Amose
8 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a ileng a etsa hore ke se bone, ’me, bonang! ho ne ho e-na le baskete ea litholoana tsa lehlabula.+ 2 Joale a re: “U bona eng,+ Amose?” Kahoo ka re: “Baskete ea litholoana tsa lehlabula.”+ Jehova a tsoela pele a re ho ’na: “Bofelo bo tlile ho batho ba ka ba Iseraele.+ Nke ke ka hlola ke ba lokolla molatong.+ 3 ‘Lipina tsa tempele e tla ba ho bokolla ka letsatsi leo,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova. ‘Ho tla ba le litopo+ tse ngata. Sebakeng se seng le se seng ka sebele motho o tla li lahlela ka ntle—thōla!’
4 “Utloang sena, lōna ba omanyang mofutsana,+ e le hore le felise ba bonolo ba lefatše,+ 5 le re, ‘E tla ba halelele hakae pele khoeli e thoasitseng e feta+ ’me re rekise lijo-thollo?+ Le sabatha,+ ’me re nehelane ka lijo-thollo bakeng sa thekiso; e le ho etsa hore efa e be nyenyane+ le ho etsa hore shekele e be khōlō le ho khopamisa sekala sa thetso;+ 6 e le hore ho ka rekoa batho ba tlaase ka silevera le mofutsana ka theko ea para ea meqathatso, le hore re ka rekisa litlhoka tsa lijo-thollo?’+
7 “Jehova o hlapantse ka Bophahamo ba Jakobo+, ‘Le ka mohla nke ke ka lebala mesebetsi eohle ea bona.+ 8 Na hase ka lebaka lena naha e tlang ho ferekana,+ le moahi e mong le e mong oa eona a tlang ho siama;+ ’me ka sebele, kaofela ha eona, e nyolohe feela joaloka Nile ’me e akhotsoe le ho kokobela joaloka Nile ea Egepeta?’+
9 “‘Ka letsatsi leo,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ke tla etsa hore letsatsi le likele motšehare o moholo,+ ’me ke tla etsa hore ho be lefifi naheng motšehare o khanyang. 10 Ke tla fetola mekete ea lōna hore e be ho siama+ le lipina tsohle tsa lōna hore e be koli-ea-malla, ’me ke tla beha lesela la mokotla mathekeng ’ohle le lefatla holim ’a hlooho e ’ngoe le e ’ngoe;+ ’me ke tla etsa hore boemo bo tšoane le ho siamela mora ea mong,+ ’me phello ea bona ea ho qetela e be joaloka letsatsi le bohloko.’
11 “‘Bonang! Matsatsi aa tla,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘’me ke tla romela tlala naheng, tlala, eseng bakeng sa bohobe, le lenyora, eseng bakeng sa metsi, empa bakeng sa ho utloa mantsoe a Jehova.+ 12 Ka sebele ba tla thekesela ho tloha leoatleng ho ea fihla leoatleng, le ho tloha leboea esita le ho ea bochaba-tsatsi. Ba tla ’ne ba solle ha ba ntse ba batla lentsoe la Jehova, empa ba ke ke ba le fumana.+ 13 Letsatsing leo baroetsana ba batle ba tla akheha, le bahlankana, ka lebaka la lenyora;+ 14 ba hlapanyang ka molato oa Samaria,+ ba re: “Ka molimo oa hao ea phelang, Uena Dane!”+ le, “Ka tsela e phelang ea Beerseba!”+ Ka sebele ba tla oa, ’me ha ba sa tla hlola ba phahama.’”+