1 Bathesalonika
4 Qetellong, barab’eso, rea le kōpa le ho le eletsa ka Morena Jesu, feela joalokaha le ile la amohela taelo ho rōna ea kamoo le tšoanelang ho tsamaea+ le ho khahlisa Molimo, feela joalokaha ka sebele le tsamaea, hore le ’ne le ho etse ka botlalo haholo.+ 2 Etsoe le tseba litaelo+ tseo re ileng ra le fa tsona ka Morena Jesu.
3 Etsoe sena ke seo Molimo a se ratang, hore le halaletsoe,+ hore le ile bohlola;+ 4 hore e mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana+ sa hae khalaletsong+ le tlhomphong, 5 eseng takatsong ea botona kapa ea botšehali+ e chachehisang ka mohono e kang eo le lichaba+ tseo tse sa tsebeng Molimo+ li nang le eona; 6 hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea eang ntlheng ea ho ntša kotsi le ho nyonyobela litokelo tsa mor’abo tabeng ena,+ hobane Jehova ke eena ea batlang hore ho fanoe ka kotlo bakeng sa lintho tsena kaofela,+ feela joalokaha re ile ra le bolella esale pele ’me hape ra le fa bopaki bo phethahetseng.+ 7 Etsoe Molimo ha aa re bitsa ka tumello ea ho se hloeke, empa o re bitsitse mabapi le khalaletso.+ 8 Kahoo, joale, motho ea bontšang ho hlokomoloha+ ha a hlokomolohe motho, empa o hlokomoloha Molimo,+ ea kenyang moea oa hae o halalelang+ ho lōna.
9 Leha ho le joalo, mabapi le lerato la bara ba motho,+ ha le hloke hore re le ngolle, kaha le rutoa ke Molimo+ ho ratana;+ 10 ha e le hantle, le ho etsa ho barab’abo rōna bohle Macedonia eohle. Empa rea le eletsa, barab’eso, hore le tsoele pele ho ho etsa ka tekanyo e tletseng haholo, 11 le hore sepheo sa lōna e be ho phela ka khutso+ le ho hlokomela litaba+ tsa lōna le ho sebetsa ka matsoho a lōna,+ feela joalokaha re ile ra le laela; 12 e le hore le ka tsamaea ka mokhoa o hlomphehang+ mabapi le batho ba ka ntle+ ’me le se ke la hloka letho.+
13 Ho feta moo, barab’eso, ha re batle hore le hloke tsebo malebana le ba robalang+ lefung; e le hore le se ke la sareloa feela joalokaha ba bang kaofela ba se nang tšepo+ le bona ba sareloa. 14 Etsoe haeba tumelo ea rōna ke hore Jesu o ile a shoa eaba o tsoha hape,+ kahoo, hape, ba robetseng lefung ka Jesu Molimo o tla ba tlisa hammoho le eena.+ 15 Etsoe sena ke seo re le bolellang sona ka lentsoe la Jehova,+ hore rōna ba phelang ba ntseng ba setse ho fihlela ho beng teng ha Morena+ ka tsela leha e le efe re ke ke ra raka ba robetseng lefung; 16 hobane Morena o tla theoha leholimong+ ka mohoo o laelang, ka lentsoe la lengeloi le ka sehloohong+ le ka terompeta ea Molimo,+ ’me ba shoeleng bonngoeng le Kreste ba tla tsoha pele.+ 17 Ka mor’a moo rōna ba phelang ba ntseng ba setse, hammoho le bona,+ re tla nkeloa+ marung+ ho ea kopana+ le Morena moeeng; ka tsela ena re tla ba le Morena+ kamehla. 18 Ka lebaka leo le ’ne le tšelisane ka mantsoe ana.