.+ 14 Halaletsang nako ea ho itima lijo.+ Bitsang seboka se hlomphehang.+ Bokellang banna ba baholo, baahi bohle ba naha, ntlong ea Jehova Molimo oa lōna,+ ’me le hoeletse ho Jehova ho kōpa thuso.+
15 “Jo! letsatsi leo;+ hobane letsatsi la Jehova le haufi,+ ’me le tla tla joaloka ho tlatlapa ho tsoang ho Ea Matla ’Ohle! 16 Na lijo ha lia tlosoa ka pel’a mahlo a rōna; ho thaba le nyakallo, ntlong ea Molimo oa rōna?+ 17 Lifeiga tse omisitsoeng li ponne tlas’a likharafu tsa bona. Matlo a polokelo a entsoe lesupi. Meliko e qhaqhiloe, kaha lijo-thollo li felile. 18 Phoofolo e ruuoang e fehetsoe hakaakang! Mohlape oa likhomo o hlahlathetse ka ho ferekana hakaakang! Etsoe ha ho lekhulo bakeng sa oona.+ Hape, mehlape ea linku ke eona e jarisitsoeng molato.
19 “Ke tla ipiletsa+ ho uena, Jehova; kaha mollo o chesitse makhulo a lefeella, ’me lelakabe le chesitse lifate tsohle tsa tšimo.+ 20 Le liphoofolo tsa naha li ntse li u hloloheloa,+ hobane likotopo tsa metsi li omme,+ ’me mollo o chesitse makhulo a lefeella.”