1 Bathesalonika
3 Kahoo, ha re se re sa khone ho mamella, re ile ra bona ho le molemo hore re sale re le bang Athene;+ 2 eaba re roma Timothea,+ mor’abo rōna le mosebeletsi oa Molimo litabeng tse molemo+ tse mabapi le Kreste, e le ho le tiisa le ho le tšelisa bakeng sa tumelo ea lōna, 3 e le hore ho se ke ha e-ba le ea ka sisinngoang ke matšoenyeho ana.+ Etsoe lea tseba hore re behetsoe ntho+ eona ena. 4 Hape, ha e le hantle, ha re ne re e-na le lōna, re ne re ee re le bolelle esale pele+ hore re ne re reretsoe ho utloisoa bohloko ke matšoenyeho,+ feela joalokaha ho boetse ho etsahetse le joalokaha le tseba.+ 5 Ke ka lebaka leo, ha ke se ke sa khone ho mamella, ke ileng ka romeletsa hore ke tsebe ka botšepehi+ ba lōna, kaha mohlomong ka tsela e itseng e ka ’na eaba Moleki+ o le lekile, ’me e ka ’na eaba mosebetsi oa rōna o fetohile oa lefeela.+
6 Empa Timothea o sa tsoa fihla ho rōna a tsoa ho lōna+ ’me o re file litaba tse molemo mabapi le botšepehi ba lōna le lerato+ la lōna, le hore le tsoela pele ho re hopola hamolemo kamehla, le hlolohetsoe ho re bona ka tsela e tšoanang, joalokaha le rōna re hlolohetsoe ho le bona.+ 7 Ke ka lebaka leo, barab’eso, re tšelisehileng+ ka lōna ho hlokeng hohle ha rōna le matšoenyehong ’ohle a rōna ka botšepehi boo le bo bontšang,+ 8 hobane joale rea phela haeba le ema le tiile Moreneng.+ 9 Etsoe ke liteboho life tseo re ka fanang ka tsona ho Molimo malebana le lōna e le puseletso bakeng sa thabo eohle eo re thabang+ ka eona ka lebaka la lōna ka pel’a Molimo oa rōna, 10 ha bosiu le motšehare re ntse re etsa lithapeli+ tse fetang tse tloaelehileng hore re bone lifahleho tsa lōna le ho lokisa lintho tse haellang mabapi le tumelo ea lōna?+
11 Joale e se eka Molimo le Ntate oa rōna le Morena oa rōna Jesu+ ba ka tsamaisa ka katleho tsela ea rōna e tlang ho lōna. 12 Ho feta moo, e se eka Morena a ka etsa hore le hōle,+ e, a etsa hore le ateloe, ho bontšaneng lerato+ le ho bohle, esita le joalokaha le rōna re etsa joalo ho lōna; 13 e le hore a ka tiisa lipelo tsa lōna, tse ke keng tsa tšoauoa phoso+ khalalelong ka pel’a Molimo le Ntate oa rōna ho beng teng+ ha Morena oa rōna Jesu le bahalaleli bohle ba hae.+