Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 5
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 1 Samuele

      • Areka e naheng ea Bafilista (1-12)

        • Dagone oa tlotlolloa (1-5)

        • Bafilista ba fuoa kotlo e boima (6-12)

1 Samuele 5:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 4:11

1 Samuele 5:2

Linaletsana

  • *

    Kapa: “tempeleng.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 16:23; 1Kr 10:8-10

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    7/15/2003, leq. 25

1 Samuele 5:3

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 12:12; 1Kr 16:26; Ps 97:7
  • +Esa 46:6, 7

1 Samuele 5:4

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Ke Dagone Feela.”

1 Samuele 5:6

Linaletsana

  • *

    Methapo ea ka morao moo ho tsoang mantle.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 6:5, 6

1 Samuele 5:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 17:4

1 Samuele 5:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 5:6

1 Samuele 5:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jos 15:20, 45; 2Ma 1:2; Amo 1:8
  • +1Sa 5:7

1 Samuele 5:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 5:6, 9

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

1 Sam. 5:11Sa 4:11
1 Sam. 5:2Bhl 16:23; 1Kr 10:8-10
1 Sam. 5:3Ex 12:12; 1Kr 16:26; Ps 97:7
1 Sam. 5:3Esa 46:6, 7
1 Sam. 5:61Sa 6:5, 6
1 Sam. 5:81Sa 17:4
1 Sam. 5:91Sa 5:6
1 Sam. 5:10Jos 15:20, 45; 2Ma 1:2; Amo 1:8
1 Sam. 5:101Sa 5:7
1 Sam. 5:111Sa 5:6, 9
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Samuele 5:1-12

Buka ea Pele ea Samuele

5 Ha Bafilista ba hapa Areka+ ea Molimo oa ’nete, ba ile ba e tlosa Ebenezere ba e tlisa Ashdode. 2 Bafilista ba ile ba nka Areka ea Molimo oa ’nete ba e tlisa ka tlung* ea molimo oa bona Dagone ’me ba e beha ka thoko ho Dagone.+ 3 Ha Baashdode ba tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang, ba fumana Dagone a oetse fatše ka sefahleho ka pel’a Areka ea Jehova.+ Kahoo, ba nka Dagone ’me ba mo khutlisetsa sebakeng sa hae.+ 4 Ha ba tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang, ba fumana Dagone a oetse fatše ka sefahleho ka pel’a Areka ea Jehova. Hlooho ea Dagone le matsoho a hae ka bobeli a ne a khaohile ’me a oetse fatše ka pel’a monyako. Ke karolo ea tlhapi feela* e neng e sa pomeha. 5 Ke ka lebaka leo baprista ba Dagone le bohle ba kenang ka tlung ea Dagone ba sa hateng monyako oa Dagone Ashdode ho fihlela letsatsing lena.

6 Jehova a fa Baashdode kotlo e boima ’me a etsa hore batho ba lulang Ashdode le metseng e haufi le eona ba ruruhe methapo ea ka morao.*+ 7 Ha banna ba Ashdode ba bona se neng se etsahala ba re: “Tlosang Areka ea Molimo oa Iseraele ho rona hobane o re file kotlo e boima hammoho le molimo oa rona Dagone.” 8 Ba bitsa marena ’ohle a Bafilista ’me ba a bokella ba re ho ’ona: “Re etse’ng ka Areka ea Molimo oa Iseraele?” Ba araba ba re: “Isang Areka ea Molimo oa Iseraele Gathe.”+ Kahoo, ba isa Areka ea Molimo oa Iseraele moo.

9 Ka mor’a hore ba e ise moo, Jehova a halefela motse oo ’me a etsa hore batho ba moo ba tšohe haholo. A etsa hore batho ba motse oo, ba baholo le ba banyenyane ba ruruhe methapo ea ka morao.+ 10 Kahoo, ba isa Areka ea Molimo oa ’nete Ekrone+ empa hang ha Areka ea Molimo oa ’nete e fihla Ekrone, Baekrone ba hoeletsa, ba re: “Ba tlisitse Areka ea Molimo oa Iseraele ho rona hore ba re bolaee hammoho le sechaba sa rona.”+ 11 Eaba ba bitsa marena ’ohle a Bafilista, baa bokella ba re: “Tsamaisang Areka ea Molimo oa Iseraele. E khutlisetseng sebakeng sa eona e le hore rona le sechaba sa rona re se ke ra shoa.” Batho bohle motseng ba ne ba tšohile hore ba tl’o shoa hobane Molimo oa ’nete o ne a ba file kotlo e boima+ 12 ’me batho ba neng ba sa shoa ba ne ba otliloe ka ho ruruha ha methapo ea ka morao. Sello sa baahi bohle ba motse sa nyolohela maholimong.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela