Luka
24 Leha ho le joalo, ka letsatsi la pele la beke, ba ea lebitleng hoseng haholo, ba nkile linōko tseo ba neng ba li lokisitse.+ 2 Empa ba fumana lejoe le phikoloselitsoe thōko le lebitla+ la khopotso, 3 ’me ha ba kena ba se ke ba fumana setopo sa Morena Jesu.+ 4 Ha ba ntse ba tsielehile ke sena, bonang! banna ba babeli ba liaparo li phatsimang ba ema haufi le bona.+ 5 Ha basali bao ba ntse ba tšohile ’me ba inamiselitse lifahleho fatše, banna bao ba re ho bona: “Ke hobane’ng ha Ea phelang le mo batla har’a bafu? 6 [[Ha a eo mona, empa o tsositsoe.]]+ Hopolang kamoo a ileng a bua le lōna kateng ha a sa ntse a le Galilea,+ 7 a re ho tla nehelanoa ka Mor’a motho matsohong a batho ba nang le sebe ’me a khokhotheloe thupeng ’me leha ho le joalo a tsohe ka letsatsi la boraro.”+ 8 Kahoo ba hopola+ lipolelo tsa hae, 9 eaba ba khutla lebitleng la khopotso ’me ba tlalehela ba leshome le motso o mong le ba bang kaofela lintho tsena tsohle.+ 10 E ne e le Maria Magdalena, le Joanna,+ le Maria ’mè oa Jakobo. Hape, basali+ ba bang kaofela ba neng ba e-na le bona ba ne ba bolella baapostola lintho tsena. 11 Leha ho le joalo, lipolelo tsena tsa bonahala li se na kelello ho bona ’me ba ne ba sa lumele+ basali bao.
12 [[Empa Petrose a ema ’me a mathela lebitleng la khopotso, ’me, ha a nyarela, a bona masela a tlamisang feela. Kahoo a tloha, a makaletse se neng se etsahetse.]]
13 Empa, bonang! letsatsing lona leo ba babeli ba bona ba ne ba ea motsaneng o bitsoang Emmause, o ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse leshome le motso o mong ho tloha Jerusalema, 14 ’me ba ne ba buisana ka lintho+ tsena tsohle tse neng li etsahetse.
15 Joale ha ba ntse ba qoqa le ho buisana, Jesu a atamela+ ’me a qala ho tsamaea le bona; 16 empa mahlo a bona a ne a thibiloe hore a se ke a mo hlokomela.+ 17 A re ho bona: “Litaba tsee tseo le phehisanang ka tsona ha le ntse le tsamaea ke life?” Eaba ba ema ka lifahleho tse hlomohileng. 18 Ha e mong ea bitsoang Cleopase a araba a re ho eena: “Na u lula u le mojaki u le mong Jerusalema ’me kahoo ha u tsebe lintho tse etsahetseng teng matsatsing aa?” 19 Eaba o re ho bona: “Lintho life?” Ba re ho eena: “Lintho tse malebana le Jesu Monazaretha,+ eo e neng e le moprofeta+ ea matla mosebetsing le lentsoeng ka pel’a Molimo le batho bohle; 20 le kamoo baprista ba ka sehloohong le babusi ba rōna ba ileng ba nehelana ka eena kahlolong ea lefu le ho mo khokhothela+ thupeng. 21 Empa re ne re tšepile hore monna enoa ke eena ea reretsoeng ho lopolla Iseraele;+ e, ’me ntle ho lintho tsena tsohle, lena ke letsatsi la boraro ho tloha ha lintho tsena li etsahala. 22 Ho feta moo, basali+ ba itseng ba tsoang har’a rōna le bona ba ile ba re makatsa, hobane ba ne ba tsoheletse lebitleng la khopotso 23 empa ba se ke ba fumana setopo sa hae ’me ba tla ba re ba boetse ba bone pono e phahametseng matla a tlhaho ea mangeloi, a ileng a re oa phela. 24 Ho ekelletsa moo, ba bang ba neng ba e-na le rōna ba tloha ho ea lebitleng+ la khopotso; ’me ba fumana ho le joalo, feela joalokaha basali bao ba ne ba boletse, empa ha baa ka ba mo bona.”
25 Kahoo a re ho bona: “Lōna ba se nang kelello le ba lipelo li liehang ho lumela linthong tsohle tseo baprofeta ba ileng ba li bua!+ 26 Na ho ne ho sa hlokahale hore Kreste a utloisoe bohloko+ ke lintho tsee le hore a kene khanyeng+ ea hae?” 27 ’Me ha a qala ka Moshe+ le Baprofeta+ kaofela a ba hlalosetsa lintho tse amanang le eena ka Mangolong ’ohle.
28 Qetellong ba atamela motsana oo ba neng ba e-ea ho oona, ’me a etsa joalokaha eka o ne a ea pejana. 29 Empa ba mo hatella, ba re: “Lula le rōna, hobane e se e tla ba shoalane ’me letsatsi le se le sekame.” Eaba oa kena hore a lule le bona. 30 Ha a ntse a otlile ka lehlakore le bona lijong a nka bohobe, a bo hlohonolofatsa, a bo qhetsola eaba o qala ho ba neha bona.+ 31 Eaba mahlo a bona a buleha ka botlalo ’me ba mo hlokomela; eaba oa nyamela ho bona.+ 32 Ba buisana ba re: “Na lipelo tsa rōna li ne li sa chese ha a ntse a bua le rōna tseleng, ha a ntse a re bulela Mangolo ka botlalo?” 33 Eaba ka eona hora eo baa ema ’me ba khutlela Jerusalema, ’me ba fumana ba leshome le motso o mong le ba nang le bona ba bokane, 34 ba re: “Kannete Morena o tsositsoe ’me o bonahetse ho Simone!”+ 35 Joale ba pheta tse etsahetseng tseleng le kamoo ba ileng ba mo tseba ka ho qhetsola bohobe.+
36 Ha ba ntse ba bua ka lintho tsena a ema har’a bona [[’me a re ho bona: “E se eka le ka ba le khotso.”]] 37 Empa ka lebaka la hore ba ne ba harohile matsoalo, ’me ba tšohile,+ ba ne ba nahana hore ba bona moea. 38 Kahoo a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le khathatsehile, ’me ke hobane’ng ha lipelaelo li hlaha ka lipelong tsa lōna? 39 Bonang matsoho a ka le maoto a ka, hore ke ’na; nkameng+ ’me le bone, hobane moea ha o na nama le masapo+ feela joalokaha le bona hore ’na ke na le tsona.” 40 [[Eare ha a bua sena a ba bontša matsoho a hae le maoto a hae.]] 41 Empa ha ba sa ntse ba sa lumele+ ka lebaka la ho thaba haholo ’me ba maketse, a re ho bona: “Na le na le ho jeoang moo?”+ 42 Eaba ba mo neha sekotoana sa tlhapi+ e besitsoeng; 43 eaba oa e nka ’me oa e ja+ ka pel’a mahlo a bona.
44 Joale a re ho bona: “Ana ke mantsoe a ka ao ke ileng ka le bolella ’ona ha ke sa ntse ke e-na le lōna,+ hore lintho tsohle tse ngotsoeng molaong oa Moshe le Baprofeteng+ le Lipesalemeng+ mabapi le ’na li tla phethahala.” 45 Joale a bula likelello tsa bona ka botlalo hore li utloisise se boleloang ke Mangolo,+ 46 eaba o re ho bona: “Ka tsela ena ho ngoliloe hore Kreste o ne a tla utloa bohloko le ho tsoha har’a bafu ka letsatsi la boraro,+ 47 ’me ka lebitso la hae pako bakeng sa tšoarelo ea libe+ e ne e tla boleloa lichabeng+ tsohle—ho qala Jerusalema,+ 48 le tla ba lipaki+ tsa lintho tsena. 49 Bonang! Ke le romela se tšepisitsoeng ke Ntate. Leha ho le joalo, lōna le lule motseng ho fihlela le apesoa matla a tsoang holimo.”+
50 Empa a ba etella pele ho ea fihla Bethani, eaba o phahamisa matsoho ’me oa ba hlohonolofatsa.+ 51 Ha a ntse a ba hlohonolofatsa a arohanngoa le bona ’me a qala ho nkeloa leholimong.+ 52 Ba mo inamela ’me ba khutlela Jerusalema ka thabo+ e khōlō. 53 ’Me ka ho tsoelang pele ba ne ba le ka tempeleng ba boka Molimo.+