Numere
16 Kora+ mora oa Izehare,+ mora oa Kohathe,+ mora oa Levi,+ a ema, hammoho le Dathane+ le Abirame+ bara ba Eliabe,+ le One mora oa Pelethe, bara ba Rubene.+ 2 Ba ema ka pel’a Moshe, bona le banna ba makholo a mabeli le mashome a mahlano ba bara ba Iseraele, marenana a phutheho, ba bitsitsoeng har’a ba bokaneng, banna ba tummeng. 3 Kahoo ba phutheha khahlanong+ le Moshe le Arone eaba ba re ho bona: “Ho lekane ka lōna, hobane phutheho eohle ea halalela+ ’me Jehova o har’a eona.+ Joale, ke hobane’ng ha le iphahamisetsa phutheho ea Jehova?”+
4 Ha Moshe a utloa ka hona hang-hang a itihela fatše ka sefahleho. 5 Joale a bua le Kora le phutheho eohle ea hae, a re: “Hoseng Jehova o tla tsebahatsa eo e leng oa hae+ le ea halalelang+ le ea tla atamela ho eena,+ ’me mang kapa mang eo a ka mo khethang+ o tla atamela ho eena. 6 Etsang sena: Inkeleng lipane+ tsa mollo, Kora le phutheho eohle ea hae,+ 7 le kenye mollo ka har’a tsona ’me le tšele libano ka har’a tsona ka pel’a Jehova hosasane, ’me motho eo Jehova a tla mo khetha,+ ke eena ea halalelang. Ho lekane ka lōna, lōna bara ba Levi!”+
8 Moshe a tsoela pele ho re ho Kora: “Ka kōpo mamelang, lōna bara ba Levi. 9 Na ke ntho e nyenyane hakaalo ho lōna hore ebe Molimo oa Iseraele o le arotse+ ho phutheho ea Iseraele ho le hlahisa ho eena hore le ntšetse pele tšebeletso ea tabernakele ea Jehova le ho ema ka pel’a phutheho ho e sebeletsa,+ 10 le hore a atametse lōna le barab’abo lōna bohle bara ba Levi? Kahoo na le boetse le tla leka ho fumana boprista?+ 11 Ka lebaka leo lōna le phutheho eohle ea lōna e bokaneng le khahlanong le Jehova.+ Ha e le Arone, e ne e boetse e le eng hore le mo korotlele?”+
12 Hamorao Moshe a romeletsa hore ho bitsoe Dathane le Abirame+ bara ba Eliabe, empa ba re: “Re ke ke ra nyoloha!+ 13 Na ke ntho e nyenyane hakaalo hore ebe u re ntšitse naheng e phallang lebese le mahe a linotši ho tla re bolaela lefeelleng,+ e le hore hape u leke ho iketsa khosana holim ’a rōna ka ho feletseng?+ 14 Joale, ha ua re tlisa naheng e phallang lebese le mahe a linotši,+ hore u re fe lefa la naha le serapa sa morara. Na u batla ho honya mahlo a banna bao? Re ke ke ra nyoloha!”
15 Moshe a halefa haholo ’me a re ho Jehova: “U se ke ua reteleha ho talima nyehelo ea bona ea lijo-thollo.+ Ha kea nka esele leha e le ’ngoe e tona ea bona, kapa ka ntša le ea mong oa bona kotsi.”+
16 Joale Moshe a re ho Kora:+ “Uena le phutheho eohle ea hao, itlhahiseng ka pel’a Jehova,+ uena le bona le Arone, hosasane. 17 E mong le e mong a nke pane ea hae ea mollo, ’me le kenye libano ka har’a tsona ’me e mong le e mong a hlahise pane ea hae ea mollo ka pel’a Jehova, lipane tsa mollo tse makholo a mabeli le mashome a mahlano, ’me uena le Arone le hlahise e mong le e mong pane ea hae ea mollo.” 18 Kahoo e mong le e mong a nka pane ea hae ea mollo ’me a kenya mollo ka har’a eona ’me a beha libano ka har’a eona ’me a ema monyako oa tente ea pokano hammoho le Moshe le Arone. 19 Ha Kora a bokella phutheho+ eohle khahlanong le bona monyako oa tente ea pokano, joale khanya ea Jehova ea bonahala ho phutheho eohle.+
20 Joale Jehova a bua le Moshe le Arone, a re: 21 “Ikaroleng+ har’a phutheho ena, hore ke e felise+ hang-hang.” 22 Ba itihela fatše ka lifahleho ’me ba re: “Molimo, Molimo oa meea ea nama ea mofuta o mong le o mong,+ na motho a le mong feela o tla etsa sebe ebe u halefela phutheho eohle?”+
23 Eaba Jehova o bua le Moshe, o re: 24 “Bua le phutheho, u re, ‘Tlohang litabernakeleng tsa Kora, Dathane le Abirame!’”+
25 Ka mor’a moo Moshe a ema ’me a ea ho Dathane le Abirame, ’me banna ba baholo+ ba Iseraele ba ea le eena. 26 Joale a bua le phutheho, a re: “Ka kōpo, suthang ka pel’a litente tsa banna bana ba khopo ’me le se ke la ama ntho leha e le efe ea bona,+ hore le se ke la felisoa libeng tsohle tsa bona.” 27 Kapele-pele ba tloha ka pel’a tabernakele ea Kora, Dathane le Abirame, ka mahlakoreng ’ohle, eaba Dathane le Abirame baa tsoa, ba ema monyako oa litente tsa bona,+ hammoho le basali ba bona, le bara ba bona le bana ba bona ba banyenyane.
28 Joale Moshe a re: “Le tla tseba ka sena hore Jehova o nthometse ho etsa liketso tsena tsohle,+ hore ha li itsoele pelong ea ka:+ 29 Haeba batho bana ba tla shoa ho ea ka lefu la moloko oohle oa batho ’me ba tla fuoa kotlo ho ea ka kotlo ea moloko oohle oa batho,+ joale etlaba hase Jehova ea nthomileng.+ 30 Empa haeba Jehova o tla bōpa+ ho hong ho hocha, ’me lefatše le tla ahlamisa molomo oa lona ho metsa bona+ hammoho le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea bona ’me ba tla theohela ba phela Sheole,+ joale ka sebele le tla tseba hore banna bana ba hlompholotse Jehova.”+
31 Eitse hang ha a qeta ho bua mantsoe ana, lefatše le tlas’a bona la qala ho ngamoha.+ 32 Lefatše la ahlamisa molomo oa lona la ba metsa hammoho le malapa a bona le moloko oohle oa batho ba Kora le thepa eohle ea bona.+ 33 Kahoo ba theohela Sheole ba phela, le bohle bao e neng e le ba bona, ’me lefatše la qala ho ba koahela,+ hoo ba ileng ba timela har’a phutheho.+ 34 Baiseraele bohle ba neng ba ba potolohile ba baleha ha ba utloa ba hoeletsa, etsoe ba ile ba qala ho re: “Re tšaba hore lefatše le ka re metsa!”+ 35 Mollo oa tsoa ho Jehova+ ’me oa chesa banna ba makholo a mabeli le mashome a mahlano ba neng ba nyehela libano.+
36 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 37 “Bolella Eleazare mora oa moprista Arone hore o lokela ho nka lipane tsa mollo+ tse har’a khanare, ‘U hasanye mollo teng; etsoe lia halalela, 38 esita le lipane tsa mollo tsa banna bana ba sitetsoeng meea+ ea bona. Ba li etse makapa a tšepe a masesaane bakeng sa ho koahela aletare,+ hobane ba li hlahisitse ka pel’a Jehova, hoo li halalelang; ’me e lokela ho ba pontšo ho bara ba Iseraele.’”+ 39 Tumellanong le hoo moprista Eleazare a nka lipane tsa mollo+ tsa koporo, tseo ba cheleng ba neng ba li hlahisitse, ’me ba li tea ho li etsa se koahelang aletare, 40 e le sehopotso bakeng sa bara ba Iseraele, e le hore ho se ke ha e-ba le monna osele+ eo e seng ngoana oa Arone ea tla atamela ho etsa hore libano li kubelle ka pel’a Jehova,+ ’me ho se ke ha e-ba le ea ka tšoanang le Kora le phutheho+ ea hae, feela joalokaha Jehova a ne a buile le eena ka Moshe.
41 Letsatsing le hlahlamang phutheho eohle ea bara ba Iseraele ea qala ho korotlela Moshe le Arone,+ ea re: “Le bolaile sechaba sa Jehova.” 42 Eitse ha phutheho e bokane hammoho khahlanong le Moshe le Arone, joale ba retelehela tenteng ea pokano; bonang! e ne e koahetsoe ke leru, ’me khanya ea Jehova ea qala ho bonahala.+
43 Moshe le Arone ba tla ka pel’a tente ea pokano.+ 44 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 45 “Emang le tlohe har’a phutheho ena, e le hore ke e felise hang-hang.”+ Eaba ba itihela fatše ka lifahleho.+ 46 Ka mor’a moo Moshe a re ho Arone: “Nka pane ea mollo ’me u kenye ka ho eona+ mollo o tsoang holim ’a aletare ’me u tšele libano ’me u ee ho phutheho ka potlako ’me u koahele libe tsa eona,+ hobane khalefo e tsoile sefahlehong sa Jehova.+ Lefu le qalile!” 47 Hang-hang Arone a e nka, feela joalokaha Moshe a ne a buile, ’me a mathela har’a phutheho; bonang! lefu le ne le se le qalile har’a sechaba. Kahoo a tšela libano eaba o qala ho koahela libe tsa sechaba. 48 A ’na a ema pakeng tsa ba shoeleng le ba phelang.+ Qetellong lefu la seoa la khaotsa.+ 49 Ba bolailoeng ke lefu la seoa ea e-ba likete tse leshome le metso e mene le makholo a supileng, ntle le ba shoeleng ka lebaka la Kora. 50 Qetellong ha Arone a khutlela ho Moshe monyako oa tente ea pokano, lefu la seoa le ne le khaolitse.