Tšenolo
21 Ka bona leholimo le lecha+ le lefatše le lecha;+ etsoe leholimo la pele+ le lefatše la pele+ li ne li fetile, ’me leoatle+ ha le sa le eo. 2 Ka bona le motse o halalelang,+ Jerusalema e Mocha, o theoha leholimong+ ho Molimo ’me o lokisitsoe joaloka monyaluoa+ ea khabileng bakeng sa monna oa hae.+ 3 Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: “Bonang! Tente+ ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula+ le bona, ’me e tla ba batho ba hae.+ Molimo o tla ba le bona.+ 4 O tla hlakola meokho+ eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng,+ ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.+ Lintho tsa pele li fetile.”+
5 Ea lutseng teroneng+ a re: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.”+ Hape, o re: “Ngola, hobane mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.” 6 A re ho ’na: “Li etsahetse! Ke ’na Alfa le Omega, qalo le qetello.+ Mang kapa mang ea nyoriloeng ke tla mo fa ho tsoa selibeng sa metsi a bophelo ntle ho tefo.+ 7 Mang kapa mang ea hlōlang o tla rua lintho tsena, ’me ke tla ba Molimo+ oa hae ’me eena e tla ba mora oa ka.+ 8 Empa ha e le makoala le ba se nang tumelo+ le ba nyonyehang litšileng+ tsa bona le babolai+ le lihlola+ le ba sebelisanang le meea le barapeli ba litšoantšo+ le bohle ba leshano,+ kabelo ea bona e tla ba ka letšeng le tukang mollo+ le sebabole.+ Sena se bolela lefu la bobeli.”+
9 Ha tla le leng la mangeloi a supileng a neng a e-na le likotlolo tse supileng tse neng li tletse likotlo+ tse supileng tsa ho qetela, eaba le bua le ’na le re: “Tloo mona, ke tla u bontša monyaluoa, mosali oa Konyana.”+ 10 Kahoo la nkuka ka matla a moea la nkisa thabeng+ e khōlō le e phahameng, ’me la mpontša motse o halalelang+ Jerusalema o theoha leholimong ho Molimo+ 11 ’me o e-na le khanya ea Molimo.+ Ho phatsima ha oona ho ne ho le joaloka lejoe la bohlokoa ka ho fetisisa, joaloka lejoe la jaspere le benyang ka ho hlaka joaloka kristale.+ 12 O ne o e-na le lerako+ le leholo le le phahameng ’me o ne o e-na le liheke tse leshome le metso e ’meli, le mangeloi a leshome le metso e ’meli lihekeng, ’me ho ne ho ngotsoe mabitso a meloko e leshome le metso e ’meli ea bara ba Iseraele.+ 13 Ka bochabela ho ne ho e-na le liheke tse tharo, ’me ka leboea ho e-na le liheke tse tharo, ’me ka boroa ho e-na le liheke tse tharo, ’me ka bophirimela ho e-na le liheke tse tharo.+ 14 Lerako la motse le lona le ne le e-na le majoe a motheo+ a leshome le metso e ’meli, ’me ho ’ona ho ne ho e-na le mabitso a leshome le metso e ’meli a baapostola+ ba leshome le metso e ’meli ba Konyana.
15 Joale ea neng a bua le ’na o ne a tšoere lehlaka+ la khauta e le ntho eo a lekanyang ka eona, e le hore a ka lekanya motse le liheke tsa oona le lerako la oona.+ 16 Motse oa lekana ka mahlakoreng a mane, ’me bolelele ba oona bo bokaalo ka bophara ba oona ka boholo. A lekanya motse+ ka lehlaka, listadia tse likete tse leshome le metso e ’meli; bolelele le bophara le bophahamo ba oona lia lekana. 17 Hape, a lekanya lerako la oona, litsoe tse lekholo le mashome a mane a metso e mene, ho ea ka tekanyo ea motho, ka nako e tšoanang e le ea lengeloi. 18 Joale mohaho oa lerako la oona e ne e le jaspere,+ ’me motse e ne e le khauta e hloekileng joaloka khalase e hlakileng. 19 Metheo+ ea lerako la motse e ne e khabisitsoe ka lejoe la bohlokoa+ la mofuta o mong le o mong: motheo oa pele e ne e le jaspere,+ oa bobeli e le safire,+ oa boraro e le kalsedone, oa bone e le emeralde,+ 20 oa bohlano e le sardonyxe, oa botšelela e le sardiase, oa bosupa e le krysolite,+ oa borobeli e le beryle, oa borobong e le topaze,+ oa leshome e le krysoprase, oa leshome le motso o mong e le hyasinthe, oa leshome le metso e ’meli e le amethyste.+ 21 Hape, liheke tse leshome le metso e ’meli e ne e le liperela tse leshome le metso e ’meli; e ’ngoe le e ’ngoe ea liheke tseo e ne e entsoe ka perela e le ’ngoe.+ Tsela e sephara ea motse e ne e le khauta e hloekileng, e le joaloka khalase e bonaletsang.
22 Ha kea ka ka bona tempele ho oona,+ kaha Jehova+ Molimo ea Matla ’Ohle+ ke tempele ea oona,+ le Konyana ke eona.+ 23 Motse ha o hloke letsatsi kapa khoeli ho o khantšetsa, kaha khanya ea Molimo e ne e o bonesitse,+ ’me lebone la oona e ne e le Konyana.+ 24 Lichaba li tla tsamaea ka leseli la oona,+ ’me marena a lefatše a tla tlisa khanya ea ’ona ka ho oona.+ 25 Liheke tsa oona li ke ke tsa koaloa ho hang motšehare,+ kaha bosiu bo ke ke ba e-ba teng moo.+ 26 Li tla tlisa khanya le tlhompho ea lichaba ka ho oona.+ 27 Empa ntho leha e le efe e sa halaleleng le mang kapa mang ea tsoelang pele ka ntho e nyonyehang+ le leshano+ li ke ke tsa kena ho oona ka tsela leha e le efe;+ ho tla kena feela ba ngotsoeng moqolong oa bophelo oa Konyana.+