Zakaria
5 Joale ka boela ka phahamisa mahlo ’me ka talima; ’me, bonang! moqolo o fofang.+ 2 Kahoo la re ho ’na: “U bona’ng?”+
Eaba ke re: “Ke bona moqolo o fofang, bolelele ba oona ke litsoe tse mashome a mabeli, ’me bophara ba oona ke litsoe tse leshome.”
3 Joale la re ho ’na: “Ena ke thohako e eang holim ’a lefatše lohle,+ hobane e mong le e mong ea utsoang,+ ho ea ka eona ka lehlakoreng lena, o lokolohile kotlong; ’me e mong le e mong ea etsang kano e hlapanyelitsoeng,+ ho ea ka eona ka lehlakoreng lane,+ o lokolohile kotlong. 4 ‘Ke entse hore e tsoe,’ ho bolela Jehova oa mabotho, ‘’me e tla kena ka tlung ea lesholu le ka tlung ea ea etsang kano e hlapanyelitsoeng ka bohata ka lebitso la ka;+ ’me e tla lula ka har’a ntlo ea hae le ho e felisa le lifate tsa eona le majoe a eona.’”+
5 Joale lengeloi le neng le bua le ’na la tsoa ’me la re ho ’na: “Ka kōpo, phahamisa mahlo, ’me u bone hore na ke eng ena e tsoang.”
6 Kahoo ka re: “Ke eng?”
Eaba le re: “Ena ke tekanyo ea efa e tsoang.” La tsoela pele ho re: “Ena ke chebahalo ea bona lefatšeng lohle.” 7 Bona! Sekoahelo se chitja sa loto se ile sa phahamisoa; ’me enoa ke mosali ea itseng ea lutseng ka har’a efa. 8 Kahoo la re: “Enoa ke Bokhopo.” La mo lahlela hape ka har’a efa,+ ka mor’a moo la lahlela boima ba loto molomong oa eona.
9 Joale ka phahamisa mahlo ’me ka talima, ’me bona! ho ne ho e-na le basali ba babeli ba tsoang, ’me moea o ne o le mapheong a bona. Ba ne ba e-na le mapheo a kang mapheo a mokotatsie. Butle-butle ba ile ba phahamisetsa efa holimo pakeng tsa lefatše le maholimo. 10 Kahoo ka re ho lengeloi le neng le bua le ’na: “Ba isa efa hokae?”
11 Eaba le re ho ’na: “E le hore ba mo hahele+ ntlo naheng ea Shinare;+ ’me e tla tiisoa ka thata, ’me o tla behoa moo holim ’a sebaka sa hae se tšoanetseng.”