Deuteronoma
24 “Haeba monna a nka mosali ’me a mo rua hore e be mosali oa hae, etlare haeba a sa fumane kamohelo mahlong a hae kahobane a fumane ntho e sa hlompheheng ho eena,+ o tla mo ngolla lengolo la tlhalo+ ’me a le behe letsohong la hae ’me a mo bolelle hore a tlohe ntlong ea hae.+ 2 O tla tloha ntlong ea hae ’me e be oa monna e mong.+ 3 Haeba monna oa morao a mo hloea ’me a mo ngolla lengolo la tlhalo ’me a le beha letsohong la hae ’me a mo bolella hore a tlohe ntlong ea hae, kapa haeba monna oa morao ea mo nkang hore e be mosali oa hae a shoa, 4 mong’a hae oa pele ea ileng a mo bolella hore a tsamaee a ke ke a lumelloa hore a mo nke hape hore e be mosali oa hae ka mor’a hore a silafatsoe;+ etsoe seo ke ntho e manyala ka pel’a Jehova, ’me naha eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona e le lefa u se ke ua e isa sebeng.
5 “Haeba monna a nka mosali e mocha,+ ha aa lokela ho ea lebothong, kapa a imetsoe ka ntho leha e le efe e ’ngoe. A tsoele pele a lokolohile ka tlung ea hae ka selemo se le seng, ’me a thabise mosali eo a mo nkileng.+
6 “Ho se ke ha e-ba le ea nkang leloala la letsoho kapa tšiloana ea lona e le tebeletso,+ hobane o nka moea e le tebeletso.
7 “Haeba ho fumanoa monna ea koetelang+ moea oa barab’abo ba bara ba Iseraele, ’me a o tšoere ka mokhoa o hatellang ’me a o rekisitse,+ mokoeteli eo le eena a shoe. U tlose se sebe har’a lōna.+
8 “Itebele lefung la lepera+ ka hore u ele hloko ho etsa ho ea ka sohle seo baprista, Balevi, ba tla u laela sona.+ Feela joalokaha ke ba laetse, u hlokomele+ ho etsa joalo. 9 Ho lokela hore ho hopoloe seo Jehova Molimo oa hao a se entseng ho Miriame tseleng ha le tsoa Egepeta.+
10 “Haeba u alima oa heno kalimo ea mofuta leha e le ofe,+ u se ke ua kena ka tlung ea hae ho nka seo a se lebelelitseng.+ 11 U eme ka ntle, ’me motho eo u mo alimang o lokela ho tlisa tebeletso ho uena ka ntle. 12 Haeba motho a le khathatsong, u se ke ua robala u e-na le tebeletso+ ea hae. 13 Ruri u lokela ho khutlisetsa tebeletso ho eena hang ha letsatsi le likela,+ a robale ka seaparo sa hae,+ ’me o tla u hlohonolofatsa;+ ho tla bolela ho loka bakeng sa hao ka pel’a Jehova Molimo oa hao.+
14 “U se ke ua etsa bolotsana ho mosebetsi ea hiriloeng ea khathatsong le ea futsanehileng, ebang ke oa barab’eno kapa oa bajaki ba leng naheng ea heno, ka har’a liheke tsa hao.+ 15 U lokela ho mo fa moputso+ oa hae ka letsatsi la hae, letsatsi ha lea lokela ho o likella, kahobane o khathatsong ’me o phahamiselitse moea oa hae moputsong oa hae; e le hore a se ke a hoeletsa ho Jehova khahlanong le uena,+ ’me ea e-ba sebe ho uena.+
16 “Bo-ntate ha baa lokela ho bolaoa ka lebaka la bana, le bana ha baa lokela ho bolaoa ka lebaka la bo-ntate.+ E mong le e mong a bolaeloe sebe sa hae.+
17 “U se ke ua khopamisa kahlolo ea mojaki+ kapa ea moshanyana ea se nang ntate,+ ’me u se ke ua nka seaparo sa mohlolohali hore e be tebeletso.+ 18 U hopole hore u bile lekhoba Egepeta, ’me Jehova Molimo oa hao a u lopolla teng.+ Ke ka lebaka leo ke u laelang hore u etse ntho ena.
19 “Haeba u kotula tšimong ea hao,+ ’me u lebetse ngata tšimong, u se ke ua khutla ho ea e nka. E tla lula bakeng sa mojaki, bakeng sa moshanyana ea se nang ntate le bakeng sa mohlolohali;+ e le hore Jehova Molimo oa hao a ka u hlohonolofatsa mosebetsing o mong le o mong oa letsoho la hao.+
20 “Haeba u hlohlora sefate sa hao sa mohloaare, u se ke ua ea le makala a sona ha u se u qetile. O tla salla mojaki, moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali.+
21 “Haeba u bokella morara oa serapa sa hao sa morara, u se ke ua bokella masalla ha u se u qetile. A tla salla mojaki, moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali. 22 U hopole hore u bile lekhoba naheng ea Egepeta.+ Ke ka lebaka leo ke u laelang hore u etse ntho ena.+