Numere
32 Joale bara ba Rubene+ le bara ba Gade+ ba ne ba e-na le liphoofolo tse ngata tse ruiloeng, ka sebele li le ngata haholo. Ba qala ho bona naha ea Jazere+ le naha ea Gileade, ’me, bonang! sebaka seo e ne e le sebaka sa liphoofolo tse ruiloeng. 2 Kahoo bara ba Gade le bara ba Rubene ba tla ’me ba re ho Moshe le ho moprista Eleazare le ho marenana a phutheho: 3 “Atarothe+ le Dibone+ le Jazere le Nimra+ le Heshbone+ le Eleale+ le Sebame le Nebo+ le Beone,+ 4 naha eo Jehova a e hlōtseng+ ka pel’a phutheho ea Iseraele, ke naha ea liphoofolo, ’me bahlanka ba hao ba na le liphoofolo tse ruiloeng.”+ 5 Ba tsoela pele ho re: “Haeba re fumane kamohelo mahlong a hao, naha ena e ke e fuoe bahlanka ba hao e le letlotlo. U se ke ua re tšelisa Jordane.”+
6 Joale Moshe a re ho bara ba Gade le bara ba Rubene: “Na barab’abo lōna ba tla ea ntoeng ha lōna le lutse moo?+ 7 Ke hobane’ng ha le lokela ho nyahamisa bara ba Iseraele hore ba se ke ba tšelela naheng eo ka sebele Jehova a tla ba fa eona? 8 Ke tsela eo bo-ntat’a lōna ba entseng+ ka eona ha ke ba romela ba le Kadeshe-barnea+ ho ea bona naha. 9 Ha ba nyolohela phuleng ea molapo o phoroselang ea Eshkole+ ’me ba bona naha, joale ba ile ba nyahamisa bara ba Iseraele, hore ba se ke ba ea naheng eo ka sebele Jehova a neng a tla ba fa eona.+ 10 Ka lebaka leo bohale ba Jehova bo ile ba tuka letsatsing leo hoo a ileng a hlapanya,+ a re, 11 ‘Banna ba nyolohileng Egepeta ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo+ ba ke ke ba bona naha eo ke hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo+ ka eona, hobane ha baa ka ba ntatela ka ho feletseng, 12 haese Kalebe+ mora oa Jefune Mokenize le Joshua+ mora oa Nune, hobane ba latetse Jehova ka ho feletseng.’ 13 Kahoo bohale ba Jehova ba tukela Baiseraele ’me a etsa hore ba lelere lefeelleng ka lilemo tse mashome a mane,+ ho fihlela moloko oohle o neng o etsa bobe mahlong a Jehova o fela.+ 14 Bonang! le eme sebakeng sa bo-ntat’a lōna le le bana ba banna ba nang le sebe ho phaella bohaleng bo tukang ba Jehova+ khahlanong le Iseraele. 15 Haeba le ka tlohela ho mo latela,+ ka sebele le eena o tla boela a ba tlohele hore ba lule haleletsana lefeelleng,+ ’me le tla be le entse ka mokhoa o senyang sechabeng sena sohle.”+
16 Hamorao ba mo atamela ba re: “A re haheng masaka a majoe a mohlape mona bakeng sa liphoofolo tsa rōna tse ruiloeng le metse bakeng sa bana ba rōna ba banyenyane. 17 Empa rōna re tla tsamaea re hlometse ka tlhophiso ea ntoa+ ka pel’a bara ba Iseraele ho fihlela neng kapa neng ha re se re ba tlisitse sebakeng sa bona, ha bana ba rōna ba banyenyane ba ntse ba lula metseng e nang le liqhobosheane hōle le lifahleho tsa baahi ba naha. 18 Re ke ke ra khutlela matlong a rōna ho fihlela bara ba Iseraele ba ithuetse litša, e mong le e mong a e-na le lefa la hae.+ 19 Etsoe re ke ke ra fumana lefa hammoho le bona ka lehlakoreng la Jordane le ka nģ’ane, hobane re fumane lefa la rōna lehlakoreng la Jordane ka nģ’a bochaba-tsatsi.”+
20 Eaba Moshe o re ho bona: “Haeba le tla etsa ntho ena, haeba le tla itlhomella ka pel’a Jehova bakeng sa ntoa,+ 21 ’me e mong le e mong oa lōna ea hlometseng o tla tšela Jordane ka pel’a Jehova, ho fihlela a leleka lira tsa hae ka pel’a hae,+ 22 le naha e hlōloa ka pel’a Jehova,+ ’me ka mor’a moo le khutla,+ ruri le lōna le tla be le bontšitse hore ha le na molato khahlanong le Jehova le khahlanong le Iseraele; ’me naha ena e tla ba ea lōna e le letlotlo ka pel’a Jehova.+ 23 Empa haeba le sa etse ka tsela ena, ka sebele le tla be le sitetsoe Jehova.+ Tabeng eo le tsebe hore sebe sa lōna se tla le fumana.+ 24 Ikaheleng metse bakeng sa bana ba lōna ba banyenyane le masaka a majoe bakeng sa mehlape ea lōna, ’me le phethe se tsoileng melomong ea lōna.”+
25 Joale bara ba Gade le bara ba Rubene ba re ho Moshe: “Bahlanka ba hao ba tla etsa feela joalokaha moren ’a ka a laela.+ 26 Bana ba rōna ba banyenyane, basali ba rōna, mehlape ea rōna le liphoofolo tsohle tsa rōna tse ruuoang li tla lula mona metseng ea Gileade,+ 27 empa bahlanka ba hao ba tla tšela, e mong le e mong a hlometse bakeng sa lebotho,+ ka pel’a Jehova bakeng sa ntoa, feela joalokaha moren ’a ka a bua.”
28 Tumellanong le hoo Moshe a fana ka taelo mabapi le bona ho moprista Eleazare le ho Joshua mora oa Nune le ho lihlooho tsa bo-ntat’a meloko ea bara ba Iseraele. 29 Kahoo Moshe a re ho bona: “Haeba bara ba Gade le bara ba Rubene ba tšela Jordane le lōna, e mong le e mong a hlometse bakeng sa ntoa,+ ka pel’a Jehova, ’me naha e hlōloa ka pel’a lōna, joale le ba fe naha ea Gileade e le leruo.+ 30 Empa haeba ba sa tšele le lōna ba hlometse, joale ba tla lula har’a lōna naheng ea Kanana.”+
31 Eaba bara ba Gade le bara ba Rubene baa araba, ba re: “Seo Jehova a se boleletseng bahlanka ba hao ke tsela eo re tla etsa ka eona.+ 32 Rōna re tla tšelela naheng ea Kanana+ re hlometse ka pel’a Jehova, ’me lefa la rōna le tla ba le rōna lehlakoreng lena la Jordane.”+ 33 Eaba Moshe oa ba fa, ke hore, bara ba Gade+ le bara ba Rubene+ le halofo ea moloko oa Manase+ mora oa Josefa, ’muso oa Sihone+ morena oa Baamore le ’muso oa Oge+ morena oa Bashane, naha eo e neng e le ea metse ea eona libakeng tsa eona, le metse ea naha eo ho potoloha ka hohle.
34 Bara ba Gade ba haha Dibone+ le Atarothe+ le Aroere,+ 35 le Aterothe-shofane le Jazere+ le Jogbeha,+ 36 le Bethe-nimra+ le Bethe-harane,+ metse ea liqhobosheane,+ le masaka a majoe a mehlape.+ 37 Bara ba Rubene ba haha Heshbone+ le Eleale+ le Kiriathaime,+ 38 le Nebo+ le Baale-meone+—mabitso a eona a fetotsoe—le Sibma; ’me ba qala ho rehella metse eo ba e hahileng ka mabitso a bona.
39 Bara ba Makire+ mora oa Manase ba ea Gileade ba e hapa ’me ba leleka Baamore ba neng ba le ho eona. 40 Kahoo Moshe a fana ka Gileade ho Makire mora oa Manase, ’me a lula teng.+ 41 Jaire mora oa Manase a tsamaea ’me a hapa metsana ea bona ea litente, eaba o qala ho e bitsa Havothe-jaire.+ 42 Noba a tsamaea ’me a hapa Kenathe+ le metse e itšetlehileng ka eona; ’me a qala ho e rehella ka lebitso la hae la Noba.