Bafilipi
3 Qetellong, barab’eso, le tsoele pele le thabile Moreneng.+ Ho le ngolla lintho tse tšoanang ha ho nkhathatse, empa ke tšireletso ho lōna.
2 Hlokomelang lintja,+ le hlokomele basebetsi ba bobe, le hlokomele ba pomang nama.+ 3 Etsoe re na le lebollo la sebele,+ re etsa tšebeletso e halalelang ka moea oa Molimo+ ’me boithoriso ba rōna bo ho Kreste Jesu+ ’me kholiseho ea rōna ha e nameng,+ 4 le hoja ’na, ke fela ke e-na le mabaka a ho kholiseha le nameng.
Haeba motho leha e le ofe a nahana hore o na le mabaka a ho kholiseha ka nama, ke nahana hore ke joalo haholo:+ 5 ke le ea bololitsoeng ka letsatsi la borobeli,+ ke le ea tsoang lesikeng la lelapa la Iseraele, ke le oa moloko oa Benjamine,+ Moheberu ea tsoetsoeng ke Baheberu;+ mabapi le molao, ke le Mofarisi;+ 6 mabapi le cheseho, ke le ea hlorisang phutheho;+ mabapi le ho loka ho teng ka molao, ke le ea sa kang a tšoauoa phoso. 7 Empa leha ho le joalo lintho tseo e neng e le maruo ho ’na, ke li nkile e le tahlehelo ka lebaka la Kreste.+ 8 Ka lebaka leo, ka sebele ke hlile ke boetse ke nka lintho tsohle e le tahlehelo ka lebaka la bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu Morena oa ka.+ Ka lebaka la hae ke amohetse tahlehelo ea lintho tsohle ’me ke li nka e le lithōle+ tse ngata, e le hore nka rua Kreste 9 le hore ke fumanoe bonngoeng le eena, ke se na ho loka ho hlahisoang ke molao,+ empa ke na le ho loka ho teng ka tumelo+ ho Kreste, ho loka ho tsoang ho Molimo ka tumelo,+ 10 e le hore ke tsebe eena le matla a tsoho+ ea hae le ho ba le karolo litlhokofatsong+ tsa hae, ke ipeha tlas’a lefu le tšoanang le la hae,+ 11 ho bona haeba ka mokhoa leha e le ofe nka fihlela tsoho+ ea pejana bafung.
12 Eseng hore ke se ke o amohetse kapa ke se ke entsoe ea phethahetseng,+ empa ke phehella+ ho bona haeba le ’na nka boela ka tšoara+ seo le ’na ke se tšoaretsoeng+ ke Kreste Jesu. 13 Barab’eso, ha ke inke ke se ke o tšoere; empa ho na le ntho e le ’ngoe ka oona: Ha ke lebala lintho tse ka morao+ le ho hahamalla linthong tse ka pele,+ 14 ke phehella pakaneng+ bakeng sa moputso+ oa pitso+ ea holimo ea Molimo ka Kreste Jesu. 15 Joale, ho ea ka hore na ke ba bangata hakae ba rōna ba hōlileng ka ho feletseng,+ a re beng le boikutlo bona ba kelello;+ ’me haeba likelello tsa lōna li sekametse hosele tabeng leha e le efe, Molimo o tla le senolela boikutlo bo ka holimo. 16 Leha ho le joalo, ho ea bohōleng boo ho bona re hatetseng pele, a re tsoeleng pele re tsamaea ka ho laolehileng+ ka mokhoa ona o tšoanang.
17 Barab’eso, le be baetsisi+ ba ka le kopane, ’me le ’ne le hlokomele ba tsamaeang ka tsela e lumellanang le mohlala oo le nang le oona ho rōna.+ 18 Etsoe ho na le ba bangata, ke ne ke ba bolela hangata empa joale ke ba bolela le ka ho lla, ba tsamaeang e le lira tsa thupa ea tlhokofatso ea Kreste,+ 19 pheletso ea bona ke timetso,+ ’me molimo oa bona ke limpa+ tsa bona, khanya ea bona ke lihlong tsa bona,+ ’me likelello tsa bona li linthong tse lefatšeng.+ 20 Ha e le rōna, boahi+ ba rōna bo teng maholimong,+ e leng sebaka seo ho sona ka tabatabelo re boetseng re letetseng+ mopholosi, Morena Jesu Kreste,+ 21 ea tla fetola ’mele ea rōna e kokobelitsoeng+ hore e lumellane le ’mele oa hae o khanyang+ ho ea ka tšebetso+ ea matla ao a nang le ’ona, esita le ho beha lintho tsohle tlas’a+ hae.