Deuteronoma
23 “Ho se ke ha e-ba le monna ea faotsoeng+ ka ho pshatloa makoalata+ kapa ka ho pongoa setho sa hae sa botona ea ka kenang phuthehong ea Jehova.
2 “Ho se ke ha e-ba le mora oa matšeo+ ea ka kenang phuthehong ea Jehova. Esita le molokong oa leshome ho se ke ha e-ba le ea mong oa hae ea ka kenang phuthehong ea Jehova.
3 “Ho se ke ha e-ba le Moammone kapa Momoabe ea ka kenang phuthehong ea Jehova.+ Esita le molokong oa leshome ho se ke ha e-ba le ea mong oa bona ea ka kenang phuthehong ea Jehova ho isa nakong e sa lekanyetsoang, 4 ka lebaka la hore ha baa ka ba le phallela+ ka bohobe le metsi tseleng ha le tsoa Egepeta,+ le kahobane ba ile ba le hirela Balame mora oa Beore oa Pethore e Mesopotamia hore a le rohake.+ 5 Jehova Molimo oa hao ha aa ka a batla ho mamela Balame;+ empa Jehova Molimo oa hao o ile a fetola bomalimabe hore e be tlhohonolofatso+ molemong oa hao, kahobane Jehova Molimo oa hao a u ratile.+ 6 U se ke ua sebeletsa hore ba be le khotso le katleho ka matsatsi ’ohle a hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
7 “U se ke ua hloea Moedomo, etsoe ke mor’eno.+
“U se ke ua hloea Moegepeta, etsoe u bile mojaki naheng ea habo.+ 8 Bara bao ba ba tsoalloang molokong oa boraro ba ka tla phuthehong ea Jehova.
9 “Haeba u hloma liahelo hore u futuhele lira tsa hao, u boele u pheme ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe.+ 10 Haeba ho lōna ho e-ba le monna ea sa tsoeleng pele a hloekile, ka lebaka la tšilafalo e bang teng bosiu,+ a tsoele ka ntle ho liahelo. A se ke a kena ka har’a liahelo.+ 11 Mantsiboea o lokela ho itlhatsoa ka metsi, ’me ha letsatsi le likela a ka kena har’a liahelo.+ 12 U lokela ho ba le sebaka se ka thōko seo u tla se sebelisa ka ntle ho liahelo, ’me u ee ho sona. 13 U lokela ho sebelisa kepa hammoho le lisebelisoa tsa hao, ’me etlare ha u kotsama ka ntle, u tla boela u cheke sekoti ka eona ’me u retelehe u koahele mantle a hao.+ 14 Etsoe Jehova Molimo oa hao o tsamaea liahelong tsa hao ho u lopolla+ le ho tlohela lira tsa hao ho uena;+ ’me liahelo tsa hao li tla halalela,+ e le hore a se ke a bona letho le sa hlompheheng ho uena eaba ka sebele o tlohela ho tsamaea le uena.+
15 “U se ke ua nehelana ka lekhoba ho mong’a lōna ha le balehetse ho uena le tloha ho mong’a lona.+ 16 Le tla ’ne le lule le uena sebakeng leha e le sefe seo le se khethang ho o mong oa metse+ ea heno, kae kapa kae moo le ratang teng. U se ke ua le tšoara hampe.+
17 “Ho se ke ha e-ba le ea mong oa barali ba Iseraele ea fetohang letekatse la tempele,+ leha e le hore mang kapa mang oa bara ba Iseraele a fetohe letekatse la tempele.+ 18 U se ke ua tlisa moputso+ oa seotsoa kapa tefello ea ntja+ ka tlung ea Jehova Molimo oa hao bakeng sa boitlamo leha e le bofe, hobane ke ntho e manyala ho Jehova Molimo oa hao, ka bobeli ba tsona.
19 “U se ke ua lefisa mor’eno phaello,+ phaello ea chelete, phaello ea lijo,+ phaello ea ntho leha e le efe eo motho a ka batlang phaello ea eona. 20 U ka lefisa osele+ phaello, empa u se ke ua lefisa mor’eno phaello;+ e le hore Jehova Molimo oa hao a ka u hlohonolofatsa mosebetsing o mong le o mong naheng eo u il’o e rua.+
21 “Haeba u itlama ka boitlamo ho Jehova+ Molimo oa hao, u se ke ua lieha ho bo phetha,+ kahobane ruri Jehova Molimo oa hao o tla bo batla ho uena, ’me u tla be u entse sebe.+ 22 Empa haeba u hlōleha ho etsa boitlamo, u tla be u sa etsa sebe.+ 23 U boloke polelo ea molomo oa hao,+ ’me u etse feela joalokaha u itlamme ho Jehova Molimo oa hao e le nyehelo ea boithaopo eo u buileng ka eona ka molomo oa hao.+
24 “Haeba u kena serapeng sa morara sa oa heno, u je feela morara o lekaneng ho khotsofatsa moea oa hao, empa u se ke ua tšela leha e le ofe oa oona ka har’a ntho eo u tšelang ho eona.+
25 “Haeba u kena har’a lijo-thollo tse ntseng li le mahlakeng tsa oa heno, ka letsoho la hao u khe feela liqoapi tse butsoitseng, empa u se ke ua hela ka sekele lijo-thollo tsa oa heno tse ntseng li le mahlakeng.+