1 Samuele
7 Ka lebaka leo batho ba Kiriathe-jearime+ ba tla eaba ba nyolla areka ea Jehova ’me ba e isa ka tlung ea Abinadabe+ leralleng, ’me mora oa hae Eleazare ke eena eo ba ileng ba mo halaletsa hore a lebele areka ea Jehova.
2 Eitse ho tloha letsatsing la ho lula ha Areka Kiriathe-jearime matsatsi a ’na a ata, hoo e ileng ea e-ba lilemo tse mashome a mabeli, ’me bohle ba ntlo ea Iseraele ba qala ho llela Jehova.+ 3 Samuele a re ho bohle ba ntlo ea Iseraele: “Haeba le khutlela ho Jehova ka lipelo tsohle tsa lōna,+ lahlang melimo esele har’a lōna+ le litšoantšo tsa Ashtorethe,+ le lebise lipelo tsa lōna ho Jehova ka mokhoa o sa kheloheng le sebeletse eena feela,+ ’me o tla le lopolla matsohong a Bafilista.”+ 4 Bara ba Iseraele ba lahla bo-Baale+ le litšoantšo tsa Ashtorethe+ ’me ba qala ho sebeletsa Jehova feela.
5 Joale Samuele a re: “Bokellang Baiseraele+ bohle Mizpa,+ e le hore nka rapela+ Jehova molemong oa lōna.” 6 Kahoo ba phutheha Mizpa, ’me ba qala ho kha metsi eaba ba a tšolla ka pel’a Jehova ’me ba itima lijo letsatsing leo.+ Ba qala ho re moo: “Re sitetsoe Jehova.”+ Samuele a qala ho ahlola+ bara ba Iseraele Mizpa.
7 Bafilista ba utloa hore bara ba Iseraele ba ne ba phuthehile Mizpa, ’me marena a selekane+ a Bafilista a futuhela Baiseraele. Ha bara ba Iseraele ba utloa ka hona, ba qala ho tšoha ka lebaka la Bafilista.+ 8 Kahoo bara ba Iseraele ba re ho Samuele: “U se ke ua khutsa ho hoeletsa ho kōpa thuso molemong oa rōna ho Jehova Molimo oa rōna,+ e le hore a ka re pholosa matsohong a Bafilista.” 9 Joale Samuele a nka konyana e anyang ’me a e nyehela e le nyehelo ea secheso, nyehelo e feletseng,+ ho Jehova; Samuele a qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso molemong oa Baiseraele,+ ’me Jehova a mo araba.+ 10 Eitse ha Samuele a ntse a nyehela nyehelo ea secheso, Bafilista ba atamela bakeng sa ho loantša Baiseraele. Joale Jehova a etsa hore ho be le sealuma se lerata le phahameng+ letsatsing leo khahlanong le Bafilista, e le hore a ka ba ferekanya;+ ba hlōloa ka pel’a Baiseraele.+ 11 Banna ba Iseraele ba khoroha ho tloha Mizpa ’me ba lelekisa Bafilista ’me ba ’na ba ba bolaea ho ea fihla ka boroa ho Bethe-kare. 12 Joale Samuele a nka lejoe+ a le beha pakeng tsa Mizpa le Jeshana eaba o qala ho le reha lebitso la Ebenezere. Ka lebaka leo a re: “Ho fihlela joale Jehova o re thusitse.”+ 13 Kahoo Bafilista ba hlōloa, ’me ha baa ka ba hlola ba tla naheng ea Iseraele;+ letsoho la Jehova la tsoela pele ho ba khahlanong le Bafilista ka matsatsi ’ohle a Samuele.+ 14 Metse eo Bafilista ba neng ba e nkile ho Baiseraele ea ’na ea khutlela ho Baiseraele ho tloha Ekrone ho ea Gathe, ’me Baiseraele ba lopolla naha ea bona matsohong a Bafilista.
Ha e-ba le khotso pakeng tsa Baiseraele le Baamore.+
15 Samuele a ’na a ahlola Baiseraele ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.+ 16 O ne a tsamaea selemo le selemo ’me a potoloha Bethele+ le Gilgale+ le Mizpa+ ’me a ahlola Baiseraele+ libakeng tsena tsohle. 17 Empa a khutlela Rama,+ hobane ke moo ntlo ea hae e neng e le hona teng, ’me o ne a ahlola Baiseraele moo. A hahela Jehova aletare moo.+