1 Samuele
5 Ha e le Bafilista, ba ile ba nka areka+ ea Molimo oa ’nete joale ba e tlosa Ebenezere ba e tlisa Ashdode.+ 2 Bafilista ba nka areka ea Molimo oa ’nete ba e tlisa ka tlung ea Dagone ’me ba e beha ka thōko ho Dagone.+ 3 Joale Baashdode ba tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang, ’me bonang! Dagone o ne a oetse fatše ka sefahleho ka pel’a areka ea Jehova.+ Kahoo ba nka Dagone ’me ba mo khutlisetsa sebakeng sa hae.+ 4 Ha ba tsoha hoseng letsatsi ka mor’a moo, bonang! Dagone o ne a oetse fatše ka sefahleho ka pel’a areka ea Jehova, ’me Dagone o ne a pomehile hlooho le liatla tsa matsoho ka bobeli, monyako.+ Ho ne ho setse karolo ea tlhapi feela ho eena. 5 Ke ka lebaka leo baprista ba Dagone le bohle ba kenang ka tlung ea Dagone ba sa hateng monyako oa Dagone Ashdode ho fihlela letsatsing lena.
6 Letsoho la Jehova+ la e-ba boima holim ’a Baashdode, eaba o qala ho baka tšabo ’me o ba otla ka ho ruruha ha methapo ea ka morao,+ ke hore, Ashdode le libaka tsa eona. 7 Banna ba Ashdode ba bona hore ho joalo, eaba ba re: “Areka ea Molimo oa Iseraele e se ke ea lula le rōna, hobane letsoho la hae le bile boima ho rōna le ho molimo oa rōna Dagone.”+ 8 Ka lebaka leo ba romeletsa ’me ba bokella marena ’ohle a selekane a Bafilista ho bona ’me ba re: “Re tla etsa’ng ka areka ea Molimo oa Iseraele?” Qetellong ba re: “Areka ea Molimo oa Iseraele e ke e isoe nģ’a Gathe.”+ Kahoo ba tlisa areka ea Molimo oa Iseraele moo.
9 Eitse ka mor’a hore ba e tlise moo, letsoho la Jehova+ la e-ba holim ’a motse oo ka pherekano e khōlō haholo, ’me a qala ho otla batho ba motse, ho tloha ho ba banyenyane ho isa ho ba baholo, ’me ba qala ho ruruha methapo ea ka morao.+ 10 Kahoo ba romela areka ea Molimo oa ’nete Ekrone.+ Eitse hang ha areka ea Molimo oa ’nete e fihla Ekrone, Baekrone ba qala ho hoeletsa, ba re: “Ba tlisitse areka ea Molimo oa Iseraele ho ’na hore ba bolaee ’na le sechaba sa ka!”+ 11 Ka lebaka leo ba romeletsa ’me ba bokella marena ’ohle a selekane a Bafilista ’me ba re: “Tsamaisang areka ea Molimo oa Iseraele e le hore e ka khutlela sebakeng sa eona ’me e se ke ea bolaea ’na le sechaba sa ka.” Etsoe ho ne ho bile le pherekano e bolaeang motseng oohle;+ letsoho la Molimo oa ’nete le ne le bile boima haholo moo,+ 12 ’me batho ba neng ba sa shoa ba ne ba otliloe ka ho ruruha ha methapo ea ka morao.+ Mohoo+ o kōpang thuso oa motse oo oa ’na oa nyolohela maholimong.