1 Samuele
6 Areka+ ea Jehova ea e-ba naheng ea Bafilista ka likhoeli tse supileng. 2 Bafilista ba bitsa baprista le linohe,+ ba re: “Re tla etsa’ng ka areka ea Jehova? Re tsebiseng hore na re tla e tsamaisa ka eng ho e isa sebakeng sa eona.” 3 Eaba ba re: “Haeba le tsamaisa areka ea Molimo oa Iseraele, le se ke la e tsamaisa ntle ho nyehelo, etsoe ruri le lokela ho khutlisetsa ho eena nyehelo ea molato.+ Joale ke hona le tla fola, ’me le tla tseba hore na ke hobane’ng ha letsoho la hae le ne le sa tlohe ho lōna.” 4 Eaba ba re: “Nyehelo ea molato eo re tšoanelang ho e khutlisetsa ho eena ke eng?” Joale ba re: “Ho ea ka palo ea marena a selekane+ a Bafilista, methapo ea ka morao e ruruhileng ea khauta e mehlano le litali tsa khauta tse hlano, etsoe e mong le e mong oa lōna le marena a lōna a selekane o na le lefu la seoa le tšoanang. 5 Le etse litšoantšo tsa methapo ea lōna ea ka morao e ruruhileng le litšoantšo tsa litali+ tsa lōna tse senyang naha, ’me le tlotlise+ Molimo oa Iseraele. Mohlomong o tla fokotsa boima ba letsoho la hae ho lōna le ho molimo oa lōna le naheng ea lōna.+ 6 Hape, ke hobane’ng ha le etsa hore lipelo tsa lōna li se ke tsa arabela feela ka tsela eo ka eona Baegepeta le Faro ba ileng ba etsa hore lipelo tsa bona li se ke tsa arabela?+ Na ha ea ka ea e-ba hang ha A sebetsana le bona ka thata+ ba ileng ba qala ho re ba tsamaee, ’me ba tsamaea?+ 7 Joale nkang ’me le etse koloi e ncha,+ le likhomo tse peli tse anyesang, tse e-s’o jare joko,+ ’me le pane likhomo tseo koloing, ’me le khutlisetse manamane a tsona hae hore a se ke a li latela. 8 Le nke areka ea Jehova le e behe koloing, ’me lintho tsa khauta+ tseo le tla li khutlisetsa ho eena e le nyehelo ea molato+ le li tšele ka lebokoseng lehlakoreng la eona. Le e tsamaise, ’me e tla ea. 9 Le talime: haeba e nyoloha ka tsela e eang sebakeng sa eona, e eang Bethe-shemeshe,+ ke eena ea entseng bobe bona bo boholo ho rōna; empa haeba ho se joalo, re tla tseba hore e ne e se letsoho la hae le re amileng; e ne e le kotsi+ e re etsahaletseng.”
10 Banna bao ba etsa tumellanong le seo. Kahoo ba nka likhomo tse peli tse anyesang ’me ba li pana koloing, ’me ba koalla manamane a tsona hae. 11 Joale ba beha areka ea Jehova koloing,+ le lebokose le litali tsa khauta le litšoantšo tsa methapo ea bona ea ka morao e ruruhileng. 12 Likhomo tsa qala ho tsamaea li lebile pele tseleng e eang Bethe-shemeshe.+ Tsa tsamaea tseleng e le ’ngoe e khōlō, li ntse li lla ha li tsamaea, ’me ha lia ka tsa khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali. Ka nako eo eohle marena a selekane+ a Bafilista a ne a ntse a tsamaea ka mor’a tsona ho ea fihla moeling oa Bethe-shemeshe. 13 Batho ba Bethe-shemeshe ba ne ba kotula koro+ khohlong. Ha ba phahamisa mahlo ’me ba bona Areka, ba thaba ha ba e bona. 14 Koloi ea fihla tšimong ea Joshua Mobethe-shemeshe ’me ea ’na ea ema moo ho neng ho e-na le lejoe le leholo. Ba qala ho ratha lehong la koloi eo, ’me ba nyehela likhomo+ tseo ho Jehova e le nyehelo ea secheso.+
15 Balevi+ ba theola areka ea Jehova le lebokose le neng le e-na le eona, leo lintho tsa khauta li neng li le ka har’a lona, ’me ba e beha holim ’a lejoe le leholo. Batho ba Bethe-shemeshe,+ ba nyehela linyehelo tsa secheso, ’me ba tsoela pele ho etsetsa Jehova mahlabelo letsatsing leo.
16 Marena a mahlano a selekane+ a Bafilista a bona seo eaba a khutlela Ekrone letsatsing leo. 17 Joale ena ke methapo ea khauta ea ka morao e ruruhileng eo Bafilista ba ileng ba e khutlisa e le nyehelo ea molato ho Jehova:+ o le mong bakeng sa Ashdode,+ o le mong bakeng sa Gaza,+ o le mong bakeng sa Ashkelone,+ o le mong bakeng sa Gathe,+ o le mong bakeng sa Ekrone.+ 18 Litali tsa khauta li ne li lekana le palo ea metse eohle ea Bafilista eo e neng e le ea marena a mahlano a selekane, ho tloha motseng o etselitsoeng qhobosheane ho ea motsaneng oa naha e sabaletseng.
Lejoe le leholo leo ba ileng ba beha areka ea Jehova holim ’a lona ke bopaki ho fihlela letsatsing lena naheng ea Joshua Mobethe-shemeshe. 19 A qala ho bolaea batho ba Bethe-shemeshe,+ hobane ba ne ba talimile areka ea Jehova. Kahoo a bolaea har’a sechaba banna ba mashome a supileng—banna ba likete tse mashome a mahlano—’me sechaba sa qala ho siama kahobane Jehova o ne a bolaile sechaba ka polao e khōlō.+ 20 Ho ekelletsa moo, batho ba Bethe-shemeshe ba re: “Ke mang ea tla khona ho ema ka pel’a Jehova Molimo eo ea halalelang,+ ’me o tla ikhula ho rōna a ee ho mang?”+ 21 Qetellong ba romela manģosa ho baahi ba Kiriathe-jearime,+ ba re: “Bafilista ba khutlisitse areka ea Jehova. Theohang. Le e nyollele ho lōna.”+