Luka
17 Joale a re ho barutuoa ba hae: “Ho ke ke ha qojoa hore lisosa tsa ho khoptjoa li tle.+ Leha ho le joalo, ho malimabe eo li tlang ka eena!+ 2 Ho ne ho tla ba molemo ho eena haeba leloala le ne le ka fanyehoa molaleng oa hae eaba o akheloa ka leoatleng+ ho e-na le hore a khopise e mong oa ba banyenyane bana.+ 3 Ikeleng hloko. Haeba mor’eno a etsa sebe u mo khalemele ka matla,+ ’me haeba a baka u mo tšoarele.+ 4 Esita le haeba a u siteloa ka makhetlo a supileng ka letsatsi ’me a khutlela ho uena ka makhetlo a supileng, a re, ‘Ke bakile,’ u mo tšoarele.”+
5 Joale baapostola ba re ho Morena: “Re fe tumelo+ e eketsehileng.” 6 Joale Morena a re: “Haeba le ne le e-na le tumelo e boholo ba thollo ea mosetareta, le ne le tla re ho sefate sena sa monokotšoai o motšo, ‘Fothoha ’me u lengoe ka leoatleng!’ ’me se ne se tla le mamela.+
7 “Ke mang ho lōna ea nang le lekhoba le lemang kapa le hlokomelang mohlape ea tla re ho lona ha le tsoa tšimong, ‘Tloo mona hang-hang ’me u otle ka lehlakore tafoleng’? 8 Ho e-na le hoo, na a ke ke a re ho lona, ‘Ntokisetse ho hong hore ke je lijo tsa ka tsa shoalane, u apare foreskoto ’me u ntšebeletse ho fihlela ke qeta ho ja le ho noa, ’me ka mor’a moo u ka ja oa noa’? 9 A ke ke a leboha lekhoba leo hobane le ile la etsa lintho tseo le li abetsoeng, na ha ho joalo? 10 Kahoo le lōna, ha le entse lintho tsohle tseo le li abetsoeng, le re, ‘Re makhoba+ a se nang molemo. Seo re se entseng ke seo re neng re tšoanela hore ebe re se entse.’”
11 Ha a ntse a e-ea Jerusalema o ne a feta bohareng ba Samaria le Galilea.+ 12 Eare ha a kena motsaneng o itseng banna ba leshome ba nang le lepera+ ba kopana le eena, empa ba emella hōle. 13 Eaba ba phahamisa mantsoe ba re: “Jesu, Morupeli, re hauhele!”+ 14 Ha a ba bona a re ho bona: “E-eang ’me le iponahatse ho baprista.”+ Joale eare ha ba tloha ba hloeka.+ 15 E mong oa bona, ha a bona hore o folisitsoe, a khutla, a tlotlisa+ Molimo ka lentsoe le phahameng. 16 Eaba o itihela fatše ka sefahleho maotong+ a Jesu, oa mo leboha; ho feta moo, e ne e le Mosamaria.+ 17 Ha Jesu a araba a re: “Ho hloekisitsoe ba leshome, na ha ho joalo? Joale, ba bang ba robong ba hokae? 18 Na ha hoa fumanoa ba khutlileng ho tla tlotlisa Molimo haese monna enoa oa sechaba se seng?” 19 Eaba o re ho eena: “Ema u tsamaee; tumelo ea hao e u folisitse.”+
20 Empa ha Bafarisi ba mo botsa hore na ’muso oa Molimo o tla+ neng, a ba araba a re: “’Muso oa Molimo ha o tle ka ho hlokomeleha ho totobetseng, 21 leha e le hore batho ba tla re, ‘Bonang mona!’ kapa, ‘Mane!’+ Etsoe, bonang! ’muso oa Molimo o har’a lōna.”+
22 Joale a re ho barutuoa: “Matsatsi a tla tla ha le tla lakatsa ho bona le leng la matsatsi a Mor’a motho empa le ke ke la le bona.+ 23 Batho ba tla re ho lōna, ‘Bonang mane!’ kapa, ‘Bonang mona!’+ Le se ke la tsoa kapa la matha ka mor’a bona.+ 24 Etsoe esita le joalokaha lehalima,+ ka ho halima ha lona, le khanya ho tloha karolong e ’ngoe tlas’a leholimo ho ea karolong e ’ngoe tlas’a leholimo, Mor’a motho+ o tla ba joalo. 25 Leha ho le joalo, pele o tla feta litlhokofatsong tse ngata le ho lahloa ke moloko ona.+ 26 Ho feta moo, feela joalokaha ho ile ha etsahala matsatsing a Noe,+ ho tla ba joalo le matsatsing a Mor’a motho:+ 27 ba ne ba ja, ba ne ba noa, banna ba ne ba nyala, basali ba ne ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo ha Noe a kena ka arekeng, ’me moroallo o fihla ’me o ba timetsa kaofela.+ 28 Ka ho tšoanang, feela joalokaha ho ile ha etsahala matsatsing a Lota:+ ba ne ba ja, ba ne ba noa, ba ne ba reka, ba ne ba rekisa, ba ne ba lema, ba ne ba haha. 29 Empa letsatsing leo Lota a ileng a tsoa Sodoma ka lona ho ile ha na mollo le sebabole ho tsoa leholimong ’me tsa ba timetsa kaofela.+ 30 Ho tla ba ka tsela e tšoanang letsatsing leo ha Mor’a motho a tla senoloa.+
31 “Letsatsing leo motho ea ka holim ’a ntlo empa eo lintho tsa hae tse nkehang li leng ka tlung a se ke a theoha ho tla li nka, le motho ea tsoetseng tšimong, ka ho tšoanang a se ke a khutlela linthong tse ka morao. 32 Hopolang mosali oa Lota.+ 33 Mang kapa mang ea batlang ho sireletsa moea oa hae o tla lahleheloa ke oona, empa mang kapa mang ea lahleheloang ke oona o tla o boloka o phela.+ 34 Kea le bolella, Bosiung boo banna ba babeli ba tla be ba le betheng e le ’ngoe; e mong o tla nkoa, empa e mong o tla tloheloa.+ 35 Ho tla be ho e-na le basali ba babeli ba silang leloaleng le le leng; e mong o tla nkoa, empa e mong o tla tloheloa.”+ 36 —— 37 Kahoo ha ba arabela ba re ho eena: “Hokae, Morena?” A re ho bona: “Moo setopo se leng teng,+ lintsu le tsona li tla bokana teng.”+