Liketso
21 Joale ha re tlohile ho bona ’me re tsamaile ka sekepe, ra tloha ka potlako ka tsela e otlolohileng ’me ra fihla Kose, empa letsatsing le hlahlamang ra fihla Rhode, ’me ho tloha moo ra tla Patara. 2 Ha re fumane sekepe se neng se tšelela Foenisia, ra palama eaba re tloha ka sekepe. 3 Ka mor’a hore re bone sehlekehleke sa Cyprase+ ra se siea ka lehlakoreng le letšehali eaba re tsoela pele ho tsamaea ka sekepe ho ea Syria,+ ’me ra emisa Tyre, kaha sekepe se ne se lokela ho laolla thepa+ ea sona moo. 4 Ha re ntse re batla ra fumana barutuoa ’me ra lula mona matsatsi a supileng. Empa ka moea+ ba bolella Pauluse ka ho pheta-pheta hore a se ke a beha leoto Jerusalema. 5 Kahoo ha re phethile matsatsi a itseng, ra tloha ’me ra tsamaea; empa bona kaofela, hammoho le basali le bana, ba re felehetsa ho ea fihla ka ntle ho motse. Ha re khumama+ lebōpong ra etsa thapelo 6 eaba rea lumelisana,+ ’me re hloella ka sekepeng empa bona ba khutlela malapeng a bona.
7 Joale ra phetha leeto ka sekepe ho tloha Tyre ’me ra fihla Ptolemaise, eaba re lumelisa barab’abo rōna ’me re lula letsatsi le le leng le bona. 8 Letsatsing le hlahlamang ra tsoa eaba re fihla Cesarea,+ ’me ra kena ka tlung ea Filipi moevangeli, eo e neng e le e mong oa banna ba supileng,+ ’me ra lula le eena. 9 Monna enoa o ne a e-na le barali ba bane, baroetsana, ba neng ba profeta.+ 10 Empa ha re ntse re lutse matsatsi a mangata, moprofeta ea itseng ea bitsoang Agabase+ a theoha Judea, 11 eaba o tla ho rōna ’me o nka senyepa sa Pauluse, o itlama maoto le matsoho ’me o re: “Moea o halalelang o bolela tjena, ‘Monna eo senyepa sena e leng sa hae Bajuda ba tla mo tlama+ ka mokhoa ona Jerusalema ’me ba nehelane+ ka eena matsohong a batho ba lichaba.’” 12 Joale ha re utloa sena, rōna le ba sebaka seo ra qala ho mo kōpa ka tieo hore a se ke a nyolohela+ Jerusalema. 13 Joale Pauluse a araba: “Ke eng seo le se etsang ka ho lla+ le ho mphokolisa pelong?+ Kholisehang, ha kea itokisetsa feela ho tlangoa empa ke itokiselitse le ho shoella+ Jerusalema bakeng sa lebitso la Morena Jesu.”14 Ha a sa nyahamisoe, ra inehela ntle ho khang ka mantsoe ana: “Ho ke ho etsahale thato+ ea Jehova.”
15 Joale ka mor’a matsatsi ana ra lokisetsa leeto ’me ra qala ho nyolohela Jerusalema.+ 16 Empa ba bang ba barutuoa ba tsoang Cesarea+ le bona ba tsamaea le rōna, ho re tlisa ho monna eo re neng re lokela ho amoheloa lapeng la hae, Mnasone ea itseng oa Cyprase, e mong oa barutuoa ba pele. 17 Ha re kena Jerusalema,+ barab’abo rōna ba re amohela ka nyakallo.+ 18 Empa letsatsing le latelang Pauluse a kena le rōna ho ea ho Jakobo;+ ’me banna ba baholo kaofela ba ne ba le teng. 19 A ba lumelisa ’me a qala ho fana ka tlaleho+ e qaqileng ea lintho tseo Molimo a ileng a li etsa har’a lichaba ka bosebeletsi ba hae.+
20 Ka mor’a ho utloa sena ba qala ho tlotlisa Molimo, ba re ho eena: “Ua bona, mor’abo rōna, hore na ho na le likete tse ngata hakae tsa balumeli har’a Bajuda; kaofela ba chesehela Molao.+ 21 Empa ba utloile taba ea bo-bare ka uena hore u ’nile ua ruta Bajuda bohle har’a lichaba ho koenehela Moshe,+ u ba bolella hore ba se ke ba bolotsa+ bana ba bona kapa ba tsamaea ka litloaelo tse tiileng. 22 Joale, ho tla etsoa’ng ka hona? Leha ho le joalo ba tla utloa hore u fihlile. 23 Ka hona etsa sena seo re u bolellang sona: Re na le banna ba bane ba nang le boitlamo. 24 Nka banna bana u tsamaee le bona+ ’me u itlhoekise hammoho le bona ka mokhoa o laetsoeng ’me u lefelle litšenyehelo tsa bona,+ e le hore ba ka beoloa+ lihlooho. Kahoo e mong le e mong o tla tseba hore ha ho letho litabeng tsa bo-bare tseo ba ileng ba li bolelloa ka uena, empa hore u tsamaea ka ho laolehileng, u boetse u boloka Molao.+ 25 Ha e le ka balumeli ba tsoang har’a lichaba, re romelelitse, re fana ka qeto ea rōna ea hore ba lokela ho phema se hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang+ hammoho le mali+ le se fenethiloeng+ le bohlola.”+
26 Joale Pauluse a nka banna bao a tsamaea le bona letsatsing le hlahlamang ’me a itlhoekisa hammoho le bona ka mokhoa o laetsoeng+ eaba o kena ka tempeleng, ho fana ka tsebiso ea matsatsi a tla nkoa+ bakeng sa ho itlhoekisa ka mokhoa o laetsoeng, ho fihlela ho ka nehelanoa ka nyehelo+ bakeng sa e mong le e mong oa bona.+
27 Joale ha matsatsi a supileng+ a le haufi le ho phethoa, Bajuda ba tsoang Asia ha ba mo bona ka tempeleng ba qala ho ferekanya+ bongata boo kaofela, eaba ba beha matsoho holim ’a hae, 28 ba hoeletsa: “Banna ba Iseraele, thusang! Enoa ke eena motho ea rutang e mong le e mong hohle khahlanong le sechaba+ le Molao le sebaka sena ’me, ho feta moo, o ile a ba a tlisa Bagerike ka tempeleng ’me o silafalitse sebaka sena se halalelang.”+ 29 Etsoe pele ba ne ba bone Trofimase+ Moefese motseng a e-na le eena, empa ba ne ba nahana hore Pauluse o ne a mo tlisitse ka tempeleng. 30 Motse oohle oa ba moferefereng,+ ’me batho ba matha hammoho; eaba ba tšoara Pauluse ’me ba mo hulanyetsa ka ntle ho tempele.+ Kapele-pele menyako ea koaloa. 31 Ha ba ntse ba batla ho mo bolaea, boitsebiso ba fihla ho molaoli oa sehlopha ba hore Jerusalema eohle e ne e le moferefereng;+ 32 hang-hang a nka masole le balaoli ba mabotho ’me a mathela ho bona.+ Ha ba re heli! ’me ba bona molaoli oa sesole+ le masole, ba khaotsa ho otla Pauluse.
33 Joale molaoli eo oa sesole a atamela ’me a mo tšoara eaba o fana ka taelo ea hore a tlangoe ka liketane+ tse peli; ’me a qala ho botsisisa hore na ekaba ke mang le hore na o entse’ng. 34 Empa ba bang bongateng ba qala ho hooa ntho e ’ngoe, ’me ba bang ba hooa e ’ngoe.+ Kahoo, a sa khone ho tseba ntho leha e le efe e tiileng ka lebaka la morusu, a laela hore a tlisoe bolulong ba masole.+ 35 Empa ha a fihla litepising, a jaroa ke masole ka lebaka la pefo ea bongata; 36 kaha letšoele la batho le ne le ntse le latela, le hoeletsa: “Mo tloseng!”+
37 Eare ha a le haufi le ho isoa bolulong ba masole, Pauluse a re ho molaoli oa sesole: “Na ke lumeletsoe ho bua ho hong ho uena?” A re: “Na u ka bua Segerike? 38 Na ka sebele hase uena Moegepeta eo pele ho matsatsi aa a ileng a hlohlelletsa bofetoheli+ le ho etella pele banna ba likete tse ’nè ba lithipa tse sehang ka nģa tse peli ho tsoela lefeelleng?” 39 Joale Pauluse a re: “Ha e le hantle, ke Mojuda,+ oa Tarsase+ e Silisia, moahi oa motse o sa patehang. Kahoo kea u kōpa, ntumelle hore ke bue le sechaba.” 40 Ka mor’a hore a fane ka tumello, Pauluse, a eme litepising, a etsetsa sechaba pontšo+ ka letsoho. Ha khutso e khōlō e anela, a bua le sona ka puo ea Seheberu,+ a re: